Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w25 February maq. 30-31
  • Potso e Bonolo eo u ka e Botsang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Potso e Bonolo eo u ka e Botsang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Bona! Lekhabunyane la Jehova!”
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Maria?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • “Bona! Lekhabunyane la Jehova!”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • O Ile a Mamella Bohloko bo Otlang Pelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
w25 February maq. 30-31
Morali oa bo rona le monna oa hae ba khannela ’me e mong thuto ea Bibele ka marang-rang.

Potso e Bonolo eo u ka e Botsang

Mary le monna oa hae John,a ba lula naheng eo ho eona ba khonang ho bolela litaba tse monate ho batho ba bangata ba tsoang naheng ea Philippines. Ka nako ea seoa sa COVID-19, Mary o khonne ho qala lithuto tsa Bibele naheng ea habo le linaheng tse ling. O khonne joang?

Mary o ne a botsa batho bao a ithutang Bibele le bona a re, “Na ho na le motho e mong eo u mo tsebang ea ka thabelang ho ithuta Bibele?” Haeba motho a re e, Mary o ne a re, “Na u ka ntsebisa eena?” Ho botsa potso ena hangata ho ne ho beha litholoana tse ntle. Hobane’ng? Hangata batho ba ratang seo ba ntseng ba ithuta sona ka Lentsoeng la Molimo, ba batla ho se arolelana le beng ka bona le metsoalle. Melemo ea ho botsa potso ee e bile e fe?

Jasmin ea neng a ithuta Bibele le Mary, o ile a tsebisa Mary batho ba bane ba neng ba batla ho ithuta Bibele. E mong oa bona e leng Kristine, o ile a thabela thuto ea Bibele hoo a ileng a kopa Mary hore ba ithute habeli ka beke. Ha Mary a mo botsa hore na ha a tsebe motho e mong ea batlang ho ithuta Bibele, Kristine o ile a re, “Ba teng, ke tla u tsebisa metsoalle ea ka.” Le pele beke e fela, Kristine o ile a tsebisa Mary metsoalle ea hae e mene e neng e batla ho ithuta Bibele. Hamorao, Kristine o ile a tsebisa Mary metsoalle e meng ea hae eo le eona e ileng ea mo tsebisa metsoalle e meng ea eona.

Kristine o ne a boetse a batla hore ba lelapa la hae ba Philippines ba ithute Bibele. Kahoo, o ile a bua le morali oa hae Andrea. Qalong, Andrea o ne a nahana hore ‘Lipaki ke bolumeli bo sa tloaelehang, ha ba lumele ho Jesu ebile ba sebelisa Testamente ea Khale feela.’ Empa ka mor’a hore a ithute ha ’ngoe o ile a hlokomela hore lintho tseo a neng a li nahana ka Lipaki Tsa Jehova e ne e se ’nete. Nako le nako ha a ne a ithuta ntho e ncha ka Bibeleng o ne a re, “Hobane e tsoa ka Bibeleng, ke ’nete.”

Ha nako e ntse e-ea, Andrea o ile a tsebisa Mary metsoalle ea hae e ’meli le mosebetsi-’moho le eena ba ileng ba qala ho ithuta. Hape, Mary o ne a sa tsebe hore rakhali oa Andrea ea sa boneng e leng Angela, o ne a mamela ha ba ntse ba ithuta Bibele. Ka le leng Angela o ile a re Andrea a kope Mary hore a ithute Bibele le eena. Angela o ne a rata seo a neng a ithuta sona. Le pele khoeli e fela, o ne a se a tšoere mangolo a mangata ka hlooho ’me o ne a batla ho ithuta Bibele ka makhetlo a mane bekeng. Andrea o ne a thusa Angela hore a kene liboka ka marang-rang kamehla.

Ha Mary a utloa hore monna oa Kristine e leng Joshua o ne a lula a mametse ha ba ntse ba ithuta, Mary o ile a botsa Joshua hore na a ka se thabele ho ithuta le bona. Joshua o ile a re, “Ke tla mamela feela empa u se ke oa mpotsa lipotso. Haeba u ka mpotsa ke tla tsamaea.” Le pele ho fela metsotso e mehlano ba ntse ba ithuta, o ne a botsa lipotso tse ngata ho feta tseo Kristine a neng a li botsa ’me o ile a batla ho tsoela pele a ithuta Bibele.

Potso e bonolo ea Mary e ile ea etsa hore ho be le lithuto tsa Bibele tse ngata. O ile a kopa Lipaki tse ling hore li ithute le ba bang. Ka kakaretso, Mary o ile a qala lithuto tsa Bibele tse 28 linaheng tse ’nè tse fapaneng.

Jasmin e leng seithuti sa pele seo re buileng ka sona phihlelong ena, o ile a kolobetsoa ka April 2021. Kristine o kolobelitsoe ka May 2022 ’me o khutletse Philippines hore a il’o ba le lelapa la hae. Batho ba bang ba babeli bao Kristine a ileng a tsebisa Mary hore ba batla ho ithuta Bibele, le bona ba kolobelitsoe. Angela o ile a kolobetsoa likhoeli tse seng kae hamorao ’me hona joale ke pula-maliboho ea kamehla. Monna oa Kristine e leng Joshua le morali oa hae Andrea hammoho le batho ba bang ba ’maloa ba ileng ba ithuta Bibele le eena ba ntse ba hatela pele hantle.

Morali oa bo rona ea hlahileng setšoantsong sa pele, o bua le seithuti sa hae le metsoalle ea sona e mene ka marang-rang.

Mehleng ea baapostola, batho ba bangata ba ile ba bolella metsoalle ea bona le ba lelapa lintho tseo ba ithutileng tsona ka Jesu. (Joh. 1:​41, 42a; Lik. 10:​24, 27, 48; 16:​25-33) Mohlomong le uena u ka ’na oa botsa batho bao u ithutang Bibele le bona le batho ba thahasellang oa re, “Na u tseba motho e mong ea ka thabelang ho ithuta Bibele?” Ha u ka botsa potso ena e bonolo mohlomong le uena u ka fumana batho ba bangata bao u ka ithutang Bibele le bona.

a Mabitso a fetotsoe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela