PHELA JOALOKA MOKRESTE
Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ho khothalletsa ba Thahasellang ho ea Libokeng
KE HOBANE’NG HA E LE HABOHLOKOA?: Ha re le libokeng re ba le monyetla oa ho ‘binela Jehova’ le ho ‘mo rorisa.’ (Pes 149:1) Ha re le libokeng, re rutoa ho etsa thato ea Molimo. (Pes 143:10) Hangata batho ba thahasellang le lithuto tsa Bibele ba tsoela pele ka potlako ha ba ea libokeng.
RE KA HO ETSA JOANG?:
Potlakela ho ba mema. U se ke ua emela hore thuto e tsitse.—Tše 22:17
Mo hlalosetse hore na ho etsahala’ng libokeng le hore na ho tla buua ka eng libokeng tse latelang. U ka thusoa ke lintho tse latelang: memo ea ho memela batho libokeng, video ea Ho Etsahala’ng Holong ea ’Muso?, le thuto ea 5 le 7 bukaneng ea Thato ea Jehova
Mo thuse. U ka mo palamisa e le hore a be teng libokeng kapa ua mo thusa ho khetha liaparo tse loketseng. Lula pel’a hae ka libokeng ’me o shebisane le eena libukeng tsa hao. Mo tsebise bara le barali babo rōna