MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | TITE 1–FILEMONE
“Khetha Baholo”
Pauluse o ile a kopa Tite hore a khethe baholo “motseng o mong ka mor’a o mong.” Balebeli ba potoloho ba khetha baholo ka phuthehong ’me ba latela mohlala ona o ka Bibeleng.
SEHLOPHA SE BUSANG
Sehlopha se Busang se latela mokhoa ona oa mehleng ea baapostola, ka ho fa balebeli ba potoloho boikarabelo ba ho khetha baholo le bahlanka ba sebeletsang.
BALEBELI BA POTOLOHO
Molebeli e mong le e mong oa potoloho o lokela ho rapela le ho hlahlobisisa ka botebo lipuello tseo baholo ba li entseng, e be o khetha motho eo ea tšoanelehang.
BAHOLO BA KHETHILOENG
Leha baholo ba se ba khethiloe, ba lokela ho lula ba ntse ba e-na le litšoaneleho tsa Mangolo.