MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | GENESE 27-28
Jakobo oa Hlohonolofatsoa
Taba ea hore ebe Isaka o ile a hlohonolofatsa Jakobo e ile ea profetoa khale.
27:28—Jehova o ile a fa litloholo tsa Jakobo “naha e phallang lebese le mahe a linotši.”—De 26:15
27:29—Litloholo tsa Jakobo eleng Baiseraele li ile tsa e-ba matla ho feta litloholo tsa Esau eleng Baedomo.—Gen 25:23; 2Sa 8:14
27:29—Baedomo ba ile ba rohakoa ’me ba qetella ba timelitsoe hobane ba ne ba hloile Baiseraele.—Eze 25:12-14