MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | LEVITIKE 4–5
Fa Jehova Lintho Tsa Hao Tsa Bohlokoa
Moiseraele e mong le e mong o ne a lokela ho bopa khotso le Jehova ho sa tsotellehe hore na o ruile kapa che. Esita le mofutsana-futse o ne a ka etsetsa Jehova mahlabelo, ha feela ntho eo a etsang sehlabelo ka eona e le ka tsela eo Jehova a ka e amohelang. Batho ba ne ba ka fana ka phofo, empa e ne e lokela ho ba e “thumisehileng,” e neng e ka pheheloa baeti ba bohlokoa. (Gen 18:6) Le mehleng ena, ho sa tsotellehe hore na maemo a rona a bophelo a joang, Jehova o amohela “sehlabelo sa thoriso” seo re mo etsetsang sona.—Heb 13:15.
Taba ee e ka u khothatsa joang haeba u se u sena matla kapa u kula joale u sa khone ho etsa lintho tseo u neng u li etsa pele?