Motho oa Cameroon ea kotulang tee o bolelloa litaba tse molemo
Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
MOLULA-QHOOA
Potso: Na ua lumela hore haeba Bibele ke lentsoe la Molimo batho ba lekang ho e felisa ba ke ke ba atleha?
Lengolo: Esa 40:8
Buella Sengoliloeng: Lihlooho tse makasineng ena li bua ka pale e hlollang ea kamoo Bibele e pholohileng kateng.
MOLULA-QHOOA (leqephe le ka morao)
Potso: U ka araba potso ee joang? [Bala potso ea pele leqepheng la 16.] Batho ba bang ba lumela hore bolumeli bo qapuoe ke batho. Ba bang ba nahana hore Molimo o re atametsa ho eena ka bolumeli. Uena u re’ng?
Lengolo: Jak 1:27.
Buella Sengoliloeng: Sehlooho sena se bontša hore na Bibele e re’ng ka taba ena. Nka rata ho khutla re tl’o buisana ka sona.
LITABA TSE MOLEMO TSE TSOANG HO MOLIMO!
Potso: Batho ba bangata ba lumela hore litaba tsa boprofeta ba Bibele li tšoana le litaba tse hlahang likoranteng. U kile ua utloela ka boemo bofe ho aa a profetiloeng?
Lengolo: 2Ti 3:1-5
Buella Sengoliloeng: Bukana ena e bontša hore na ke hobane’ng ha maemo ana e le litaba tse molemo ho batho ba ratang Molimo. [Mo bontše thuto ea 1, potso ea 2.]
NGOLA SEO U TLA SE BUA
Sebelisa mehlala ena ha u ngola seo u tla se bua le batho tšimong.