MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | LEVITIKE 1-3
Merero ea Mahlabelo
Molao oa Moshe o ne o laela Baiseraele hore ba etse mahlabelo kapa linyehelo. Mahlabelo ao a ne a emela sehlabelo sa Jesu Kreste le melemo eo re tla e fumana ka lebaka la sehlabelo seo.—Heb 8:3-5; 9:9; 10:5-10.
Joalokaha ho ne ho hlakahala hore phoofolo e nyeheloang e be e phelang hantle, Jesu le eena o entse sehlabelo ka ’mele oa hae o phethahetseng.—1Pe 1:18, 19, bona setšoantšo se leqepheng le qalang
Ha motho a ne a etsa mahlabelo a secheso ka phoofolo, o ne a sa itšiele likarolo tse itseng tsa eona empa o ne a nehelana ka eona e feletse. Ka tsela e tšoanang, Jesu haa ka a itšiela letho ha a inehela ho Jehova
Joalokaha batho ba neng ba etsa mahlabelo a kopanetsoeng ba ne ba na le khotso le Molimo, batlotsuoa le bona ha ba ja litšoantšetso Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena ba bontša hore ba na khotso le Molimo