Sebelisa Buka ea Seo Bibele e se Rutang Hamolemo
Ha motho eo re ithutang Bibele le eena a sebelisa seo a ithutang sona, o tla ba le kamano e haufi le Jehova. (Pes. 1:1-3) Re ka thusa batho bao re ithutang Bibele le bona hore ba hatele pele haeba re sebelisa likarolo tse ling tsa buka ea Seo Bibele e se Rutang hamolemo.
Lipotso Tse Qalong ea Khaolo: Khaolo e ’ngoe le e ’ngoe e qala ka lipotso tse tla arabeloa thutong eo. U ka botsa lipotso tseo hore motho eo u ithutang le eena a be le tabatabelo ea ho ithuta khaolo eo. Kapa u ka mo kōpa hore a arabe lipotso tseo ka bokhutšoanyane. Haeba a fana likarabo tse fosahetseng, ha ho hlokahale hore u mo bolelle hore o fositse. Likarabo tsa hae li tla u thusa hore u tsebe hore na ke lintlha life tseo u tla lokela ho li hlalosa ka ho eketsehileng le ho li hatisa.—Liprov. 16:23; 18:13.
Sehlomathiso: Haeba motho eo u ithutang le eena a utloisisa a bile a lumela boitsebiso boo le ntseng le bo tšohla, u ka ’na ua mo khothalletsa hore a ipalle sehlomathiso se tsamaisanang le thuto eo. Nakong e tlang ha le ithuta, ka metsotso e seng mekae u ka ’na ua mo botsa hore na o utloisisa sehlomathiso seo. Leha ho le joalo, haeba u bona hore o tla rua molemo sehlomathisong seo, u lokela ho buisana le eena ka sona nakong ea thuto kapa le bale lirapa tse seng kae ’me u mo botse lipotso tseo u li lokiselitseng.
Lebokose la Tlhahlobo: Lebokose la tlhahlobo le na le lipolelo tse arabelang lipotso tse hlahang qalong ea khaolo. U ka sebelisa lebokose lena ho tiisa hore motho eo u ithutang le eena o utloisisa seo a ithutileng sona ebile a ka hlalosa lintlha tse ka sehloohong. Balang lipolelo tseo ’me le bale le mangolo a tsamaisang le tsona. Ebe u mo kōpa hore a hlalose hore na ke hobane’ng ha lipolelo tseo e le ’nete a sebelisa lengolo kapa mangolo ao le a balileng.—Lik. 17:2, 3.