PHELA JOALOKA MOKRESTE
Re Hlophiselitsoe Hore re Pakele Batho Bohle
Joalokaha Jehova a ile a hlophisa Baiseraele, mehleng ena, Jehova o hlophisitse bahlanka ba hae e le hore ba etse mesebetsi eo a ba fileng eona. Lefatšeng ho pota, liofisi tsa makala, lipotoloho, liphutheho le lihlopha tsa tšimo li sebetsa hammoho ho etsa mosebetsi oa ho ruta batho Bibele. Re bolella batho bohle molaetsa oa Bibele ho kenyelletsa le ba buang lipuo tse ling.—Tše 14:6, 7.
Na u se u kile oa nahana ka ho ithuta puo e ’ngoe e le hore u rute motho e mong Bibele? Le haeba u se na nako ea ho ithuta puo e ’ngoe, u ka sebelisa JW Language app ho ithuta hore na u ka re’ng ha u batla ho bua le batho ba buang puo e ’ngoe ka Bibele. Kamor’a ho etsa joalo, u tla ikutloa joaloka Bakreste ba mehleng ea baapostola. Ba ile ba thaba haholo ha batho ba tsoang linaheng tse ling ba utloa “lintho tse hlollang tsa Molimo” ka lipuo tsa bona.—Lik 2:7-11.
SHEBELLANG VIDEO EA E-BA MOTSOALLE OA JEHOVA—RUTA BATHO BIBELE KA PUO E ’NGOE EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:
JW Language app e ka u thusa neng?
Ke lintho life tseo JW Language app e nang le tsona?
Batho ba buang lipuo tsohle ba lokela ho utloa litaba tse monate tse ka lentsoeng la Molimo
Batho ba tšimong ea lona ba bua lipuo life?
U lokela ho etsa’ng haeba motho ea buang puo e ’ngoe a thabela molaetsa oa Bibele?—od 100-101 ¶39-41