Re ka Sebelisa Likhatiso Tse Mameloang Joang?
1. Ke lingoliloeng life tseo re nang le tsona ntle le tse baloang?
1 Batho ba bangata ba rata ho kena ho jw.org hore ba bale mantsoe a thabisang le a nepahetseng a ’nete. (Moek. 12:10) Leha ho le joalo, na u kile ua sebelisa likhatiso tse mameloang? Li re thusa ho mamela boitsebiso bo bongata bo websaeteng ea rōna. Likhatiso tse mameloang li ka re tsoela molemo joang?
2. Re ka sebelisa likhatiso tse mameloang joang ha re etsa thuto ea botho kapa ea lelapa?
2 Thutong ea Botho Kapa ea Lelapa: Re ka sebelisa nako ea rōna hamolemo ka hore re mamele likhatiso tse kang Bibele, limakasine kapa sengoliloeng leha e le sefe ha re le leetong kapa ha re ntse re etsa mesebetsi e meng. (Baef. 5:15, 16) Re ka mamela sengoliloeng se itseng nakong ea borapeli ba lelapa ha re ntse re bala ho tsa rōna. Re ka boela ra sebelisa likhatiso tse mameloang thutong ea botho ha re batla ho ntlafatsa tsela eo re balang ka eona kapa ha re ntse re ithuta puo e ’ngoe.
3. Ke bo-mang ba ka ruang molemo likhatisong tse mameloang tšimong ea habo rōna?
3 Tšebeletsong ea Tšimo: Batho ba se nang nako ea ho bala ba ka ’na ba thabela likhatiso tse mameloang. Kapa re ka kopana le motho ea buang puo e ’ngoe ’me a ka ’na a thabela molaetsa haeba a ka o utloa ka “puo ea hae.” (Lik. 2:6-8) Libakeng tse ling, batho ba nka ho mamela e le ntho ea bohlokoa. Ka mohlala, setsong sa Hmong, ka tloaelo batho ba baholo ba bolella bana nalane ea lelapa ka hore ba ba phetele pale ’me bana le bona ba tšoarella boitsebiso boo. Libakeng tse ngata tsa Afrika batho ba thabela ho ithuta ka ho mamela lipale.
4. Re ka ipotsa lipotso life e le hore re thuse batho ba tšimong ea habo rōna?
4 Na tšimong ea heno mong’a ntlo a ka rua molemo ha u mo bapalla karolo e nyenyane ea sengoliloeng se mameloang ka puo ea hae? Na ho na le motho ea ka ruang molemo ha u mo romella sengoliloeng se mameloang ka e-mail? Na re ka hatisa sengoliloeng se mameloang ho CD ’me ra se fa motho ea thahasellang hammoho le se baloang? Sengoliloeng leha e le sefe se mameloang seo re se fang motho tšimong, re ka se tlaleha joaloka sengoliloeng se tsamaisitsoeng. Likhatiso tse mameloang li etselitsoe ho re thusa ha re etsa thuto ea botho le ha re jala peō ea ’nete ea ’Muso.—1 Bakor. 3:6.