Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp20 no. 3 maq. 8-9
  • Re Ithuta ka Molimo ka Baprofeta ba Hae

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re Ithuta ka Molimo ka Baprofeta ba Hae
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ABRAHAMA
  • MOSHE
  • JESU
  • JESU HA SE MOLIMO
  • Molimo a ka U Hlohonolofatsa ka ho sa Feleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
  • Ke ka Tsela Efe Jesu Kreste e Neng e le Moprofeta ea Tšoanang le Moshe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ananela Moshe e Moholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
wp20 no. 3 maq. 8-9
Abrahama o shebile linaleli ’me o phahamiselitse matsoho holimo.

Re Ithuta ka Molimo ka Baprofeta ba Hae

Nakong e fetileng, Molimo o ne a fa batho melaetsa oa hae ka baprofeta. Na melaetsa ee e ka re thusa ho bona hore na re lokela ho etsa’ng e le hore Molimo a re hlohonolofatse? E, ho joalo. A re hlahlobeng lintho tseo re ka ithutang tsona ho baprofeta ba bararo ba tšepahalang.

ABRAHAMA

Molimo ha a leeme ’me o batla ho hlohonolofatsa batho bohle.

Molimo o tšepisitse moprofeta Abrahama a re “malapa ’ohle a lefatše a tla itlhohonolofatsa ka uena.”​—Genese 12:3.

Re ithuta’ng? Molimo o rata batho bohle ba mo mamelang ho sa tsotellehe hore na ke banna, basali kapa bana.

MOSHE

Molimo o mohau ’me o batla ho hlohonolofatsa batho bohle ba etsang boiteko ba ho ithuta ka eena.

Molimo ea Matla ’Ohle o ile a fa moprofeta Moshe matla a ho etsa mehlolo. Ho ntse ho le joalo, Moshe o ile a rapela a re: “Ntsebise litsela tsa hao, hore ke u tsebe, e le hore ke fumane kamohelo mahlong a hao.” (Exoda 33:​13) Molimo o ile a thabela kopo ea Moshe haholo eaba o mo hlohonolofatsa ka hore a mo rute ka eena haholoanyane le hore a utloisise litsela tsa Hae le makhabane a Hae. Mohlala, Moshe o ile a ithuta hore ’Mopi ke “Molimo ea mohau le ea mosa.”​—Exoda 34:​6, 7.

Re ithuta’ng? Molimo o batla ho hlohonolofatsa batho bohle ba batlang ho ithuta ka eena ebang ke banna, basali kapa bana. Ka mangolong a halalelang, oa re bontša hore na re ka mo rapela joang le hore o ikemiselitse ho re hlohonolofatsa.

JESU

Jesu o phekola monna ea tšoeroeng ke lepera.

Kaha o ne a e-na le kutloelo bohloko, Jesu o ile a phekola mafu ’ohle

Molimo a ka re hlohonolofatsa ka ho sa feleng haeba re ithuta linthong tse Jesu a li entseng le tseo a li rutileng.

Lentsoe la Molimo le na le lintlha tse ngata tse re rutang ka bophelo ba Jesu le lithuto tsa hae. Molimo o ile a fa Jesu matla a hore a etse mehlolo e mengata e kang ho folisa ba foufetseng, ba sa utloeng litsebeng le ba sa tsebeng ho tsamaea. O ile a ba a tsosa le bafu. Ka ho etsa lintho tseo, Jesu o ile a bontša hore na Molimo o tla hlohonolofatsa batho joang nakong e tlang. O ile a boela a bontša hore na ke joang kaofela ha rona re ka fumanang litlhohonolofatso tsena. O ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”​—Johanne 17:3.

Jesu o ne a e-na le kutloelo-bohloko, qenehelo le mosa. Banna le basali, batho ba holileng le ba bacha, ba ile ba tla ho eena ka mor’a hore a re: “Le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela meea ea lona khatholoho.” (Matheu 11:​29) Ho fapana le batho ba bang ba mehleng ea Jesu, eena o ne a tšoara basali ka mosa, ka seriti le tlhompho.

Re ithuta’ng? Jesu o bontšitse hore o rata batho e le kannete a ba a re behela mohlala oa hore na re lokela ho tšoara batho ba bang joang.

JESU HA SE MOLIMO

Mangolo a Halaleleng a ruta hore “ho na le Molimo a le mong” le hore Jesu Kreste ke ’muelli oa Molimo ’me ha ba lekane ka matla. (1 Bakorinthe 8:6) Jesu o bontšitse ka ho hlaka hore Molimo o mo phahametse hape ke eena ea mo rometseng lefatšeng.​—Johanne 11:​41, 42; 14:​28.a

a Ho ithuta ka ho eketsehileng ka Jesu Kreste, bala karolo ea 8 le ea 9 bukaneng ea Real Faith​—Your Key to a Happy Life e fumanehang ho www.pr2711.com ka Senyesemane.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela