Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w24 June leq. 32
  • Na u na le Tumelo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na u na le Tumelo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E-ba le Tumelo Litšepisong Tsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Tumelo e re Thusa ho ba Matla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Bontša Tumelo e Thehiloeng ’Neteng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • “Re fe Tumelo e Eketsehileng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
w24 June leq. 32

LIPOLELO TSE HLAHANG KA BIBELENG

Na u na le Tumelo?

Re lokela ho ba le tumelo e le hore re thabise Jehova. Empa Bibele e re “ha se batho bohle ba nang le tumelo.” (2 Bathes. 3:2) Ha moapostola Pauluse a ne a bua mantsoe ana, o ne a bua ka “batho ba kotsi le ba khopo” ba neng ba mo hlorisa, bao a neng a batla ho sireletsoa ho bona. Leha ho le joalo, ha a ne a bua ka tumelo, o ne a boetse a bua le ka batho ba bang. Batho ba bang ha ba batle ho lumela bopaki bo hlakileng ba hore Molimo ke ’Mopi. (Bar. 1:20) Le hoja batho ba bang ba re ba na le tumelo ho ntho e itseng kapa motho ea itseng ea nang le matla, Jehova ha a khahlisoe ke tumelo e joalo.

Re lokela ho lumela hore Jehova o teng le hore “o putsa” batho ba nang le tumelo e matla ho eena. (Baheb. 11:6) Tumelo ke tholoana e behoang ke moea o halalelang. Kahoo, e le hore re fumane moea o halalelang, re lokela ho kopa Jehova hore a re fe oona. (Luka 11:​9, 10, 13) Ntho e ’ngoe ea bohlokoa e ka re thusang hore re fumane moea o halalelang ke ho bala Bibele hobane Jehova o ile a sebelisa moea oa hae hore e ngoloe. Re ka nahanisisa ka lintho tseo re ithutileng tsona e le hore re ka li sebelisa bophelong ba rona. Ha re etsa joalo, moea o halalelang o tla re thusa hore re phele ka tsela e bontšang hore re na le tumelo re be re khahlise Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela