MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 2 BATHESALONIKA 1-3
Ea sa Eeng ka Molao oa Senoloa
Litemaneng tsee, Pauluse o ne a bua ka eng ha a re:
“Thibelo” (temaneng ea 6)—Mohlomong ke baapostola
“A senoloe” (temaneng ea 6)—Ka mor’a lefu la baapostola, bakoenehi ba ile ba hlahella ‘me ba qala ho ruta lithuto tse fosahetseng le ho etsa lintho ka boikaketsi
“Sephiri sa tlolo ena ea molao” (temaneng ea 7)—Mehleng ea Pauluse, batho ba ne ba sa tsebe hore na “ea sa eeng ka molao” ke mang
“Ea sa eeng ka molao” (temaneng ea 8)—Mehleng ena, ke baruti ba Bokreste ’motoana
“Morena Jesu o tla felisa [ea sa eeng ka molao] . . . ka ponahalo ea ho ba teng ha hae.” (temaneng ea 8)—Jesu o tla etsa bonnete ba hore hoa hlaka hore o busa e le Morena leholimong ha a phethahatsa likahlolo tsa Jehova khahlanong le puso ea Satane, ho akarelletsa le “ea sa eeng ka molao”
Litemana tsee li u khothatsa joang hore u bolele litaba tse molemo ka cheseho le ka potlako ebile u bontša hore metsotso e jele babeli?