MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | ESAIA 11-16
Batho Bohle ba Tla Tseba Jehova
Boprofeta boo bo ile ba phethahala joang ho Baiseraele?
Ho ne ho sa hlokahale hore Baiseraele ba tšohe batho kapa libata ha ba khutla botlamuoeng Babylona kapa ha ba se ba le naheng ea habo bona.—Esd 8:21, 22
Boprofeta boo bo phethahala joang hona joale?
Batho ba ithuta ka Jehova ’me seo se fetola bophelo ba bona. Ba neng ba rata ntoa ba se ba e-na le khotso. Hona joale ba momahane le barapeli-’moho le bona lefatšeng lohle
Boprofeta boo bo tla phethahala joang nakong e tlang?
Lintho li tla etsahala ka tsela eo Jehova a neng a e rerile, ho tla ba le khotso lefatšeng ’me batho ba sireletsehe. Ha ho letho le tla ba ntša kotsi ’me ho tla ba le khotso pakeng tsa batho le liphoofolo
Pauluse o ile a fetoha ka mor’a ho ithuta ka Molimo
O ne a le khopo ha e sa le Mofarisi.—1Ti 1:13
Ho tseba Molimo ho ile ha mo thusa hore a fetohe.—Kol 3:8-10