Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb21 January leq. 11
  • Khetha ho Sebeletsa Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khetha ho Sebeletsa Jehova
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Kolobetsoa ke Qeto e Molemo eo U ka e Etsang
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Bakreste ba Lokela ho Kolobetsoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Ho Finyella se Hlokoang Bakeng sa Kolobetso ea Bokreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Kolobetso le Kamano ea Hao le Molimo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
mwb21 January leq. 11
Tsela e bontšang lintho tseo motho a ka li etsang e le hore a sebeletse Jehova. Matšoao a emelang ho ithuta Bibele, ho ea libokeng, ho ruta batho Bibele, le ho kolobetsoa.

U hokae tseleng ee ea kolobetso?

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Khetha ho Sebeletsa Jehova

Haeba u mocha oa Mokreste ea es’o kolobetsoe kapa u seithuti sa Bibele, na u batla ho kolobetsoa? Ke hobane’ng ha u lokela ho kolobetsoa? Ho inehela ho le ho kolobetsoa ho ka u thusa hore u be le setsoalle se matla le Jehova. (Pes 91:1) Ho ka ba ha u thusa hore u pholohe. (1Pe 3:​21) U ka thusoa ke eng hore u qetelle u nkile mehato ee?

Ikholise hore lintho tseo u ithutang tsona ka Jehova ke ’nete. Haeba ho na le lipotso tseo u ipotsang, etsa lipatlisiso e le hore u fumane likarabo. (Bar 12:2) Sheba hore na u hloka ho etsa liphetoho hokae ’me u li etse hobane u batla ho thabisa Jehova. (Lipr 27:​11; Ef 4:​23, 24) Lula u rapela Jehova hore a u thuse. Joang kapa Joang, o tla u matlafatsa le ho u tšehetsa ka moea oa hae o halalelang. (1Pe 5:​10, 11) U tla bona hore boiteko bohle boo u bo etsang e le hore u kolobetsoe bo tla u tsoela khomo. Ho sebeletsa Jehova ke ntho e molemo ka ho fetisisa!​—Pes 16:11.

SHEBELLANG VIDEO EA TSELA E ISANG KOLOBETSONG EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Batho ba bang ba ile ba tlameha ho hlola mathata afe e le hore ba tle ba kolobetsoe?

  • U ka etsa’ng e le hore u be le tumelo e tla u susumelletsa ho inehela ho Jehova?

  • Ke’ng e susumelitseng ba bang hore ba etse liphetoho e le hore ba tle ba qetelle ba kolobelitsoe?

  • Jehova o hlohonolofatsa batho ba khethang ho mo sebeletsa joang?

  • Ho inehela le ho kolobetsoa ho bolela’ng?

Qetellong ea puo ea phatlalatsa, sebui se tla kopa ba eang kolobetsong hore ba eme ebe ba araba lipotso tse latelang ka mantsoe a phahameng:

Na u baketse libe tsa hao le ho inehela ho Jehova, ’me u amohetse tsela ea hae ea poloko ka Jesu Kreste?

Na oa utloisisa hore boinehelo ba hao le kolobetso li u khetholla u le e mong oa Lipaki Tsa Jehova tseo e leng karolo ea mokhatlo o tataisoang ke Molimo?

Haeba ba eang kolobetsong ba araba lipotso ka “e,” ba ‘bolela phatlalatsa’ hore ba lumela thekollong le hore ba inehetse ho Jehova ba sa itšiele letho.​—Bar 10:​9, 10.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela