Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb23 May leq. 3
  • Jehova o Bona Lintho Tse Ntle Tseo U li Etsang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Bona Lintho Tse Ntle Tseo U li Etsang
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Liqeto Tse Bontšang Hore re Tšepa Jehova
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Ka Boikokobetso Amohela Hore ho na le Lintho Tseo u sa li Tsebeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Kholiseha Hore Jehova oa u Rata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Jehova “o Folisa Bao Lipelo Tsa Bona Li Utloileng Bohloko”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
mwb23 May leq. 3

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Jehova o Bona Lintho Tse Ntle Tseo U li Etsang

“Jehova o rata batho ba hae.” (Ps 149:4) Le hoja re sa phethahala, o bona makhabane a rona le lintho tseo re ka khonang ho li etsa. Empa ka linako tse ling re ka ’na ra thatafalloa ke ho hlokomela lintho tse ntle tseo re li etsang. Ho ka etsahala hore re ikutloe re se na thuso ka lebaka la tsela eo batho ba bang ba re tšoarang ka eona. Re ka ’na ra thatafalloa ke ho lumela hore Jehova oa re rata haeba re ile ra etsa liphoso nakong e fetileng. Ke’ng e ka re thusang ha re ikutloa ka tsela eo?

Hopola hore Jehova o bona lintho tseo batho ba ke keng ba khona ho li bona. (1Sa 16:7) Taba ena e bolela hore o bona lintho tse ntle tseo re li etsang le hoja rona rona re sa li bone. Ke ho thabisang hore ebe Bibele e re thusa ho utloisisa hore na Jehova o ikutloa joang ka rona. Re ka utloisisa sena ha re bala litemana tsa Bibele le litlaleho tse bontšang kamoo Jehova a ratang barapeli ba hae kateng.

SHEBELLANG VIDEO EA IKHOLISE HORE JEHOVA OA U RATA EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Papiso ea motho ea mathang le ntate oa hae e re ruta hore Jehova o ikutloa joang ka rona?

  • Motho ea entseng sebe se tebileng a ka ikholisa joang hore Jehova oa mo rata ha a ntse a etsa lintho tse tla mo thusa ho lokisa setsoalle sa hae le eena?—1Jo 3:19, 20

  • Mor’abo rona o fumane melemo efe ha a ntse a bala le ho nahanisisa ka tlaleho ea Davida le ea Josafate?

Litlaleho tsa Bibele tse re kholisang hore . . .

Jehova oa re rata ho sa tsotellehe hore na batho ba bang ba ikutloa joang ka rona

  • Enoke (Ge 5:24; Heb 11:5; Ju 14, 15)

  • Anna (1Sa 1:1–2:11, 18-21, 26)

Jehova o tšoarela baetsalibe ba bakileng

  • Manase (2Kr 33:1-7, 12, 13)

  • Pauluse (1Ti 1:12-16)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela