Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb23 September leq. 11
  • Jehova o Pholosa ba Imetsoeng Maikutlong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Pholosa ba Imetsoeng Maikutlong
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nka Etsa’ng Hore ke Khaotse ho Hlonama Hakaale?
    Tsoha!—2010
  • Liqeto Tse Bontšang Hore re Tšepa Jehova
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Jehova “o Folisa Bao Lipelo Tsa Bona Li Utloileng Bohloko”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Nka Etsa’ng Hore ke Khaotse ho Hlonama Hakaale?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
mwb23 September leq. 11

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Jehova o Pholosa ba Imetsoeng Maikutlong

Motho e mong le e mong o na le ho utloa bohloko. Ho utloa bohloko ha ho bontše hore tumelo ea rona e ea fokola. Etsoe le Jehova o na le ho utloa bohloko ka linako tse ling. (Ge 6:​5, 6) Ho thoe’ng teng haeba ka linako tse ling kapa ka linako tsohle re lula re utloile bohloko haholo?

Rapela Jehova u mo kope thuso. Jehova o amehile ka hore na re ikutloa joang. Oa tseba ha re thabile le ha re utloile bohloko. O utloisisa hantle hore na ke hobane’ng ha re nahana le ho ikutloa ka tsela eo re ikutloang ka eona. (Ps 7:9b) Ha bohlokoa le ho feta ke hore Jehova oa re tsotella ebile a ka re thusa ho sebetsana le ho utloa bohloko kapa ho tepella maikutlong.—Ps 34:18.

Sireletsa kelello ea hao. Ho nyahama ha ho etse feela hore re se ke ra thaba empa ho ka boetse ha ama setsoalle sa rona le Jehova. Ka lebaka lena re tla be re etsa hantle ha re sireletsa lipelo tsa rona kaha li senola seo re hlileng re leng sona.—Pr 4:23.

SHEBELLANG VIDEO EA BALUMELI-’MOHO LE RONA BA NTSE BA E-NA LE KHOTSO HO SA TSOTELLEHE KHATELLO EA MAIKUTLO EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Morali oa bo rona Nikki o ile a etsa’ng ho sebetsana le khatello ea maikutlo?

  • Ke hobane’ng ha Morali oa bo rona Nikki a ile a utloa hore o lokela ho ea ngakeng?—Mat 9:12

  • Morali oa bo rona Nikki o ile a etsa’ng ho bontša hore o tšepile Jehova hore a mo thuse?

“Molula-Qhooa” oa No. 1 2023, sehlooho “Bibele e ka Thusa Batho ba Nang le Khatello ea Maikutlo.”

Na hona le motho eo u mo tsebang ea ka thabelang ho fuoa makasine ea Molula-Qhooa oa No. 1 2023?

Ke lintho life tseo re ka li etsang tse ka re thusang ho laola maikutlo a rona?

(Tšoaea pel’a lintho tseo u lokelang ho li etsa tseo u ka ntlafatsang ho tsona.)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela