MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
Sireletsa Lefa la Hao la Bohlokoa
Kalebe o ile a sireletsa lefa la hae ka hore a leleke lira tse matla (Jos 15:14; it-1-E 1083 ¶3)
Baiseraele ba bang ha baa ka ba sireletsa lefa la bona ka hore ba qobe lintho tse ka ba silafatsang (Jos 16:10; it-1-E 848)
Jehova o ile a thusa Baiseraele ba neng ba ikemiselitse ho sireletsa lefa la bona (De 20:1-4; Jos 17:17, 18; it-1-E 402 ¶3)
Jehova o file Bakreste bohle lefa la bohlokoa la ho fumana bophelo bo sa feleng. E le hore re sireletse lefa la rona, re qoba liteko tse ka re hlahelang ka hore re matlafatse tumelo ea rona ka ho bala Bibele, ho ea libokeng tsa bokreste, ho rapela le ho ea tšimong.
IPOTSE, ‘Na ke sireletsa lefa laka?’