Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w25 March maq. 8-13
  • Etsisa Tsela eo Jehova le Jesu ba Nahanang ka Eona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Etsisa Tsela eo Jehova le Jesu ba Nahanang ka Eona
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ETSISA TSELA EO JEHOVA A NAHANANG KA EONA
  • IKOKOBETSE
  • U HLAPHOHELOE KELELLONG
  • O Ithutile ho Tšoarela ho Mong’a Hae
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • Liqeto Tse Bontšang Hore re Tšepa Jehova
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • O ne a Tšepahala ho sa Tsotellehe Liteko
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • O Ithutile ho Tšoarela ho Mong’a Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
w25 March maq. 8-13

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 10

PINA EA 31 Le Tsamaee le Molimo

Etsisa Tsela eo Jehova le Jesu ba Nahanang ka Eona

“Kreste o ile a utloa bohloko ha e sa ntse e le motho. Le lona le itokisetse ho nahana joaloka Kreste.”—1 PET. 4:1.

NTLHA-KHOLO

Re tl’o ithuta kamoo moapostola Petrose a ileng a ithuta tseleng eo Jesu a nahanang ka eona le hore na rona re ka nahana joaloka Jesu joang.

1, 2. Ho rata Jehova ho akarelletsa eng, hona Jesu o ile a bontša seo joang?

“U RATE Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle, ka moea oa hao oohle, ka matla a hao ’ohle le ka kelello ea hao eohle.” (Luka 10:27) Jesu o ile a hlakisa hore molao ona e ne e le oa bohlokoa ka ho fetisisa Molaong oa Moshe. Hlokomela hore tsela eo re ratang Jehova ka eona e ama lipelo tsa rona, e leng se akarelletsang lintho tseo re li batlang le tsela eo re ikutloang ka eona. E boetse e akarelletsa ho inehela ho Jehova ka ho felletseng le kamoo re sebelisang matla a rona kateng. Leha ho le joalo, ho rata Jehova ho boetse ho ama likelello tsa rona, e leng se akarelletsang tsela eo re nahanang ka eona ka lintho tse itseng. Ke ’nete hore re ke ke ra utloisisa ka ho felletseng tsela eo Jehova a nahanang ka eona. Empa re ka utloisisa haholoanyane tsela eo Molimo a nahanang ka eona ka hore re ithute ho “nahana joaloka Kreste,” hobane Jesu o bonahatsa ka ho phethahetseng tsela eo Ntate oa hae a nahanang ka eona.—1 Bakor. 2:16.

2 Jesu o ne a rata Jehova ka kelello ea hae eohle. O ne a tseba hore na thato ea Molimo ke efe ka eena ’me o ne a ikemiselitse ho etsa lintho tumellanong le eona, le hoja seo se ne se bolela hore o tla utloa bohloko ka lebaka la ho emela se nepahetseng. Kaha Jesu o ne a ikemiselitse ho etsa thato ea Ntate oa hae, ha aa ka a lumella letho hore le mo sitise ho finyella pakane eo.

3. Moapostola Petrose o ile a ithuta eng ho Jesu, hona o ile a khothalletsa Bakreste-’moho le eena hore ba etse’ng? (1 Petrose 4:1)

3 Petrose le baapostola ba bang ba ile ba e-ba le tokelo ea ho qeta nako le Jesu le ho ithuta kamoo a nahanang kateng. Ha Petrose a ngola lengolo la hae le qalang le bululetsoeng, o ile a khothalletsa Bakreste hore ba itokisetse ho nahana joaloka Kreste. (Bala 1 Petrose 4:1.) Ha Petrose a ne a re: ‘Le lona le itokise,’ o ne a sebelisa lentsoe le neng le sebelisoa ha masole a itokisetsa ho ea ntoeng. Kahoo, haeba Bakreste ba etsisa tsela eo Jesu a nahanang ka eona, ba tla be ba e-na le sebetsa se matla seo ba ka se sebelisang ho loantša litloaelo tsa ho etsa sebe le ho loantša lefatše lena le laoloang ke Satane.—2 Bakor. 10:3-5; Baef. 6:12.

4. Re tl’o ithuta eng sehloohong see?

4 Sehloohong sena re tl’o hlahloba tsela eo Jesu a nahanang ka eona ’me re bone hore na rona re ka mo etsisa joang. Re tla bona hore na ke joang (1) re ka etsisang tsela eo Jehova a nahanang ka eona, e leng se tla re thusa hore kaofela re nahane ka tsela e lumellanang, (2) re ka ikokobetsang le (3) re ka hlaphoheloang likelellong ka hore re itšetlehe ka Jehova ka thapelo.

ETSISA TSELA EO JEHOVA A NAHANANG KA EONA

5. Ke joang Petrose a ileng a hloleha ho nahana ka tsela eo Jehova a nahanang ka eona?

5 Nahana ka ketsahalo e ’ngoe moo Petrose a sa kang a bonahatsa tsela eo Jehova a nahanang ka eona. Jesu o ile a bolella baapostola ba hae hore o tla ea Jerusalema, ho nehelanoe ka eena ho baeta-pele ba bolumeli, a mamelle tlhokofatso ’me hamorao a bolaoe. (Mat. 16:21) Petrose o ile a thatafalloa ke ho utloisisa hore na ke joang Jehova a ka lumellang hore Jesu a bolaoe hobane e ne e le eena Mesia ea tšepisitsoeng, hape e ne e le eena ea neng a tla pholosa Baiseraele. (Mat. 16:16) Eaba Petrose o nkela Jesu ka thoko o re ho eena: “Ikhauhele, Morena. Ho hang u ke ke oa etsahalloa ke ntho e tjena.” (Mat. 16:22) Kaha Petrose ha aa ka a nahana joaloka Jehova boemong bona, ha baa ka ba lumellana le Jesu.

6. Ke ka tsela efe Jesu a ileng a bontša hore o nahana joaloka Jehova?

6 Jesu o ne a nahana joaloka Ntate oa hae ea leholimong hantle. Jesu o ile a re ho Petrose: “Tloha Satane! U tšitiso ho ’na hobane u nahana menahano ea batho eseng ea Molimo.” (Mat. 16:23) Ho ka etsahala hore sepheo seo Petrose a neng a fa Jesu keletso ka sona se ne se le setle empa Jesu o ile a hana keletso ea Petrose. Ho na le seo re ka ithutang sona moo. Thato ea Jehova e ne e se hore Jesu a phele bophelo ba ho iqenehela. Ketsahalong eo, Petrose o ile a ithuta ntlha ea bohlokoa ea hore a ithute ho nahana ka tsela eo Molimo a nahanang ka eona.

7. Hamorao Petrose o ile a bontša joang hore o batla ho nahana joaloka Jehova? (Sheba setšoantšo.)

7 Hamorao, Petrose o ile a bontša hore o ne a batla ho nahana joaloka Jehova. Nako e ne e fihlile ea hore Balichaba ba sa bollang e be karolo ea batho ba Molimo. Petrose o ile a fuoa kabelo ea hore a rute Molichaba ea bitsoang Korneliase, e leng e mong oa Balichaba ba pele ba ileng ba fetoha Bakreste. Bajuda ba ne ba sa rate ho ikopanya le Balichaba, ke kahoo Petrose a neng a lokela ho lokisa tsela eo a nahanang ka eona e le hore a khone ho phetha kabelo ea hae. Ha Petrose a hlokomela hore na thato ea Molimo ke efe ka taba ena, o ile a lokisa tsela eo a bonang lintho ka eona. Ke kahoo ha a ne a romeloa kabelong eo a ileng a ea a “sa tsila-tsile.” (Lik. 10:28, 29) O ile a ruta Korneliase le ba lelapa la hae ’me ba ile ba kolobetsoa.—Lik. 10:21-23, 34, 35, 44-48.

Korneliase o isa Petrose le batho bao a tsamaeang le bona ka kamoreng e ka holimo ea ntlo ea hae.

Petrose o kena ka tlung ea Korneliase (Sheba serapa sa 7)


8. Re ka bontša joang hore re nahana ka tsela eo Jehova a nahanang ka eona? (1 Petrose 3:8, nal.)

8 Lilemo hamorao, Petrose o ile a khothalletsa Bakreste-’moho le eena hore ba “nahane ka tsela e tšoanang.” (Bala 1 Petrose 3:8, nal.) Joaloka batho ba Jehova, re ka nahana ka tsela e tšoanang ka hore re ithute tsela eo Jehova a nahanang ka eona ka Lentsoeng la hae. Ka mohlala, Jesu o ile a khothalletsa balateli ba hae hore ba etse hore ’Muso oa Molimo ebe oona o tlang pele bophelong ba bona. (Mat. 6:33) Re ntse re nahanne ka taba ena, mohoeletsi phuthehong ea heno a ka etsa qeto ea hore a kenele tšebeletso ea nako e tletseng. Ho e-na le ho mo bolella hore a ikhauhele kapa a iqenehele, re lokela hore re bue hantle ka qeto eo a e entseng re be re mo tšehetse.

IKOKOBETSE

9, 10. Jesu o ile a bontša joang hore o ikokobelitse haholo?

9 Bosiung ba ho qetela pele Jesu a bolaoa, o ile a ruta Petrose le baapostola ba bang thuto ea bohlokoa e amanang le boikokobetso. Pejana hona letsatsing leo, Jesu o ile a romela Petrose le Johanne hore ba e’o lokisa lintho bakeng sa hore a tl’o ja lijo le bona ka lekhetlo la ho qetela pele a shoa. Ho ka etsahala hore litlhophiso tseo li ne li akarelletsa ho etsa bonnete ba hore beisine le lithaole li teng e le hore baeti ba ka hlatsuoa maoto pele ba ja. Empa ke mang ea neng a ka etsa mosebetsi oo oa boemo bo tlase ha nako ea teng e fihla?

10 Jesu ke eena ea ileng a phetha mosebetsi ona ’me o ile a bontša hore o ikokobelitse haholo. Baapostola ba hae ba ne ba maketse haholo hobane mosebetsi oo o ne o etsoa ke basebeletsi. Jesu o ile a hlobola seaparo sa hae sa ka holimo, a itlama ka thaole thekeng eaba o tšela metsi ka beisineng ka mor’a moo a qala ho ba hlatsoa maoto. (Joh. 13:4, 5) E tlameha ebe ho mo nkile nako ho hlatsoa maoto a baapostola ba 12, ho akarelletsa le a Judase, eo hamorao a neng a tl’o rekisa Jesu. Ho ntse ho le joalo, Jesu o ile a phetha kabelo eo ka boikokobetso. Ka mamello Jesu o ile a ba hlalosetsa a re: “Na lea utloisisa hore na ke hobane’ng ha ke le hlatsoitse maoto? Le nepile ha le mpitsa Mosuoe le Morena. Joale haeba ’na Mosuoe le Morena ke le hlatsoitse maoto, le lona le tšoanela ho hlatsoana maoto.”—Joh. 13:12-14.

Boikokobetso ba ’nete bo akarelletsa . . . tsela eo re nkang ba bang ka eona le eo re inkang ka eona

11. Petrose o ile a bontša joang hore o ile a ithuta ho ikokobetsa? (1 Petrose 5:5) (Sheba setšoantšo.)

11 Petrose o ile a ithuta boikokobetso ho Jesu. Ka mor’a hore Jesu a khutlele leholimong, Petrose o ile a etsa mohlolo oa hore a folise monna e mong ea neng a hlahile a holofetse. (Lik. 1:8, 9; 3:2, 6-8) Mohlolo ona o ile oa etsa hore batho ba bangata ba bokanele Petrose. (Lik. 3:11) Na Petrose o ne a tla ithorisa ka lebaka la ketso eo, joalokaha a holetse sebakeng seo batho ba teng ba ratang maemo ebile ba a khothalletsa? Che. Petrose ka boikokobetso o ile a isa thoriso eo ho batho bao e ba tšoanelang, e leng Jehova le Jesu. O ile a re: “Kaha re lumela ho [Jesu], monna enoa eo le mo bonang le eo le mo tsebang o folisitsoe ka lebitso la [Jesu].” (Lik. 3:12-16) Hamorao Petrose o ile a ngolla Bakreste ka hore ho hlokahala hore ba ikokobetse. Ha Petrose a ngola temana ena, o ile a sebelisa mantsoe a fanang ka mohopolo oa ho apara boikokobetso joalokaha eka ke seaparo. Sena se ka re hopotsa ha Jesu a ne a itlama ka thaole e le hore a khone ho hlatsoa maoto a baapostola ba hae.—Bala 1 Petrose 5:5.

Petrose le Johanne ba eme ka tempeleng. Petrose o supile maholimong ha monna ea hlahileng a holofetse a se a folisitsoe a bile a eme pela bona.

Ka mor’a hore Petrose a etse mohlolo, ka boikokobetso o isa thoriso ho Jehova le Jesu. Le rona re ka bontša boikokobetso ka hore re etsetse ba bang lintho tse molemo re sa lebella thoriso kapa ho fuoa ntho e itseng (Sheba serapa sa 11 le 12)


12. Ke joang re ka tsoelang pele ho hlaolela boikokobetso joaloka Petrose?

12 Re ka etsisa mohlala oa Petrose oa ho hlaolela boikokobetso. Hopola hore boikokobetso ba ’nete ha bo bontšoe feela ka seo re se buang. Mantsoe ao Petrose a a sebelisitseng ha a hlalosa boikokobetso, a bontša hore boikokobetso bo akarelletsa tsela eo re nkang batho ba bang ka eona le eo re inkang ka eona. Re etsetsa batho ba bang lintho tse molemo hobane re ba rata ebile re rata le Jehova, eseng hobane re batla ho rorisoa. Haeba re thabela ho sebeletsa Jehova le Bakreste-’moho le rona ka tsela leha e le efe eo re ka khonang ka eona ho sa tsotellehe hore na ho na le motho ea re bonang, seo se bontša hore re ikokobelitse.—Mat. 6:1-4.

U HLAPHOHELOE KELELLONG

13. Hlalosa hore na ho ‘hlaphoheloa kelellong’ ho akarelletsa eng.

13 Ho ‘hlaphoheloa kelellong’ ho akarelletsa eng? (1 Pet. 4:7, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang) Mokreste ea hlaphohetsoeng kelellong o etsa sohle seo a ka se khonang hore a etse liqeto tse nepahetseng tse bontšang tsela eo Jehova a nahanang ka eona. Mokreste ea joalo oa tseba hore ha ho na ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ho feta kamano ea hae le Jehova. O etsa lintho ka tsela e itekanetseng, a tseba hore ha a na karabo ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Hape o bontša hore o itšetlehile ka Jehova ka hore nako le nako a lule a mo rapela ka boikokobetso.

14. Ke joang ketsahalong e ’ngoe Petrose a ileng a hloleha ho itšetleha ka Jehova?

14 Bosiung ba ho qetela pele Jesu a shoa, o ile a lemosa barutuoa ba hae a re: “Kaofela ha lona le tla ntahla ka lebaka la ntho e tla nketsahalla bosiung bona.” Petrose o ile a mo araba ka ho itšepa a re: “Le haeba ba bang kaofela ba u lahla ka lebaka la ntho e tla u etsahalla, le ka mohla nke ke ka u lahla.” Bosiung bona boo, Jesu o ile a eletsa ba bang ba barutuoa ba hae a re: “Falimehang ’me le rapele le sa khaotse.” (Mat. 26:31, 33, 41) Hoja Petrose o ile a mamela keletso eo, a ka be a ile a ba le sebete sa hore a se ke a latola Jesu. Ho e-na le hoo, Petrose o ile a latola Monghali oa hae ’me o ile a ikoahlaela seo haholo.—Mat. 26:69-75.

15. Ke joang Jesu a ileng a tsoela pele a hlaphohetsoe kelellong bosiung ba ho qetela pele a shoa?

15 Jesu o ile a itšetleha ka ho felletseng ka Jehova. Le hoja a ne a phethahetse, Jesu o ne a lula a rapela. Seo se ile sa mo fa sebete sa hore a etse lintho tumellanong le thato ea Jehova. (Mat. 26:39, 42, 44; Joh. 18:4, 5) Tsela eo Jesu a neng a rapela Molimo ka eona, e tlameha ebe e ile ea ama Petrose bophelo bohle ba hae ’me ea mo susumetsa.

16. Petrose o ile a bontša joang hore o hlaoletse ho hlaphoheloa kelellong? (1 Petrose 4:7)

16 Ha nako e ntse e ea, Petrose o ile a itšetleha ka Jehova haholoanyane ka ho rapela. Ka mor’a hore Jesu a tsosoe, o ile a kholisa Petrose le baapostola ba bang hore ba tla fumana moea o halalelang e le hore ba khone ho phetha mosebetsi oo ba o filoeng oa boboleli. Leha ho le joalo, Jesu o ile a re ba lule Jerusalema ho fihlela seo se phethahala. (Luka 24:49; Lik. 1:4, 5) Petrose o ile a etsa’ng ha a ntse a emetse nako eo? Eena le Bakreste-’moho le eena “ba ne ba rapela kamehla.” (Lik. 1:13, 14) Hamorao ha a ngola lengolo la hae la pele, o ile a khothalletsa Bakreste-’moho le eena hore ba hlaphoheloe kelellong le hore ba itšetlehe ka Jehova ka thapelo. (Bala 1 Petrose 4:7, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang.) Petrose o ile a ithuta ho itšetleha ka Jehova ’me e ile ea e-ba pilara ea phutheho.—Bagal. 2:9.

17. Ho sa tsotellehe bokhoni leha e le bofe ba tlhaho boo re nang le bona, ke eng eo re lokelang ho lula re e etsa? (Sheba setšoantšo.)

17 E le hore re hlaphoheloe kelellong, re lokela ho rapela Jehova kamehla. Rea hlokomela hore re lokela ho lula re rapela Jehova ho sa tsotellehe bokhoni leha e le bofe ba tlhaho boo re nang le bona. Kahoo, re lokela ho lula re rapella tataiso ea Jehova ha re etsa liqeto, haholo-holo tsa bohlokoa, re tšepile hore o tseba se molemo bakeng sa rona.

Petrose o ile a ithuta ho itšetleha ka Jehova ka thapelo. Le rona re ka hlaphoheloa kelellong ka hore re rapelle thuso ea Jehova, haholo-holo ha re lokela ho etsa liqeto tsa bohlokoa (Sheba serapa sa 17)a


18. Ke joang re ka lekang ho nahana joaloka Jehova?

18 Rea thaba hore ebe Jehova o re bopile ka tsela eo re khonang ho bontša makhabane a hae. (Gen. 1:26) Ke ’nete hore re ke ke ra khona ho etsisa Jehova ka tsela e phethahetseng. (Esa. 55:9) Leha ho le joalo, joaloka Petrose, re ka khona hore re leke ho nahana joaloka Jehova. E se eka re ka tsoela pele re etsisa tsela eo Molimo a nahanang ka eona, re ikokobetse le ho hlaphoheloa kelellong.

RE KA ETSA’NG E LE HORE RE . . .

  • etsise tsela eo Jehova a nahanang ka eona?

  • ikokobetse?

  • “hlaphoheloe likelellong”?

PINA EA 30 Jehova ke Molimo, Ntate le Motsoalle oa ka

a TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Morali oa bo rona ea batlang mosebetsi o etsa thapelo ka pelong ha a ntse a emetse ho hlahlobeloa mosebetsi.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela