MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | LIKETSO 1–3
Phutheho ea Bokreste e Fuoa Moea o Halalelang
Bajuda ba bangata ba neng ba le Jerusalema ka Pentekonta ea 33, ba ne ba tsoa linaheng tse ling. (Lik 2:9-11) Le hoja ba ne ba mamela Molao oa Moshe, ho ka etsahala hore ebe ba phetse naheng esele bophelo bohle ba bona. (Jer 44:1) Ka hona, ba bang ba ne ba shebahala le ho bua joaloka matsoalloa a naha ea habo bona eseng joaloka Bajuda. Phutheho ea Bokreste e ile ea e-ba le batho ba fapaneng, ka mor’a hore ho kolobetsoe batho ba 3 000 ba tsoang linaheng tse sa tšoaneng. Ho sa tsotellehe litso tseo ba tsoang ho tsona, “ba ne ba e-ba teng ka nako eohle tempeleng ka tumellano.”—Lik 2:46.
U ka bontša joang hore u rata . . .
batho ba tšimong ea lona ba tsoang linaheng tse ling?
bara le barali beno ba phuthehong ea heno ba tsoang linaheng tse ling?