MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | LUKA 8-9
Re Lokela ho Etsa’ng e le Hore re be Balateli ba Jesu?
Ele hore motho ea lemang a se ke a lema libanka, ha a lokela ho hetla morao. Ka ho tšoanang, Mokreste ha a lokela ho itumella ho ferekanngoa ke lintho tseo a li tetseng pele a sebeletsa Jehova.—Fil 3:13.
Ha re e-na le mathata, ho bonolo ho hloloheloa matsatsi a fetileng a pele re sebeletsa Jehova. Hangata ha re etsa joalo, re feteletsa lintho ka hore re re re ne re lula re thabile re se na mathata a mangata. Ke kamoo Baiseraele ba ileng ba ikutloa kateng ka mor’a hore ba tlohe Egepeta. (Nu 11:5, 6) Ha re lula re nahana ka lintho tseo re li tetseng, ho ka ba bonolo ho khutlela mokhoeng oa rona oa pele oa bophelo. Ho ka ba molemo hakaakang ho nahana ka lintho tseo Molimo a re hlohonolofatsang ka tsona le kamoo re tla thaba kateng ’Musong oa hae.—2Ko 4:16-18.