Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp25 no. 1 maq. 4-5
  • Ntoa le Liketsahalo Tse Sehloho li re Ama Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ntoa le Liketsahalo Tse Sehloho li re Ama Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2025
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bibele e re Lintoa Tse Ntseng li Etsahala Hona Joale li Tla Fela Neng?
    Lihlooho Tse Ling
  • Lintoa le Liketsahalo Tse Sehloho li Tla Felisoa Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2025
  • Ntoa
    Tsoha!—2017
  • Re Kena Selemong sa Bobeli ho E-na le Ntoa Ukraine—Bibele e Fana ka Tšepo Efe Mabapi le Lintoa?
    Lihlooho Tse Ling
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2025
wp25 no. 1 maq. 4-5
Litšoantšo: 1. Lesole le tsamaea lepalapaleng le setsoe morao ke kanono. 2. Banna, basali, le bana ba merabe e sa tšoaneng ba angoeng ke ntoa.

Ntoa le Liketsahalo Tse Sehloho li re Ama Joang?

“Ho tloha ka ntoa ea bobeli ea lefatše, lefatše le tobane le liketsahalo tse ngata tse sehlooho tse bang teng, hoo e ka bang motho a le mong ho ba bane ba phelang lefatšeng ba phela libakeng tse senyehileng ka lebaka la ntoa.”

Motlatsi oa mongoli kakaretso oa Machaba a Kopaneng Amina J. Mohammed, la 26 January 2023.

Ka tšohanyetso ntoa e ka qala le libakeng tseo u neng u sa lebella hore e ka ba teng ho tsona hape ntoa e boetse e ama le batho ba sa luleng moo e leng teng.Ha ntoa e se e emisitse litla-morao tsa teng li nka nako e telele li le teng.Nahana ka mehlala e latelang:

  • Setšoantšo se hlahisitseng matsoho a mabeli a tšoereng sekotlolo.

    Khaello ea lijo. Ho ea ka mokhatlo oa World Food Programme, “ntoa ke lona lebaka le ka sehloohong le etsang hore ho be le tlala ’me batho ba bangata ba se nang lijo tse lekaneng ba phela linaheng tseo ho nang le ntoa.”

  • Setšoantšo se hlahitseng ’me ea utloileng bohloko a ikoahetseng sefahleho ka matsoho.

    Ntoa e lematsa batho ’meleng le kelellong. Ha ho bonahala e ka ntoa e tla ba teng, batho ba lulang sebakeng seo ba nahana le ho tšoenyeha haholo.Batho ba lulang sebakeng seo ho loanoang ho sona ha ba lemale fela ’meleng empa ba boetse ba lemala kelellong. Ka masoabi, batho bana hangata ba qetella ba sa fumane thuso lipetlele.

  • Setšoantšo se hlahisitseng lelapa le roetseng thoto ea lona.

    Batho ba qobelleha ho siea matlo a bona. Ka September 2023, Mokomishinara ea Phahameng oa Machaba a Kopaneng oa Baphaphathehi, o ile a re batho ba fetang limilione tse 114 lefatšeng lohle ba ile ba qobelleha ho siea matlo a bona. Lebaka le ka sehloohong la masisa-pelo ana ebile ntoa le liketsahalo tse sehloho.

  • Setšoantšo se hlahisitseng lelapa le eme ka pela ntlo ea lona.

    Ho putlama ha moruo. Hangata ha ho e-ba le ntoa moruo oa naha o a putlama ’me seo se etsa hore lintho li be theko e phahameng. Batho ba ka ’na ba sotleha ka lebaka la hore ’muso o sebelisa chelete e ngata ho reka libetsa tsa ntoa, ho e-na le ho e sebelisa bakeng sa hore batho ba fumane thuto le litšebeletso tsa bongaka. Ka mor’a hore ntoa e emise ho ba boima ho lokisa tšenyo e bakiloeng ke ntoa hobane ho hlokahala chelete e ngata.

  • Setšoantšo se hlahisitseng peipe e qhalang oli.

    Ntoa e senya lefatše. Batho ba sotleha ha sebaka seo ba lulang ho sona se senngoa ka boomo. Metsi a litšila,moea esita le mobu li ka etsa hore batho ba kule ka nako e telele ebile ba ba kotsing ea ho bolaoa ke liqhomane tse siiloeng ka mor’a hore ntoa e emise.

Ha ho pelaelo hore ntoa e baka tšenyo e kholo e bile e senya chelete e ngata

Bibele e Ile ea Re’ng ka Ntoa

Bibele e ile ea profeta hore ntoa le liketsahalo tse sehloho e tla ba karolo ea lintho tse bontšang “hore lefatše lea fela.” (Matheu 24:3) Jesu o ile a bua esale pele a re:

  • “Le tla utloela ka lintoa le litlaleho tsa lintoa. . . . Lichaba li tla loantšana le mebuso e hlaselane.”—Matheu 24:​6, 7.

  • “Ha le utloela ka lintoa le merusu, le se ke la tšoha.”—Luka 21:9.

    Lentsoe “merusu” le ka sebelisoa ha ho buua ka mafu a bang teng, ho hloka botsitso,ho loantša ’muso, borabele, ho loantšana ha mekhatlo ea lipolotiki le mehoanto.

E le hore u ithute ho eketsehileng ka taba ena, bala sehlooho se re’ng: “Keng e Bontšang Hore re Phela Mehleng ea Bofelo?” ho jw.org/st

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela