SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 12
PINA EA 77 Ho Khantša Leseli Lefatšeng
Qoba ho ba Lefifing ’me u Lule u le Leseling
“Pele le ne le le lefifing empa hona joale le leseling.”—BAEF. 5:8.
NTLHA-KHOLO
Seo re ka ithutang sona mokhabo-puong oo Pauluse a o sebelisitseng lengolong la Baefese khaolo ea 5.
1, 2. (a) Pauluse o ne a le boemong bofe ha a ne a ngolla Baefese, hona ke hobane’ng ha a ile a ba ngolla? (b) Ke lipotso life tseo re tl’o li hlahloba?
MOAPOSTOLA PAULUSE o ne a batla ho khothatsa Bakreste-’moho le eena ha a ne a koaletsoe ka tlung Roma. Kaha o ne a sa khone ho ba etela, o ile a ba ngolla mangolo. O ile a ngola le leng la mangolo ao hoo e ka bang ka selemo sa 60 kapa 61 ’me le ne le ea ho Baefese.—Baef. 1:1; 4:1.
2 Lilemong tse ka bang leshome pele ho moo, Pauluse o ne a ile a qeta nako a le Efese, a bolela a bile a ruta litaba tse monate. (Lik. 19:1, 8-10; 20:20, 21) O ne a rata bara babo haholo a bile a batla ho ba thusa hore ba lule ba tšepahalla Jehova. Empa ke hobane’ng ha a ile a ngolla Bakreste ba tlotsitsoeng ka lefifi le leseli, hona Bakreste bohle ba ka ithuta eng ho seo a ileng a se bua? A re hlahlobeng likarabo tsa lipotso tsena.
HO TLOHA LEFIFING HO EA LESELING
3. Ke mantsoe afe ao Pauluse a ileng a a sebelisa e le mokhabo-puo lengolong leo a ileng a le ngolla Baefese?
3 Pauluse o ile a re ho Bakreste ba Efese: “Pele le ne le le lefifing empa hona joale le leseling.” (Baef. 5:8) Mona Pauluse o sebelisitse lefifi le leseli e le mokhabo-puo ho hlalosa maemo a mabeli a fapaneng. A re hlahlobeng hore na ke hobane’ng ha Pauluse a ile a re ho Baefese: “Pele le ne le le lefifing.”
4. Baefese ba ne ba le lefifing la bolumeli ba bohata ka tsela efe?
4 Lefifi la bolumeli ba bohata. Pele batho ba Efese ba ithuta ’nete ’me e e-ba Bakreste, ba ne ba le bolumeling ba bohata ba bile ba lumela boselamose. Motseng oa Efese ho ne ho e-na le tempele ea molimotsana oa Mogerike Artemise, eo batho ba mehleng eo ba neng ba e nka e le e ’ngoe ea lintho tse supileng tse ntle ka ho fetisisa tse kileng tsa ahoa. Batho ba ne ba ea tempeleng eo ho ea rapela litšoantšo. Batho ba neng ba etsa lintho tsa silevera ba ne ba etsa chelete e ngata ka ho etsa le ho rekisa litšoantšo tsa tempele le molimotsana oa eona. (Lik. 19:23-27) Hape batho ba bangata Efese e ne e le maselamose.—Lik. 19:19.
5. Baefese ba ne ba le lefifing la boitšoaro bo bobe ka tsela efe?
5 Lefifi la boitšoaro bo bobe. Batho ba Efese ba ne ba itšoere hampe haholo ba bile ba sa soabele boitšoaro ba bona bo bobe. Hangata lipapaling tsa kalaneng le meketeng ea bolumeli ho ne ho buuoa puo e litšila. (Baef. 5:3) Batho ba bangata Efese ba ne “ba se na mekhoa ho hang,” e leng polelo eo ka Segerike e bolelang hore ba ne ba “ khaotsa ho utloa bohloko.” (Baef. 4:17-19) Pele ba ithuta ka melao ea Jehova ea se nepahetseng le se fosahetseng, letsoalo la bona le ne le sa ba tšoenye ha ba entse ntho e fosahetseng. Ba ne ba boetse ba sa tsotelle hore na Jehova o ikutloa joang ka lintho tseo ba li etsang. Ke kahoo Pauluse a neng a ka re ka bona: “Likelello tsa bona li lefifing, ba suthetse hole le bophelo bo tsoang ho Molimo.”
6. Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a ka re ho Baefese “hona joale le leseling”?
6 Leha ho le joalo, ba bang ba Baefese ha baa ka ba lula ba le lefifing. Pauluse o ile a ngola a re ka bona: “Hona joale le leseling kaha le ba Morena.” (Baef. 5:8) Ba ne ba se ba phela tumellanong le Lentsoe la Jehova, leo e neng eka ke leseli le neng le ba tataisa. (Pes. 119:105) Ba ne ba se ba tlohetse litloaelo tsa bolumeli ba bohata le boitšoaro bo bobe. Ba ne ba se ba ‘etsisa Molimo’ ba bile ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho mo sebeletsa le ho mo thabisa.—Baef. 5:1.
7. Ke ka tsela efe re tšoanang le Bakreste ba bangata ba Efese?
7 Ka tsela e tšoanang, pele re ithuta ’nete re ne re le lefifing la bolumeli ba bohata le lefifing la boitšoaro bo bobe. Ba bang ba rona re ne re keteka matsatsi a phomolo a bolumeli ba bohata, ha ba bang ba rona re ne re phela re etsa boitšoaro bo bobe. Empa re ile ra etsa liphetoho ka mor’a ho ithuta ka melao ea Jehova ea se nepahetseng le se fosahetseng. Re ile ra qala ho phela ka tsela eo a batlang hore re phele ka eona ’me re fumane melemo e mengata. (Esa. 48:17) Leha ho le joalo, re ntse re tsoela pele re kopana le mathata. Re lokela hore re se ke ra khutlela lefifing leo re tsoang ho lona ’me re ‘tsoele pele re phela joaloka bana ba leseli.’ Re ka etsa seo joang?
Image digitally reproduced with the permission of the Papyrology Collection, Graduate Library, University of Michigan, P.Mich.inv. 6238. Licensed under CC by 3.0
Seo Pauluse a ileng a se ngolla Baefese ke keletso e lerato eo re ka e sebelisang mehleng ena (Sheba serapa sa 7)b
QOBA HO BA LEFIFING
8. Ho latela Baefese 5:3-5, Baefese ba ne ba lokela ho qoba eng?
8 Bala Baefese 5:3-5. E le hore Bakreste ba Baefese ba se ke ba khutlela lefifing la boitšoaro bo bobe, ba ne ba lokela ho tsoela pele ba etsa lintho tse thabisang Jehova. Ba ne ba lokela ho qoba ho etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano le puo e litšila. Pauluse o ile a hopotsa Baefese hore ba ne ba lokela ho qoba lintho tse joalo haeba ba ne ba batla “ho fumana ’Muso oa Kreste le oa Molimo.”
9. Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba eng kapa eng e ka qetellang e entse hore re etse boitšoaro bo bobe?
9 Le rona re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra etsa “lintho tse se nang thuso tsa lefifi.” (Baef. 5:11) Ke ’nete hore ha motho a sheba, a mamela kapa a bua ka lintho tse sa hloekang kapa tse litšila, ho ba bonolo hore a qetelle a etsa lintho tse fosahetseng. (Gen. 3:6; Jak. 1:14, 15) Naheng e ’ngoe, sehlopha se seng sa bara ba bo rona e ne e le metsoalle mocheng oa puisano. Qalong, boholo ba bona ba ne ba bua feela ka Jehova le Bibele. Hanyane ka hanyane ba ile ba qala ho bua ka lintho tse sa thabiseng Jehova. Hangata ba ne ba se ba qoqa ka thobalano. Hamorao, boholo ba bara bana ba bo rona ba ile ba lumela hore lipuo tseo tse litšila li ile tsa etsa hore ba qetelle ba entse boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano.
10. Satane o batla hore re nahane eng? (Baefese 5:6)
10 Lefatše la Satane le leka ho re thetsa. Le etsa hore re lumele hore boitšoaro boo Jehova a reng bo litšila ebile ha boa hloeka, ha bo phoso. (2 Pet. 2:19) Sena ha se re makatse. Esale Diabolose a ferekanya batho e le hore ba se ke ba khona ho lemoha se nepahetseng le se fosahetseng. (Esa. 5:20; 2 Bakor. 4:4) Ha ho makatse hore ebe li-movie, mananeo a thelevishene le liwebsaete li bontša lintho tse khahlanong le melao ea Jehova e lokileng. Satane o batla hore re nahane hore boitšoaro bo sa hloekang le litloaelo tse litšila tse tummeng lefatšeng lena, ha li phoso ebile li monate hape ha li kotsi.—Bala Baefese 5:6.
11. Se etsahaletseng Angela se bontša bohlokoa ba ho sebelisa keletso e ho Baefese 5:7 joang? (Sheba setšoantšo.)
11 Satane o batla hore re tloaelane le batho ba etsang hore ho be thata ho mamela melao ea Jehova. Ke kahoo Pauluse a ileng a re ho Baefese: “Le se ke la itsoakanya le bona,” e leng batho ba etsang lintho tse mpe mahlong a Molimo. (Baef. 5:7) Re lokela ho ba hlokolosi haholo le ho feta Baefese ba mehleng ea pele hobane ha re qete nako le batho ka seqo feela empa re boetse re qeta nako le bona mecheng ea puisano. Angelaa ea lulang Asia o ile a hlokomela kamoo mecha ea puisano e ka bang kotsi kateng. O re: “Hanyane ka hanyane e ka fetola tsela eo u nahanang ka eona. Ho e-s’o ee kae, ke ne ke se ke se na bothata ba ho ba le metsoalle mecheng ea puisano, ho akareletsa le e neng e sa hlomphe melao-motheo ea Bibele. Qetellong ke ne ke se ke nahana hore ho nepahetse ho phela ka tsela e sa khahliseng Jehova.” Empa ka lerato baholo ba ile ba thusa Angela ho etsa liphetoho tse hlokahalang. O re: “Hona joale ke se ke nahana ka Jehova le lintho tseo a li nahanang ho e-na le ho qeta nako e ngata ke le mecheng ea puisano.”
Ho mamela melao ea Jehova ho itšetlehile haholo ka metsoalle eo re e khethang (Sheba serapa sa 11)
12. Ke eng e ka re thusang ho lula re mamela melao ea Jehova ea se nepahetseng le se fosahetseng?
12 Re lokela ho loantša boikutlo boo batho ba bangata lefatšeng lena ba nang le bona ba ho nahana hore boitšoaro bo bobe boa amoheleha. Rea tseba hore bo fosahetse. (Baef. 4:19, 20) Leha ho le joalo, ke hantle hore re ipotse: ‘Na ke qeta nako ho sa hlokahale le basebetsi-’moho le ’na, bana bao ke kenang ka tlelaseng le bona kapa batho ba bang ba sa hlompheng melao ea Jehova e lokileng? Na ka sebete ke mamela melao ea Jehova le haeba batho ba bang ba ka re ha ke amohele batho ba bang le tsela eo ba phelang ka eona?’ Joalokaha 2 Timothea 2:20-22 e bontša, re ka ’na ra tlameha ho ba hlokolosi ha re khetha metsoalle le ka phuthehong. Rea hopola hore ba bang ba ka ’na ba se ke ba re thusa ho lula re tšepahalla Jehova.
PHELANG “JOALOKA BANA BA LESELI”
13. Ho bolela eng ho ‘tsoela pele re phela joaloka bana ba leseli’? (Baefese 5:7-9)
13 Pauluse o ile a eletsa Bakreste ba Efese hore ba tsoele pele ba qoba ho ba lefifing le hore ba ‘tsoele pele ba phela joaloka bana ba leseli.’ (Bala Baefese 5:7-9.) Ho etsa joalo ho bolela’ng? Ho bolela ho itšoara joaloka Bakreste ba ’nete ka linako tsohle. Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka atlehang ho etsa joalo ke ka ho bala Bibele ka hloko le ka ho ithuta lingoloa tse thehiloeng Bibeleng. Ho bohlokoa haholo ho latela mohlala oa Jesu Kreste le ho mamela lithuto tsa hae, joalokaha e le “leseli la lefatše.”—Joh. 8:12; Liprov. 6:23.
14. Moea o halalelang o ka re thusa joang?
14 Re boetse re hloka moea o halalelang oa Molimo e le hore re tsoele pele re phela “joaloka bana ba leseli.” Hobane’ng? Hobane ha ho bonolo ho lula re hloekile lefatšeng lena le tletseng boitšoaro bo bobe. (1 Bathes. 4:3-5, 7, 8) Moea o halalelang o ka re thusa hore re se ke ra nahana joaloka batho ba lefatše lena, ba sa shebeng lintho ka tsela eo Jehova a li shebang ka eona. O boetse o ka re thusa hore re hlahise “mefuta eohle ea lintho tse molemo le tse lokileng.”—Baef. 5:9.
15. Re ka fumana moea o halalelang ka litsela life? (Baefese 5:19, 20)
15 Tsela e ’ngoe ea ho fumana moea o halalelang ke ka hore re o rapelle. Jesu o ile a re Jehova “o tla fana ka moea o halalelang ho ba mo kopang.” (Luka 11:13) Re boetse re fumana moea o halalelang ha re rorisa Jehova hammoho libokeng tsa Bokreste. (Bala Baefese 5:19, 20.) Moea o halalelang oa Molimo o re susumeletsa hore re phele ka tsela e thabisang Molimo.
16. Ke eng e tla re thusa ho etsa liqeto tse nepahetseng? (Baefese 5:10, 17)
16 Ha re hloka ho etsa liqeto tsa bohlokoa, re lokela ho utloisisa “hore na thato ea Jehova ke efe” ’me re etse lintho tumellanong le eona. (Bala Baefese 5:10, 17.) Ha re batla melao-motheo e amanang le boemo ba rona, ho tšoana le ha re batla tsela eo Molimo a nahanang ka eona ka boemo ba rona. Kahoo, ha re e sebelisa, re tla khona ho etsa liqeto tse nepahetseng.
17. Re ka sebelisa nako ea rona hantle joang? (Baefese 5:15, 16) (Sheba setšoantšo.)
17 Pauluse o ile a boela a eletsa Bakreste ba Efese hore ba sebelise nako ea bona hantle. (Bala Baefese 5:15, 16.) “Ea khopo,” e leng sera sa rona Satane a ka rata ho re phathahanya ka lintho tsa lefatše lena hoo re ka hlokang nako ea ho sebeletsa Molimo. (1 Joh. 5:19, nal.) Ho ka ba bonolo hore Mokreste a amehe ka chelete, thuto kapa mosebetsi ho e-na le hore a amehe ka litsela tse ngata tseo a ka sebeletsang Jehova ka tsona. Ha seo se ka etsahala, ho tla be ho hlakile hore o nahana joaloka batho ba lefatše lena ba sa sebeletseng Jehova. ’Nete ke hore ha se hore lintho tsena li fosahetse empa ha lia lokela ho tla pele bophelong ba rona. E le hore re phele “joaloka bana ba leseli,” re lokela hore re ‘sebelise nako ea rona hantle,’ ka hore re amehe ka lintho tsa bohlokoa.
Bakreste ba Efese ba ile ba khothaletsoa ho sebelisa nako ea bona hantle (Sheba serapa sa 17)
18. Donald o ile a etsa’ng e le hore a sebelise nako ea hae hantle?
18 Batla litsela tsa ho sebeletsa Jehova haholoanyane. Sena ke seo Donald, ea lulang Afrika Boroa a ileng a se etsa. O re: “Ke ile ka nahana ka bophelo ba ka ’me ka rapela Jehova ka tieo hore a nthuse hore ke etse ho eketsehileng tšebeletsong. Ke ile ka rapella ho ba le mosebetsi o neng o tla ntumella hore ke be le nako e ngata ea ho ea tšimong. Jehova o ile a nthusa ho fumana mosebetsi o joalo. ’Na le mohatsa oa ka re ile ra qala ho sebeletsa Jehova tšebeletsong ea nako e tletseng.”
19. Re ka etsa’ng e le hore re tsoele pele re phela “joaloka bana ba leseli”?
19 E tlameha ebe lengolo leo Pauluse a ileng a le ngolla Baefese le ile la ba thusa hore ba lule ba tšepahalla Jehova. Le rona keletso eo e tsoang ho Jehova e ka re thusa. Joalokaha re ithutile, e ka re thusa hore re khethe boithabiso le metsoalle hantle. E ka re susumeletsa hore re tsoele pele re ithuta Bibele kamehla e le hore leseli la ’nete le ka tsoela pele ho re tataisa linthong tsohle. E hatisa bohlokoa ba moea o halalelang, o ka re thusang hore re be le makhabane a matle. Ho sebelisa keletso ea Pauluse ho ka re thusa hore re etse liqeto tse nepahetseng, tse lumellanang le seo Jehova a se nahanang. Ka ho etsa lintho tsena, re tla khona ho qoba lefifi la lefatše ’me re lule re le leseling.
U KA RE’NG?
Ho ea ka Baefese 5:8 ho ba “lefifing” le ho ba “leseling” ho bolela eng?
Re ka qoba ho ba “lefifing” joang?
Re ka ‘tsoela pele re phela joaloka bana ba leseli’ joang?
PINA EA 95 Leseli Lea Eketseha
a Mabitso a mang a fetotsoe.
b TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Kopi ea khale ea lengolo leo moapostola Pauluse a ileng a le ngolla Baefese.