PHELA JOALOKA MOKRESTE
Ha ho Thata ho ba Sebete
Motho ea sebete ke ea nang le matla. Empa seo ha se bolele hore a ke ke a tšoha, ho e-na hoo ho bolela hore a ka etsa ntho e itseng le hoja a tšohile. Jehova ke eena ea re fang sebete. (Pes 28:7) Ke joang bacha ba ka bang sebete?
SHEBELLANG VIDEO EA ETSISANG BATHO BA SEBETE ESENG MAKOALA EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELELANG:
Ke maemo afe a hlokang bacha hore ba be sebete?
Ke litlaleho life tsa Bibele tse ka re thusang hore re be sebete?
Ha re bontša sebete, seo se ka tsoela rona le batho ba re shebileng molemo joang?