PHELA JOALOKA MOKRESTE
Phelela ho Rorisa Jehova
Bophelo ke mpho ea bohlokoa. Tsela eo re phelang ka eona ea bontša hore na rea bo ananela kapa che. Kaha re Lipaki Tsa Jehova, re lokela ho etsa sohle se matleng a rona ho sebelisa bokhoni boo re nang le bona ho rorisa Jehova. Etsoe o re bopile. (Pes. 36:9; Tšen. 4:11) Leha ho le joalo, mathata a re hlahelang letsatsi le letsatsi a ka etsa hore re se ke ra nka kamano ea rona le Jehova e le ea bohlokoa haholo. (Mar. 4:18, 19) Kahoo, kaofela ha rona re lokela ho ipotsa: ‘Na ehlile ke sebeletsa Jehova ka pelo eohle? (Hos. 14:2) Na mosebetsi oa ka o ntšitisa ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle? Ke lintho life tseo nka ratang ho li etsetsa Jehova? Nka etsa’ng e le hore ke qete nako e ngata le ho feta tšimong?’ Haeba u hlokomela hore u lokela ho etsa liphetoho, rapela Jehova u mo kope hore a u thuse ho li etsa. Ho sebeletsa Jehova letsatsi le letsatsi ho tla etsa hore u thabe u be u khotsofale.—Pes. 61:8.
SHEBELLANG VIDEO EA SEBELISA BOKHONI BA HAO HO RORISA JEHOVA, EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:
Ke hobane’ng ha ho fosahetse ho phelela ho ikhotsofatsa lefatšeng lee la Satane? (1 Joh. 2:17)
Ba sebeletsang Jehova ka pelo eohle ba tla hlohonolofatsoa joang?
U ka ithaopela ho sebelisa bokhoni ba hao joang ho rorisa Jehova?