Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w24 October maq. 18-23
  • Bontša Hore u Ananela “Limpho [Tseo] e Leng Banna”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bontša Hore u Ananela “Limpho [Tseo] e Leng Banna”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BAHLANKA BA SEBELETSANG BA ETSA MESEBETSI E “THUSANG BA BANG”
  • BAHOLO BA PHUTHEHO ‘BA SEBETSA KA THATA HAR’A LONA’
  • BALEBELI BA POTOLOHO BA MATLAFATSA LIPHUTHEHO
  • HO HLOKAHALA “LIMPHO E LENG BANNA”
  • Bara ba bo Rona, na le Etsa Boiteko ba ho ba Bahlanka ba Sebeletsang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Bahlanka ba Sebeletsang ba Etsa Mosebetsi oa Bohlokoa
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • Bara ba bo Rona, na le Etsa Boiteko ba ho ba Baholo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • ‘Bitsa Baholo’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
w24 October maq. 18-23

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 42

PINA EA 103 Molimo o re File Balisa

Bontša Hore u Ananela “Limpho [Tseo] e Leng Banna”

“Ha a nyolohela holimo o ile a . . . fana ka limpho e leng banna.”—BAEF. 4:8.

NTLHA-KHOLO

Re tl’o ithuta hore na bahlanka ba sebeletsang, baholo le balebeli ba potoloho ba re thusa joang le hore na re ka bontša joang hore re ananela mosebetsi oo ba o etsang.

1. Tse ling tsa limpho tseo Jesu a re fileng tsona ke life?

HA HO na motho ea kileng a ba seatla se bulehileng ho feta Jesu. Ha a ne a le lefatšeng, o ile a ithaopela ho sebelisa matla ao a neng a e-na le ’ona a ho etsa mehlolo ho thusa batho ba bang. (Luka 9:​12-17) O ile a fana ka mpho e kholo ka ho fetisisa ka hore a tele bophelo ba hae bakeng sa rona. (Joh. 15:13) Jesu o ile a tsoela pele a le seatla se bulehileng le ka mor’a hore a tsosoe bafung. O ile a tšepisa hore o tla kopa Jehova hore a re fe moea o halalelang ho re ruta le ho re tšelisa ’me o ile a fela a etsa joalo. (Joh. 14:​16, 17, nal.; 16:13) Hape Jesu o sebelisa liboka ho re ruta ho etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa.—Mat. 28:​18-20.

2. Banna bao e leng “limpho” bao ho buuoang ka bona ho Baefese 4:​7, 8 ba akarelletsa bo-mang?

2 Ho na le mpho e ’ngoe hape eo Jesu a re fileng eona. Moapostola Pauluse o ile a re ka mor’a hore Jesu a nyolohele leholimong, o ile “a fana ka limpho e leng banna.” (Bala Baefese 4:​7, 8.) Pauluse o ile a hlalosa hore Jesu o fane ka banna bao e le hore ba thuse phutheho ka litsela tse sa tšoaneng. (Baef. 1:​22, 23; 4:​11-13) Mehleng ena, banna bao e leng “limpho” ba akarelletsa bahlanka ba sebeletsang, baholo ba phutheho le balebeli ba potoloho.a Ke ’nete hore banna bao ba etsa liphoso hobane ha baa phethahala. (Jak. 3:2) Ho ntse ho le joalo, Morena oa rona Jesu Kreste o ba sebelisetsa ho re thusa, ke limpho tseo a re fileng tsona.

3. Fana ka mohlala o bontšang kamoo kaofela ha rona re ka thusang banna bao eleng “limpho” kateng mosebetsing oo ba o etsang.

3 Jesu o file banna bana bao e leng “limpho” mosebetsi oa ho matlafatsa phutheho. (Baef. 4:12) Kaofela ha rona re ka ba thusa hore ba etse mosebetsi ona oa bohlokoa. A re etse mohlala ho hlakisa taba ena: Ha ho hahoa Holo ea ’Muso, ba bang baa haha, ba bang bona ba thusetsa ka ho lokisetsa hore ho be le lijo, lipalangoang le lintho tse ling. Ka tsela e tšoanang, kaofela ha rona re ka thusa bahlanka ba sebeletsang, baholo ba phutheho le balebeli ba potoloho ka lintho tseo re li buang le tseo re li etsang. Re tl’o ithuta hore na mosebetsi oa bona o boima o re tsoela molemo joang. Re tla boela re ithute hore na re ka etsa’ng ho bontša hore rea ba ananela le hore re ka bontša Jesu joang hore re ananela banna bana bao e leng “limpho” bao a re fileng bona.

BAHLANKA BA SEBELETSANG BA ETSA MESEBETSI E “THUSANG BA BANG”

4. Mehleng ea Bakreste ba pele bahlanka ba sebeletsang ba ne ba etsa mesebetsi efe e meng e neng e ‘thusa ba bang’?

4 Mehleng ea Bakreste ba pele, ba bang ba bara ba bo rona ba ne ba khethoa hore e be bahlanka ba sebeletsang. (1 Tim. 3:8) Ho bonahala eka moapostola Pauluse o ne a bua ka bona ha a ne a re ke “ba thusang ba bang.” (1 Bakor. 12:28) Ho ka etsahala hore ebe bahlanka ba sebeletsang ba ne ba thusa baholo ho etsa mesebetsi ea bohlokoa e le hore baholo ba ka shebana le ho ruta le ho lisa phutheho. Ka mohlala, ho ka etsahala hore ebe bahlanka ba sebeletsang ba ne ba thusetsa ka ho etsa likopi tsa Mangolo kapa ho reka thepa e hlokahalang bakeng sa ho etsa likopi tseo.

5. E meng ea mesebetsi ea bohlokoa eo bahlanka ba sebeletsang ba e etsang mehleng ee ke efe?

5 Nahana ka mesebetsi e meng ea bohlokoa eo bahlanka ba sebeletsang ba e etsang phuthehong ea heno. (1 Pet. 4:10) Ba ka fuoa mosebetsi oa ho hlokomela liak’haonte tsa phutheho kapa tšimo, ho etsa likopo tsa lingoliloeng le ho li fa bahoeletsi, ho sebetsa lefapheng la molumo, ho ba bahlokomeli kapa ho thusetsa ka ho hlokomela Holo ea ’Muso. Mesebetsi ena kaofela e bohlokoa ho etsa hore lintho li tsamaee ka tsela e hlophisehileng ka phuthehong. (1 Bakor. 14:40) Ho ekelletsa moo, bahlanka ba bang ba sebeletsang ba fana ka lipuo tsa phatlalatsa le lipuo tsa Seboka sa Bophelo le Tšebeletso. Mohlanka ea sebeletsang a ka boela a khethoa hore a thuse molebeli oa sehlopha. Ka linako tse ling, bahlanka ba sebeletsang ba tšoanelehang ba tsamaea le baholo ha ba etsa maeto a bolisa.

6. Re na le mabaka afe a ho ananela bahlanka ba sebeletsang?

6 Mosebetsi o etsoang ke bahlanka ba sebeletsang o tsoela phutheho molemo joang? Morali oa bo rona Beberlyb ea lulang Bolivia o re: “Ke khona ho thabela liboka ka botlalo ka lebaka la thuso ea bahlanka ba sebeletsang. Ka lebaka la mosebetsi oa bona, ke khona ho bina, ho fana ka likarabo, ho mamela lipuo le ho ithuta lintho tsa bohlokoa livideong le litšoantšong tse hlahisoang sekrineng. Ba etsa bonnete ba hore bohle ba tlang libokeng ba sireletsehile le hore ba sa khoneng ho tla ho tsona ka seqo ba kena ka marang-rang. Ka mor’a liboka ba thusetsa ka ho hloekisa, ba thusa ka liak’haonte le ho etsa bonnete ba hore re na le lingoloa tseo re li hlokang. Ke ba ananela haholo.” Morali oa bo rona Leslie ea lulang Colombia eo monna oa hae e leng moholo, o re: “Monna oa ka o itšetlehile ka bahlanka ba sebeletsang hore ba mo thuse ka mesebetsi e meng ea phutheho. Ke ananela tsela eo ba chesehang ka eona le hore ebe ba ikemiselitse ho mo thusa hobane ha e ne e se ka bona, a ka be a phathahane le ho feta.” Re kholisehile hore le uena u ikutloa joalo.—1 Tim. 3:13.

7. Re ka bontša joang hore re ananela bahlanka ba sebeletsang? (Sheba setšoantšo.)

7 Le hoja re ananela bahlanka ba sebeletsang, Bibele e re re bontše ka mantsoe le liketso hore rea ba ananela. (Bakol. 3:15) Mor’abo rona Kristofer ea lulang Finland ebile e le moholo o re: “Ke romella mohlanka ea sebeletsang karete kapa ke mo ngolle molaetsa ka fono oo ho ona ke qotsitseng temana ebe ke bolela ka ho toba hore na o nkhothalitse joang le hore na ke hobane’ng ha ke ananela mosebetsi oo a o etsang.” Mor’abo rona Pascal le morali oa bo rona Jael, e leng banyalani ba lulang New Caledonia, ba tloaetse ho rapella bahlanka ba sebeletsang. Mor’abo rona Pascal o re: “Morao tjena, re rapella bahlanka ba sebeletsang ba phuthehong ea rona haholo. Re leboha Jehova hore ebe o re file bona ebile re mo kopa hore a ba thuse.” Jehova o mamela lithapelo tse joalo ’me phutheho eohle e rua molemo ka lebaka la tsona.—2 Bakor. 1:11.

BAHOLO BA PHUTHEHO ‘BA SEBETSA KA THATA HAR’A LONA’

8. Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a re baholo ba mehleng ea Bakreste ba pele ba ne ba ‘sebetsa ka thata’? (1 Bathesalonika 5:​12, 13)

8 Mehleng ea Bakreste ba pele, baholo ba ne ba sebetsa ka thata bakeng sa phutheho. (Bala 1 Bathesalonika 5:​12, 13; 1 Tim. 5:17) Ba ne ba ‘tataisa’ phutheho ka hore ba tsamaise liboka le ho etsa liqeto e le sehlopha. Ba ne ba “eletsa” Bakreste-’moho le bona ka lerato e le hore phutheho e sireletsehe. (1 Bathes. 2:​11, 12; 2 Tim. 4:2) Hape ba ne ba sebetsa ka thata ho hlokomela malapa a bona le ho boloka setsoalle sa bona le Jehova se le matla.—1 Tim. 3:​2, 4; Tite 1:​6-9.

9. Ke mesebetsi efe eo baholo ba e etsang mehleng ee?

9 Le mehleng ena baholo ba phathahane. Ke baevangeli. (2 Tim. 4:5) Ba beha mohlala o motle ka hore ba chesehele tšimo, ba hlophisa mosebetsi oa boboleli tšimong ea phutheho ea habo bona ebile ba koetlisa ba bang hore ebe mesuoe e hloahloa. Hape ke baahloli ba mohau ba se nang khethollo. Ha Mokreste a etsa sebe se tebileng, baholo ba leka ka matla ho mo thusa ho lokisa kamano ea hae le Jehova. Ha ka nako e tšoanang, ba leka ho boloka phutheho e hloekile. (1 Bakor. 5:​12, 13; Bagal. 6:1) Mosebetsi o ka sehloohong oo baholo ba o etsang ke ho ba balisa. (1 Pet. 5:​1-3) Ba fana ka lipuo tse lokiselitsoeng hantle tse thehiloeng Bibeleng, ba etsa boiteko ba ho tseba motho e mong le e mong ka phuthehong ebile ba etsa maeto a bolisa. Holim’a mesebetsi e meng eo ba seng ba ntse ba e etsa, baholo ba bang baa thusetsa ha ho hahoa le ho hlokomela Liholo Tsa ’Muso le ha ho hlophisetsoa likopano. Ba bang ke litho tsa Likomiti Tsa Bohokahanyi le Lipetlele le Lihlopha Tsa ba Etelang Bakuli. Kannete baholo ba sebetsa ka thata molemong oa rona.

10. Ke mabaka afe a etsang hore re ananele baholo?

10 Jehova o ile a bolela esale pele hore balisa ba tla re hlokomela le hore ‘ha re sa tla hlola re tšoha kapa re tšaba.’ (Jer. 23:4) Morali oa bo rona Johanna ea lulang Finland, o ile a bona hore mantsoe ao ke ’nete ha ’mè oa hae a ne a kula haholo. O re: “Le hoja ke thatafalloa ho bolella ba bang maikutlo a ka, moholo e mong eo ke neng ke sa mo tloaela o ile a ’mamella, a rapela le ’na a ba a nkholisa hore Jehova oa nthata. Ha ke hopole hantle hore na o ile a re’ng empa ntho eo ke e hopolang ke hore ke ile ka ikutloa ke sireletsehile. Ke kholisehile hore Jehova o ile a mo romela ka nako e nepahetseng hore a tl’o nthusa.” Baholo ba phutheho ea heno ba u thusitse joang?

11. Re ka bontša joang hore re ananela baholo? (Sheba setšoantšo.)

11 Jehova o batla hore re bontše hore re ananela baholo ho tsoa pelong “ka lebaka la mosebetsi oa bona.” (1 Bathes. 5:​12, 13) Morali oabo rona Henrietta ea lulang Finland o re: “Baholo ba ikemiselitse ho thusa batho ba bang empa seo ha se bolele hore ba na le nako e ntseng e itja feela, ba na le matla a fetang a batho ba bang kapa hore ha ba na mathata. Ka linako tse ling ke ee ke re ho bona: ‘Oa tseba ke’ng? Ke batla u tsebe hore u moholo ea molemo haholo.’” Morali oa bo rona Sera oa Türkiyec o re: “Baholo ba hloka ho khothatsoa e le hore ba khone ho tsoela pele ba etsa mosebetsi oa bona. Kahoo, re ka ba ngolla likarete, ra ba memela lijong kapa ra sebetsa le bona tšimong.” Na ho na le moholo eo ka ho khetheha u ananelang mosebetsi oo a o etsang? Mo bontše hore oa mo ananela.—1 Bakor. 16:18.

Moholo o fana ka puo libokeng. Litšoantšo: Litsela tseo re ka bontšang hore re ananela baholo ka tsona. 1. Banyalani ba ja hammoho le moholo le mosali oa hae. 2. Morali oa bo rona ea holileng oa rapela. 3. Morali oa bo rona ea holileng o ngola karete.

U ka khothatsa banna ba khethiloeng e le hore ba khone ho tsoela pele ba etsa mosebetsi oa bona (Sheba lirapa tsa 7, 11, 15)


BALEBELI BA POTOLOHO BA MATLAFATSA LIPHUTHEHO

12. Mehleng ea Bakreste ba pele, Jesu o ile a etsa tokisetso efe e le hore liphutheho li matlafatsoe? (1 Bathesalonika 2:​7, 8)

12 Kreste Jesu o ile a khetha banna ba bang hore ba thuse phutheho ka tsela e ’ngoe. O ile a tataisa baholo ba Jerusalema hore ba rome Pauluse, Barnabase le ba bang hore ebe balebeli ba tsamaeang. (Lik. 11:22) Hobane’ng? E le hore ba matlafatse liphutheho, e leng ona mosebetsi oo baholo le bahlanka ba sebeletsang ba neng ba khethetsoe ho o etsa. (Lik. 15:​40, 41) Banna bao ba ile ba tela lintho tse ngata hore ba etse mosebetsi ona. Ka linako tse ling, ba ne ba bile ba beha bophelo ba bona kotsing e le hore ba rute le ho khothatsa Bakreste-’moho le bona.—Bala 1 Bathesalonika 2:​7, 8.

13. E meng ea mesebetsi eo balebeli ba potoloho ba e etsang ke efe?

13 Balebeli ba potoloho ba lula ba le tseleng. Ba bang ba tsamaea maeto a malelele haholo ha ba etela liphutheho. Beke e ’ngoe le e ’ngoe, molebeli oa potoloho o fana ka lipuo tse ’maloa, o etsa maeto a bolisa, o tšoara seboka sa bo-pula-maliboho, seboka sa baholo le liboka tsa tšebeletso ea tšimo. O lokisetsa lipuo le ho hlophisa likopano tsa potoloho le tsa setereke. Oa ruta likolong tsa bo-pula-maliboho ebile o lokisetsa hore ho be le seboka se khethehileng le bo-pula-maliboho ba potolohong eo a leng ho eona. Ho ekelletsa moo, o etsa mesebetsi e meng ea bohlokoa eo a e fuoang ke ofisi ea lekala eo ka linako tse ling e potlakileng.

14. Re na le mabaka afe a ho ananela balebeli ba potoloho?

14 Liphutheho li fumana molemo ofe ka lebaka la mosebetsi oa bohlokoa o etsoang ke balebeli ba potoloho? Mor’abo rona e mong oa Türkiye ha a bua ka liketelo tsa molebeli oa potoloho, o re: “Kamehla, ketelo ea molebeli oa potoloho e ntšusumelletsa hore ke qete nako e ngata le ho feta ke thusa banab’eso. Ke kopane le balebeli ba potoloho ba bangata ’me e mong le e mong oa bona o ne a atameleha ebile a mpha nako ea hae.” Morali oa bo rona Johanna eo re buileng ka eena pejana, o ile a sebetsa le molebeli oa potoloho tšimong empa ha baa ka ba fumana motho le ea mong. O re: “Leha ho le joalo, ke tla lula ke hopola letsatsi leo. Bo-ausi ba ka ba babeli ba ne ba qeta ho falla ’me ke ne ke ba hlolohetsoe haholo. Molebeli oa potoloho o ile a nkhothatsa ka mosa a ba a nthusa ho bona hore tšebeletsong ea Jehova, karohano ke ea nakoana empa lefatšeng le lecha re tla lula re e-na le menyetla e mengata ea ho ba ’moho.” Bana ba bo rona ba bangata ba ananela haholo tsela eo balebeli ba potoloho ba ileng ba ba thusa ka eona.—Lik. 20:37–21:1.

15. (a) Ho ea ka 3 Johanne 5-8, re ka etsa’ng ho bontša hore re ananela balebeli ba potoloho? (Sheba setšoantšo.) (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho nahanela basali ba banna bao e leng balisa, hona re ka bontša joang hore rea ba nahanela? (Sheba lebokose le reng: “Hopolang Basali ba Bona.”)

15 Moapostola Johanne o ile a khothalletsa Gaiase ho amohela bara ba bo rona ba etetseng phutheho le hore ‘a etse sohle seo a ka se khonang hore a ba thuse ka tsela e tla thabisa Molimo.’ (Bala 3 Johanne 5-8.) Tsela e ’ngoe ea ho etsa joalo, ke ka ho memela molebeli oa potoloho lijong. Re ka boela ra ba teng tšimong ha a etetse phutheho. Morali oa bo rona Leslie, eo re seng re buile ka eena, o bontša ka litsela tse ling hore oa ba ananela. O re: “Ke rapella hore Jehova a ba thuse ka lintho tseo ba li hlokang. Hape ’na le mohats’aka re ile ra ba ngolla mangolo, ra ba bolella hore na ba re thusitse hakaakang nakong eo ba neng ba re etetse.” Re hopole hore balebeli ba potoloho ke batho joaloka rona. Ka linako tse ling, baa kula, baa imeloa kelellong ebile baa nyahama. Mohlomong mantsoe a hao a mosa kapa mpho e nyenyane eo u ba fang eona, e ka ba karabo ea lithapelo tseo ba li etsang ha ba kopa thuso ho Jehova.—Liprov. 12:25.

Hopolang Basali ba Bona

Basali ba bahlanka ba sebeletsang, ba baholo le ba balebeli ba potoloho, hangata ba tela nako ea bona le banna ba bona e le hore banna ba bona ba ka thusa phutheho. Morali oa bo rona e mong o re: “Ho tšoana le ha eka ba alima Jehova banna ba bona. Ke kholisehile hore Jehova o ba nka e le barali ba hae ba ratehang.” Re ka bontša joang hore re ananela barali baa ba bo rona?

  • Ba lebohe. Ho re feela ho bona: “Rea leboha hore ebe le tetse nako le banna ba lona e le hore ba thuse phutheho” ho ka ba khothatsa haholo.

  • Ba nahanele. Ikutloe o lokolohile ho atamela bara bana ba bo rona haeba o e-na le mathata empa hopola hore ba ntse ba hloka ho qeta nako le ba malapa a bona. (1 Tim. 3:​4, 5, 12) Ba hloka ho qeta nako ba le bang le basali ba bona le bana ba bona ha ba le tšimong, ba etsa borapeli ba lelapa le ha ba ithabisa.

  • Ba rapelle. Joaloka ha banna ba bona e le “limpho” le ‘basali ba bohlale ke limpho tse tsoang ho Jehova.’ (Liprov. 19:14) Leboha Jehova ka hore o re file barali bana ba bo rona o be o mo kope hore a ba matlafatse.

HO HLOKAHALA “LIMPHO E LENG BANNA”

16. Bara ba bo rona ba ka ipotsa lipotso life ba nahanne ka Liproverbia 3:27?

16 Lefatšeng lohle, ho hlokahala bara ba bo rona ba eketsehileng ba tla sebeletsa e le “limpho.” Haeba u mor’abo rona ea kolobelitsoeng, na ‘ho matleng a hao ho thusa’? (Bala Liproverbia 3:27.) Na u ikemiselitse ho sebeletsa hore u tšoanelehe ho ba mohlanka ea sebeletsang? Haeba u mohlanka ea sebeletsang, na u ikemiselitse ho sebetsa ka thata hore u be moholo e le hore u thuse bana beno?d Na u ka etsa liphetoho bophelong ba hao e le hore u khone ho etsa kopo ea ho ea Sekolong sa Baevangeli ba ’Muso (SKE)? Sekolo seo se tla u koetlisa e le hore u sebelisoe ke Jesu haholoanyane. Haeba u utloa eka ha u tšoanelehe, rapela Jehova. Mo kope hore a u thuse ka moea o halalelang e le hore u ka atleha ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe oo u o fuoang ka phuthehong.—Luka 11:13; Lik. 20:28.

17. “Limpho tseo e leng banna” li re ruta’ng ka Morena oa rona, Kreste Jesu?

17 Bara ba bo rona bao Jesu a ba khethileng e le “limpho” ke bopaki ba hore o ntse a re tataisa mehleng ena ea bofelo. (Mat. 28:20) Re leboha hore ebe re na le Morena ea lerato le ea seatla se bulehileng, ea tsebang lintho tseo re li hlokang ebile o re file bara ba bo rona ho re thusa. Kahoo, batla menyetla ea ho bontša hore u ananela bara bana ba bo rona ba sebetsang ka thata. U se ke oa lebala ho leboha Jehova hobane ke eena Mofani oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng.”—Jak. 1:17.

KE HOBANE’NG HA U ANANELA MOSEBETSI OA . . .

  • bahlanka ba sebeletsang?

  • baholo?

  • balebeli ba potoloho?

PINA EA 99 Bakreste-’moho le ’Na ba Limilione

a Bara ba bo rona ba Sehlopha se Busang, bathusi ba Sehlopha se Busang, litho tsa Komiti ea Lekala le ba bang ba sebeletsang likarolong tse ling tsa tšebeletso le bona ke “limpho [tseo] e leng banna.”

b Mabitso a mang a fetotsoe.

c Pele e ne e bitsoa Turkey.

d E le hore u bone hore na u ka etsa’ng e le hore u sebeletse joaloka mohlanka ea sebeletsang kapa moholo, bala lihlooho tse reng: “Bara ba bo Rona, na le Etsa Boiteko ba ho ba Bahlanka ba Sebeletsang?” le “Bara ba bo Rona, na le Etsa Boiteko ba ho ba Baholo?” tsa Molula-Qhooa oa November 2024.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela