PHELA JOALOKA MOKRESTE
Nka Etsa’ng Hore Lipaki Tsa Jehova li Lule li E-na le Botumo bo Botle?
Batho ba a tseba hore Lipaki Tsa Jehova li itšoere hantle. (1Ko 4:9) Re ka ipotsa, ‘Na lipuo le liketso tsa ka li etsa hore Jehova a rorisoe?’ (1Pe 2:12) Esale Lipaki Tsa Jehova li e-na le botumo bo botle ka lilemo tse ngata. Kahoo, ha re batle ho etsa letho le ka senyang botumo boo.—Moe 10:1.
Ngola lengolo la Bibele le ka thusang Mokreste le seo a ka se etsang ha a le maemong a latelang:
Ha motho eo eseng Paki ao hanyetsa a halefile
Ha liaparo tsa hao, koloi ea hao le ntlo ea hao li le bohlasoa
Ha molao oa moo u lulang o bonahala o sa utloahale kapa ho le thata ho o mamela
Ke joang bafuputsi ba sebetsang Lefapheng la Bongoli ba etsang hore Lipaki Tsa Jehova li lule li e-na le botumo bo botle?
SHEBELLANG VIDEO EA HO RATA ’NETE LE HO E HLOMPHA EBE LE ARABA POTSO E LATELANG:
Ke’ng e u khahlang ka tsela eo mokhatlo o etsang bonnete ba hore litaba tseo o li ngolang li nepahetse?