MATLOTLO A TSANG BIBELENG | ESAIA 17-23
Motho a ka Lahleheloa ke Bolaoli ha a bo Sebelisa Hampe
Ho ka etsahala hore ebe Shebna e ne e le “mookameli ntlong” ea Morena Ezekiase. E ne e le mohlahlami oa morena ’me a na le boikarabelo bo bongata.
Shebna o ne a lokela ho hlokomela batho ba Jehova
O ile a ipatlela thoriso
Jehova o ile a fa Eliakime bolaoli ba Shebna
Eliakime o ile a fuoa “senotlolo sa ntlo ea Davida” e leng ntho e neng e tšoantšetsa matla le bolaoli
Ipotse: Shebna o ne a ka sebelisa bolaoli ba hae joang ho thusa ba bang?