Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/14 maq. 5-6
  • Tsela ea ho Thusa Batho ba sa Tsebeng ho Bala Hantle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela ea ho Thusa Batho ba sa Tsebeng ho Bala Hantle
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ruta ba sa Tsebeng ho Bala Hantle
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • U ka Thusa Lithuto Joang Hore li Qetelle li Kolobelitsoe?​—Karolo ea Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Thusa ba Bang ho Mamela Seo Bibele e se Rutang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Ikitlaelletse ho Bala
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
km 6/14 maq. 5-6

Tsela ea ho Thusa Batho ba sa Tsebeng ho Bala Hantle

1. Ho ithuta Bibele le batho ba sa tsebeng ho bala hantle ho na le mathata afe?

1 Batho ba sa tsebeng ho bala hantle ba ka ’na ba rata ho ithuta ka Molimo empa ba ikutloa ba tšaba ho bala Bibele le libuka tse ling. Mohoeletsi a ka ’na a se ke a atleha haeba a fa batho ba joalo buka ea Seo Bibele e se Rutang li sa tloha feela. Re ka ba thusa joang ho ithuta ka Molimo? Re ile ra botsa bahoeletsi ba nang le boiphihlelo linaheng tse fetang 20 hore na ba ee ba etse joang. Ba fane ka litlhahiso tse latelang.

2. Ke lingoliloeng life tse ka thusang motho ea sa tsebeng ho bala hantle?

2 Haeba motho a sa tsebe ho bala hantle kapa a sa tsebe ho bala ho hang, u ka qala ka bukana ea Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng. Pula-maliboho e mong oa United States o bontša motho libukana tsena ebe o mo botsa hore na a ka ithuta le eena ka efe. Ofisi ea lekala ea Kenya e re libukana tsena li thusa haholo naheng eo hobane ka tloaelo batho ba Afrika ba rutoa ka hore ba pheteloe lipale eseng ka lipotso le likarabo. Le hoja ho le bonolo hore motho ea rutehileng a lumele ho ithuta ka lipotso le likarabo, ho motho ea sa rutehang, mokhoa oo o ka etsa hore a se ke a phutholoha. Haeba seithuti se sa tsebe ho bala hantle, bahoeletsi ba bangata ba ee ba qale ka bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo! kapa U ka ba Motsoalle oa Molimo! kapa Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele.

3. Re lokela ho tseba eng ka batho ba sa tsebeng ho bala e le hore re ba rute ka tsela e atlehang?

3 Ba Babatseng: Batho ba sa tsebeng ho bala ba ka ’na ba e-ba lihlong, ’me ba bangata baa ikhalala. Bohato ba pele ha ba rutoa ’nete ke ho etsa hore ba phutholohe. Batho ba bangata ba sa tsebeng ho bala ba bohlale ’me ba na le bokhoni ba ho ithuta. Ba hlomphe, ’me u ba siele seriti. (1 Pet. 3:15) Ba tla ikemisetsa ho ithuta ha ba bona hore seo ba ithutang sona se ba tsoela molemo le hore ba hatela pele moeeng. Kahoo ba babatseng.

Batho ba sa tsebeng ho bala ba ka ’na ba e-ba lihlong, ’me ba bangata baa ikhalala. Bohato ba pele ha ba rutoa ’nete ke ho etsa hore ba phutholohe

4. Re ka khothalletsa batho ba sa tsebeng ho bala hantle joang hore ba lokisetse?

4 Le haeba seithuti se sa tsebe ho bala hantle, se khothalletse ho lokisetsa. Bahoeletsi ba bang ba Afrika Boroa ba khothalletsa liithuti ho kōpa thuso ho litho tsa lelapa kapa metsoalle e tsebang ho bala. Mohoeletsi e mong oa Brithani o khothalletsa liithuti tsa hae ho lokisetsa ka ho li fa buka ea hae hore li shebe likarabo tsa lirapa tse seng kae tse qalang e le hore li bone hore na ho bonolo hakae ho fumana likarabo ha motho a li tšoaile. Mora e mong oabo rōna oa India o khothalletsa liithuti tsa hae hore li shebe litšoantšo tsa thuto ea beke e latelang le hore li thuise ka tsona esale pele.

5. Re ka bontša joang hore ha re fele pelo ha re khanna thuto?

5 U se ke Ua Fela Pelo: Ho sa tsotellehe hore na u sebelisa sengoliloeng sefe, totobatsa lintlha tsa sehlooho, ’me u thuse seithuti hore se li utloisise hantle. Makhetlo a seng makae a qalang, u ka nka metsotso e 10 ho isa ho e 15. U se ke ua bala lirapa tse ngata lekhetlo ka leng. U se ke ua fela pelo ha seithuti se peleta. Ho ka etsahala hore se khothalle ho bala ha se ntse se tsoela pele ho rata Jehova. E le hore u se thuse ho tsoela pele, ho molemo hore ho tloha qalong feela, u se memele ho tla libokeng.

6. Re ka thusa batho joang hore ba ithute ho bala?

6 Ha liithuti tsa Bibele li rutoa ho bala, li tla hatela pele ka potlako moeeng. (Pes. 1:1-3) Bahoeletsi ba bangata ba rutile liithuti tsa bona ka hore qetellong ea thuto ka ’ngoe ba sebelise bukana ea Ikitlaelletse ho Bala le ho Ngola. Haeba seithuti se nyahama, mohlomong u ka se tsosa molota ka ho se bontša lintho tse ling tseo se seng se ithutile tsona. Se kholise hore Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba sona, ’me u se khothalletse hore se rapelle thuso ea Jehova. (Liprov. 16:3; 1 Joh. 5:14, 15) Bahoeletsi ba bang ba Brithani ba khothalletsa liithuti hore li ipehele lipakane tseo li ka li finyellang—mohlomong li ka qala ka ho ithuta alfabeta, ebe li ithuta ho fumana litemana le ho li bala, ’me qetellong li bale likhatiso tsa Bibele tse nolofalitsoeng. Hangata ha re ruta batho ho bala re lokela ho etsa hore ba ho rate.

7. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tlohela ho bolella batho ba sa tsebeng ho bala litaba tse molemo?

7 Jehova ha a khese batho ba sa rutehang. (Jobo 34:19) Jehova o hlahloba pelo ea motho. (1 Likron. 28:9) Kahoo, u se ke ua tlohela ho bolella batho ba sa tsebeng ho bala litaba tse molemo. Ho ka etsahala hore ebe u na le lingoliloeng tse ntle tseo u ka qalisang thuto ka tsona. Qetellong, u ka ithuta le motho ka buka ea Seo Bibele e se Rutang e le hore a utloisise Mangolo haholoanyane.

Haeba motho a sa tsebe ho bala, leka sena:

  • Qala ka ho sebelisa bukana ea Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng, kapa sengoliloeng se seng se loketseng.

  • Mo siele seriti, ’me u mo babatse.

  • Nka nako e khutšoanyane, ’me u se ke ua bala lirapa tse ngata.

  • Mo thuse ho ntlafatsa tsebo ea hae ea ho bala.

Ha u bona hore o ananela ’nete ’me o rata ho ithuta, u ka ithuta le eena ka buka ea Seo Bibele e se Rutang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela