Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb22 March leq. 9
  • Metsoalle ea Hao Inthaneteng ke Bo-mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Metsoalle ea Hao Inthaneteng ke Bo-mang?
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Thoe’ng ka ho Etsa Metsoalle Inthaneteng?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • E-ba Bohlale ha u Etsa Metsoalle Inthaneteng
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2018
  • Ke’ng eo ke Lokelang ho e Tseba ka ho Etsa Metsoalle Inthaneteng?—Karolo ea 2
    Tsoha!—2011
  • Ha Bana ba Sebelisa Inthanete—Seo Batsoali ba Lokelang ho se Tseba
    Tsoha!—2008
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
mwb22 March leq. 9

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Metsoalle ea Hao Inthaneteng ke Bo-mang?

Lentsoe motsoalle le bolela ea “khomarelang e mong ka lebaka la lerato kapa tlhompho.” Ka mohlala, Jonathane le Davida e ile ea e-ba metsoalle e matla ka mor’a hore Davida a bolaee Goliathe. (1Sa 18:1) Banna bana ka bobeli ba ne ba e-na le makhabane a ratehang a neng a etsa hore ba thabele ho ba metsoalle. Kahoo e le hore setsoalle sa lona se be matla u lokela ho tseba motsoalle oa hao hantle. Ho hlokahala nako le boiteko hore u tsebe motho hantle. Motho a ka ba le metsoalle mecheng ea puisano ka motsotsoana feela. Kaha batho ba nahana esale pele hore na ba tla re’ng, ba beha lintho tse tla etsa hore batho ba ba shebe ka tsela e itseng ’me seo se ka etsa hore ba pate seo ba leng sona. Kahoo ho molemo hore u ipehele moeli hore na u tla ba le metsoalle ea mofuta ofe. Haeba motho eo u sa mo tsebeng a batla ho ba motsoalle oa hao Inthaneteng u se ke oa tšaba ho hana hobane u nahana hore seo se tla mo utloisa bohloko. Ka lebaka la likotsi tse bang teng, batho ba bang ba khethile ho se sebelise marang-rang ka ho feletseng. Leha ho le joalo, ke’ng seo u lokelang ho lula u se hopola haeba u khetha ho sebelisa marang-rang?

SHEBELLANG VIDEO EA E-BA BOHLALE HA U ETSA METSOALLE INTHANETENG EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Karolo ea video ea “E-ba Bohlale ha U Etsa Metsoalle Inthaneteng.” Ngoanana oa makala ha a bona setšoantšo sa hae thelevisheneng.

    Ke’ng seo u lokelang ho nahana ka sona pele u beha litšoantšo kapa u ngola ntho e itseng Inthaneteng?

  • Karolo ea video ea “E-ba Bohlale ha U Etsa Metsoalle Inthaneteng.” Sekala se kala setšoantšo sa ngoanana le chelete ea tšepe. Setšoantšo se boima ho feta chelete.

    Ke hobane’ng ha u lokela ho khetha metsoalle ka bohlale Inthaneteng?

  • Karolo ea video ea “E-ba Bohlale ha U Etsa Metsoalle Inthaneteng.” Banna ba babeli ba khopo ba bontša moshanyana ntho e ’ngoe Inthaneteng ’me o ikoahela mahlo.

    Ke hobane’ng ha u lokela ho ipehela nako eo u tla e qeta u sebelisa marang-rang?​—Ef 5:15, 16

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela