Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb22 January leq. 13
  • Re Ithuta’ng Bophelong ba Samuele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re Ithuta’ng Bophelong ba Samuele?
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Samuele o Ntšetsa Pele Borapeli ba ’Nete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • O Ile “a Tsoela Pele ho Hōlela ho Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • O Ile “a Tsoela Pele ho Hōlela ho Jehova”
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • O Ile a Mamella le Hoja Maemo a ne a Nyahamisa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
mwb22 January leq. 13
Litšoantšo: Litšoantšo tse hlahang videong ea “Re Ithuta’ng Mohlaleng oa Bona?​—Samuele.” 1. Lillo. 2. Samuele ea monyenyane.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Re Ithuta’ng Bophelong ba Samuele?

Samuele o ile a tšepahalla Jehova bophelo bohle ba hae. Ha a ntse a hola ha aa ka a itšoara hampe joaloka bara ba Eli e leng Hofni le Finease. (1Sa 2:22-26) Samuele o ile a tsoela pele ho hola ’me Jehova o ne a e-na le eena. (1Sa 3:19) Ha e se e le monna ea holileng, o ile a tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi le hoja bara ba hae ba sa ka ba etsa joalo.​—1Sa 8:1-5.

Mohlala oa Samuele o re ruta’ng? Haeba u mocha, kholiseha hore Jehova o utloisisa mathata ao u bang le ona le kamoo u ikutloang kateng. A ka u thusa hore u be sebete. (Esa 41:10, 13) Haeba u motsoali ’me ngoana oa hao ha a sa sebeletsa Jehova, u ka khothatsoa ke mohlala oa Samuele ea sa kang a qobella bara ba hae ho sebeletsa Jehova. Samuele o ile a tlohella taba ena matsohong a Jehova, a lula a tšepahala le ho etsa lintho tse thabisang Ntate oa hae ea leholimong Jehova. Ngoana oa hao a ka khutlela ho Jehova ha a bona mohlala oa hao o motle.

SHEBELLANG VIDEO EA RE ITHUTA’NG MOHLALENG OA BONA?​—SAMUELE EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Karolo ea video ea “Re Ithuta’ng Mohlaleng oa Bona?​—Samuele.” Samuele ea monyenyane o nkile patsi lebaleng la tabernakele.

    Samuele o ile a bontša sebete joang e sa le moshanyana?

  • Karolo ea video ea “Re Ithuta’ng Mohlaleng oa Bona?​—Samuele.” Lillo o ea ho abuti oa hae ‘me o mo botsa ka tsela eo a phelang ka eona.

    Lillo o ile a bontša sebete joang?

  • Karolo ea video ea “Re Ithuta’’ng Mohlaleng oa Bona?​—Samuele.” Moprofeta Samuele ha e se e le monna ea holileng.

    Samuele o ile a bontša mohlala o motle joang ha e se e le monna ea holileng?

  • Karolo ea video ea “Re Ithuta’ng Mohlaleng oa Bona?​—Samuele.” Batsoali ba Lillo ka mor’a hore ba etse bopaki ba phatlalatsa le Lillo.

    Jehova o tšehetsa batho ba lulang ba emela se nepahetseng

    Batsoali ba Lillo ba ile ba beha mohlala o motle joang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela