Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w25 March maq. 20-25
  • Tsoela Pele ho Tsamaea ka Tumelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsoela Pele ho Tsamaea ka Tumelo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HA U KHETHA MOSEBETSI
  • HA U KHETHA MOLEKANE
  • HA RE FUMANA TATAISO E TSOANG MOKHATLONG
  • Liqeto Tse Bontšang Hore re Tšepa Jehova
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Ka Boikokobetso Amohela Hore ho na le Lintho Tseo u sa li Tsebeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Leka ho Lula u E-na le Maikutlo a Nepahetseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Etsa Liqeto Tse Thabisang Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
w25 March maq. 20-25

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 12

PINA EA 119 Re Lokela ho ba le Tumelo

Tsoela Pele ho Tsamaea ka Tumelo

“Re tsamaea ka tumelo, eseng ka pono.”—2 BAKOR. 5:7, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang.

NTLHA-KHOLO

Kamoo re ka tsoelang pele ho tsamaea ka tumelo kateng ha re etsa liqeto tsa bohlokoa.

1. Ke hobane’ng ha moapostola Pauluse a ne a khotsofetse ha a ne a hetla morao a sheba tsela eo a phetseng ka eona?

HO NA le nako eo moapostola Pauluse a neng a tseba hore o tl’o bolaoa haufinyane. Empa o ile a khotsofatsoa ke tsela eo a phetseng bophelo ba hae ka eona. Ha a hetla morao, o ile a re: “Ke mathile peiso ho fihlela qetellong ebile ke bolokile tumelo ea ’nete.” (2 Tim. 4:6-8) Pauluse o ile a etsa liqeto tse nepahetseng tšebeletsong ea hae ’me o ne a kholisehile hore o ne a thabisitse Jehova. Le rona re batla ho etsa liqeto tse nepahetseng e le hore Molimo a re amohele. Re ka etsa seo joang?

2. Ho tsamaea ka tumelo ho bolela’ng?

2 Ha Pauluse a bua ka eena le Bakreste ba bang ba tšepahalang, o ile a re: “Re tsamaea ka tumelo, eseng ka pono.” (2 Bakor. 5:7, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang) O ne a bolela’ng? Ka Bibeleng, ka linako tse ling poleloana “ho tsamaea” e ka bolela tsela eo motho a khethang ho phela ka eona. Ha motho a tsamaea ka pono feela, o etsa liqeto a itšetlehile feela ka seo a se bonang, a se utloang le ka tsela eo a ikutloang ka eona. Ka lehlakoreng le leng, ha motho a tsamaea ka tumelo, o etsa liqeto a itšetlehile ka tšepo eo a nang le eona ho Jehova Molimo. Liketso tsa hae li bontša hore o kholisehile hore Molimo o tla mo putsa le hore ho mamela keletso ea Jehova e hlahang ka Lentsoeng la hae, ho tla mo tsoela molemo.—Pes. 119:66; Baheb. 11:6.

3. Re fumana melemo efe ha re tsamaea ka tumelo? (2 Bakorinthe 4:18)

3 Ke ’nete hore kaofela ha rona re etsa liqeto re itšetlehile ka hore na re bona’ng, re utloa’ng le hore na re ikutloa joang. Leha ho le joalo, re ka ba le mathata ha re ka etsa liqeto tsa bohlokoa re itšetlehile feela ka lintho tseo re li bonang kapa re li utloang. Hobane’ng? Ka linako tse ling, lintho tseo re li bonang le tseo re li utloang li ka re thetsa. Le haeba li ke ke tsa re thetsa, haeba re tsamaea ka pono feela re ka qetella re se re iphapanyetsa thato ea Molimo kapa keletso ea hae. (Moek. 11:9; Mat. 24:37-39) Leha ho le joalo, ha re tsamaea ka tumelo, re ipeha monyetleng o motle oa ho etsa liqeto “tse khahlisang Morena.” (Baef. 5:10) Ha re mamela keletso e tsoang ho Molimo, re tla thaba e le kannete ’me re be le khotso. (Pes. 16:8, 9; Esa. 48:17, 18) Hape, ha re tsoela pele ho tsamaea ka tumelo, re tla phela ka ho sa feleng.—Bala 2 Bakorinthe 4:18.

4. Motho a ka tseba joang hore o tsamaea ka tumelo kapa ka pono?

4 Re ka tseba joang hore na re tsamaea ka tumelo kapa ka pono? E le hore u tsebe, u ka ipotsa lipotso tsena: Ke tataisoa ke eng ha ke etsa liqeto? Na ke tataisoa feela ke lintho tseo ke li bonang kapa ke tataisoa ke likeletso tsa Jehova? A re bueng ka hore na re ka tsoela pele re tsamaea ka tumelo joang likarolong tsena tse tharo: Ha u khetha mosebetsi, ha u khetha molekane le ha u fuoa tataiso e tsoang mokhatlong. Karolong ka ’ngoe, re tla bua ka lintho tseo re lokelang ho nahana ka tsona e le hore re etse liqeto tse nepahetseng.

HA U KHETHA MOSEBETSI

5. Ke eng eo re lokelang ho nahana ka eona ha re khetha mosebetsi?

5 Kaofela ha rona re batla ho itlhokomela le ho hlokomela ba malapa a rona ka lintho tseo ba li hlokang. (Moek. 7:12; 1 Tim. 5:8) Mesebetsi e meng e patala haholo. E ka thusa motho hore a koahele litlhoko tsa hae tsa letsatsi le letsatsi a be a behe ho hong ka thoko bakeng sa kamoso. Mesebetsi e meng eona, e patala chelete e lekaneng feela ho koahela litlhoko tsa lelapa tsa mantlha. Ho hlakile hore pele re khetha mosebetsi, re tla nahana ka hore na re tla khola bokae. Leha ho le joalo, haeba motho a amehile ka mokholo feela ha a khetha mosebetsi, o tla be a tsamaea ka pono feela.

6. Re ka bontša joang hore re tsamaea ka tumelo ha re khetha mosebetsi? (Baheberu 13:5)

6 Haeba re tsamaea ka tumelo, re tla nahana kamoo mosebetsi oo re o khethang o tla ama setsoalle sa rona le Jehova kateng. Ipotse: ‘Na mosebetsi oo o tla etsa hore ke etse lintho tseo Jehova a li hloileng?’ (Liprov. 6:16-19) ‘Na o tla ntšitisa ho sebeletsa Jehova kapa mohlomong o tla etsa hore ke qete nako e ngata ke le hole le ba lelapa?’ (Bafil. 1:10) Haeba karabo ea hao ke e, ho ka ba bohlale hore u se ke oa amohela mosebetsi oo, le haeba ho le thata ho fumana mosebetsi. Kaha re tsamaea ka tumelo, re etsa liqeto tse bontšang hore re kholisehile hore Jehova o tla re hlokomela ka tsela e itseng ka lintho tseo re li hlokang.—Mat. 6:33; bala Baheberu 13:5.

7, 8. Mor’abo rona e mong ea lulang Amerika Boroa o ile a tsamaea ka tumelo joang? (Sheba setšoantšo.)

7 Hlokomela kamoo Mor’abo rona Javier,a ea lulang Amerika Boroa, a ileng a bontša bohlokoa ba ho tsamaea ka tumelo kateng. O re: “Ke ile ka etsa kopo ea mosebetsi oo ke neng ke o rata haholo ebile o ka mpatala mokholo o imenneng habeli ha o bapisoa le oo ke neng ke o khola.” Leha ho le joalo, Javier o ne a e-na le takatso e matla ea ho ba pula-maliboho. O tsoela pele ho re: “Ke ile ka e’o hlahlobeloa mosebetsi oo. Pele ke hlahlojoa, ke ile ka kopa Jehova hore a nthuse, ke kholisehile hore o ne a tseba se molemo bakeng sa ka. Ke ne ke batla ho nyolloa mosebetsing, empa ke ne ke sa batle mosebetsi o tla ntšitisa ho etsetsa Jehova ho eketsehileng.”

8 Javier o re: “Ha mookameli a ntse a ntlhahloba, o ile a mpolella hore ke tla sebetsa ka mor’a lihora tsa mosebetsi hangata. Ke ile ka bua le eena ka bonolo, ka mo joetsa hore nke ke ka khona ka lebaka la borapeli ba ka.” Kahoo, Javier ha aa ka a amohela mosebetsi oo. Ka mor’a libeke tse peli, e ile ea e-ba pula-maliboho. Hamorao selemong sona seo, o ile a fumana mosebetsi o mo lumellang hore a sebetse ka matsatsi a itseng. O re: “Jehova o ile a utloa thapelo ea ka ’me a mpha mosebetsi o tla nthusa hore ke lule ke le pula-maliboho. Ke thabile haholo hore ebe ke na le mosebetsi o ntumellang ho ba le nako e ngata ea ho sebeletsa Jehova le Bakreste-’moho.”

Mor’abo rona o tšoere lekarapa ebile o apere liaparo tsa mosebetsi ’me mookameli oa hae o mo isa ofising eo ho se nang motho ea sebeletsang ka ho eona. Mookameli o batla ho mo nyolla mosebetsing.

Haeba u nyolloa mosebetsing, na qeto ea hao e tla bontša hore u kholisehile hore Jehova o tseba se molemo bakeng sa hao? (Sheba serapa sa 7 le 8)


9. U ithuta’ng ho se etsahalletseng Mor’abo rona Trésor?

9 Re tla etsa’ng haeba mosebetsi oo re o etsang o sa re lumelle hore re tsamaee ka tumelo? Nahana ka Mor’abo rona Trésor ea lulang Congo. O re: “Ke ile ka fumana mosebetsi oa litoro tsa ka. Ke ne ke khola chelete e imenneng hararo ha e bapisoa le ea mosebetsi oo ke neng ke o etsa pele, ’me batho ba ne ba ntlhompha haholo.” Leha ho le joalo, Mor’abo rona Trésor o ne a atisa ho ba sieo libokeng ka lebaka la ho sebetsa ka mor’a lihora tsa mosebetsi. O ne a bile a hatelloa hore a pate bobolu bo etsahalang mosebetsing. O ne a batla ho tlohela mosebetsi empa o ne a tšoenyehile ka hore ha a sa tla fumana mosebetsi o mong. O ile a thusoa ke eng? O re: “Habakuke 3:17-19 e ile ea nthusa ho utloisisa hore leha nka lahleheloa ke mosebetsi, Jehova o tla ntlhokomela ka tsela e itseng. Kahoo, ke ile ka tlohela mosebetsi.” Qetellong o re: “Bahiri ba bangata ba nahana hore motho a ka tela ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ho akarelletsa nako eo a e qetang le lelapa la hae le ea borapeli ba hae hore feela a khole chelete e ngata. Ke thabile hobane ke sirelelitse kamano ea ka le Jehova hammoho le lelapa la ka. Ka mor’a selemo, Jehova o ile a nthusa hore ke fumane mosebetsi o tsitsitseng o tla ntumella hore ke phele bophelo bo itekanetseng ke be ke be le nako ea ho mo sebeletsa. Ha re etsa hore ho sebeletsa Jehova e be ntho ea bohlokoa haholo, re ka ’na ra hula ka thata licheleteng empa Jehova o tla re hlokomela.” Ha e le hantle, haeba re tšepa likeletso tsa Jehova le litšepiso tsa hae, re tla tsoela pele re tsamaea ka tumelo ’me o tla re hlohonolofatsa.

HA U KHETHA MOLEKANE

10. Ke eng e ka etsang hore re tsamaee ka pono ha re khetha molekane?

10 Lenyalo ke mpho e tsoang ho Jehova ’me ho tloaelehile hore motho a batle ho ba le molekane. Ha morali oa bo rona a nahana ka motho ea tla mo nyala, a ka ’na a nahana ka hore na o shebahala joang, ke motho ea joang, batho ba re’ng ka eena, na o na le chelete, na o na le boikarabelo ba ho hlokomela lelapa le hore na o etsa hore a ikutloe joang.b Lintho tsena ke tsa bohlokoa kaofela. Empa haeba a nahana ka lintho tsena feela, e ka ’na eaba o tla be a tsamaea ka pono.

11. Re ka tsamaea ka tumelo joang ha re khetha molekane? (1 Bakorinthe 7:39)

11 E tlameha ebe Jehova o motlotlo haholo ka bara le barali ba bo rona ba mamelang keletso ea hae ha ba khetha molekane. Ka mohlala, ba sebelisa keletso e hlahang ka har’a Bibele e bontšang hore motho o lokela hore a be a holile ’meleng le kelellong pele a ka nahana ka ho kena lenyalong. (1 Bakor. 7:36) Ha ba khetha molekane, ba khetha ea nang le makhabane ao Jehova a reng monna kapa mosali oa sebele o lokela ho ba le ’ona. (Liprov. 31:10-13, 26-28; Baef. 5:33; 1 Tim. 5:8) Ha motho eo eseng Mokreste a ba bontša thahasello, ba mamela keletso e reng ba nyale ‘feela molateli oa Morena,’ e hlahang ho 1 Bakorinthe 7:39. (E bale.) Ba lula ba tsamaea ka tumelo, ba kholisehile hore Jehova o tla ba hlokomela maikutlong hamolemo ho feta motho leha e le ofe.—Pes. 55:22.

12. U ithuta eng mohlaleng oa Morali oa bo rona Rosa?

12 Nahana ka mohlala oa Morali oa bo rona Rosa eo e leng pula-maliboho ea lulang Colombia. Mohlankana ea neng a sebetsa le eena o ne a mo rata empa e se Paki. Rosa le eena o ne a mo rata. O re: “O ne a bonahala e le motho ea hantle. O ne a thusa batho ba lulang sebakeng sa habo, a sa tsube, a sa sebelise lithethefatsi ebile a sa noe haholo. Ke ne ke rata tsela eo a ntšoarang ka eona. O ne a e-na le makhabane ’ohle ao ke a batlang ho molekane, ntle le hore e ne e se Paki.” O tsoela pele ho re: “Ho ne ho le thata ho mo hana. Ka nako eo, ke ne ke jeoa ke bolutu ’me ke batla ho nyaloa empa ke e-s’o fumane motho eo e leng Paki.” Leha ho le joalo, Rosa ha aa ka a nahana feela ka seo a se bonang. O ile a nahanisisa ka hore na ho ratana le mohlankana eo ho ne ho tla ama setsoalle sa hae le Jehova joang. Kahoo, o ile a khaotsa ho buisana le monna eo, eaba o phathahana ka ho sebeletsa Jehova. Ho e-s’o ee kae, o ile a memeloa Sekolong sa Baevangeli ba ’Muso ’me hona joale ke pula-maliboho e khethehileng. Rosa o re: “Ke thabile hona hoo hobane Jehova o ntlhohonolofalitse haholo.” Le hoja ho ka ’na ha se ke ha e-ba bonolo ho tsamaea ka tumelo litabeng tse amanang le maikutlo, ho etsa joalo ho lula ho re tsoela molemo.

HA RE FUMANA TATAISO E TSOANG MOKHATLONG

13. Ke eng e ka etsang hore re tsamaee ka pono ha re fumana tataiso e tsoang mokhatlong?

13 Hangata re fumana tataiso e tsoang mokhatlong e re thusang ho sebeletsa Jehova. Tataiso eo re e fumana ho tsoa ho baholo, balebeli oa potoloho, ofisi ea lekala kapa Sehlopha se Busang. Empa ho thoe’ng haeba ka linako tse ling re sa utloisise hore na ke hobane’ng ha re fuoe tataiso eo? Re ka ’na ra nahana feela ka hore na tataiso eo e ka ’na ea re bakela mathata afe. Re ka ’na ra boela ra sheba mefokolo ea bara ba bo rona ba faneng ka tataiso eo.

14. Ke eng e tla re thusa ho tsamaea ka tumelo ha re fumana tataiso e tsoang mokhatlong? (Baheberu 13:17)

14 Ha re tsamaea ka tumelo, re tla be re bontša hore rea tšepa hore Jehova ke eena ea tataisang mokhatlo oa hae ebile o tseba maemo a rona. Kahoo, re mamela hang-hang ebile e le ka pelo eohle. (Bala Baheberu 13:17.) Rea hlokomela hore ho mamela ha rona ho etsa hore phutheho e momahane. (Baef. 4:2, 3) Re na le tšepo ea hore Jehova o tla re hlohonolofatsa ha re mamela bara ba bo rona ba etellang pele, le hoja ba sa phethahala. (1 Sam. 15:22) Ka nako e loketseng, Jehova o tla etsa liphetoho tse hlokahalang.—Mik. 7:7.

15, 16. Ke eng e ileng ea thusa mor’abo rona e mong ho tsamaea ka tumelo le hoja a ne a belaella tataiso e neng e fanoe? (Sheba setšoantšo.)

15 Nahana ka pale e bontšang melemo ea ho tsamaea ka tumelo. Le hoja ho buuoa Sepanishe haholo Peru, batho ba bangata ba bua lipuo tsa moo. E ’ngoe ea tsona ke Sequechua. E se e le lilemo joale bara le barali ba bo rona ba buang Sequechua ba batla batho ba buang Sequechua tšimong ea bona. Leha ho le joalo, ho ile ha etsoa liphetoho tseleng eo ho boleloang litaba tse monate ka eona, ele hore bara ba bo rona ba mamele litaelo tsa ’muso. (Bar. 13:1) Ka lebaka leo, batho ba bang ba ne ba ipotsa hore na seo se ne se ke ke sa sitisa mosebetsi oa tšimo na. Kaha bana ba bo rona ba ile ba mamela, Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba bona ba ho fumana batho ba buang Sequechua.

16 Mor’abo rona Kevin eo e leng moholo phuthehong ea Sequechua, e ne e le e mong oa ba neng ba tšoenyehile. O re: “Ke ne ke ipotsa hore na re tl’o fumana batho ba buang Sequechua joang.” O ile a etsa’ng? O re: “Ke ile ka hopola Liproverbia 3:5 eaba ke nahana ka Moshe. O ne a lokela ho tataisa Baiseraele ho tsoa Egepeta ho ea Leoatleng le Lefubelu, e leng ntho e neng e bonahala e sa utloahale hobane ho ne ho bonahala eka ba ke ke ba khona ho baleha Baegepeta ba neng ba ba lelekisa. Leha ho le joalo, Moshe o ile a mamela ’me Jehova o ile a mo hlohonolofatsa ka tsela e hlollang.” (Ex. 14:1, 2, 9-11, 21, 22) Sena se ile sa etsa hore Kevin a ikemisetse ho fetola mokhoa oa ho bolela. Phello e bile efe? O re: “Ke ne ke sa kholoe tsela eo Jehova a ileng a re hlohonolofatsa ka eona. Pele re ne re tsamaea nako e telele tšimong pele re ka fumana motho a le mong kapa ba babeli ba buang Sequechua. Hona joale re se re ea tšimong eo ho nang le batho ba bangata ba buang Sequechua. Kahoo, re khona ho qoqa le batho ba bangata, hape re na le lipoelo le lithuto tse ngata. Ho se ho bile ho e-na le batho ba bangata ba tlang libokeng.” Kannete Jehova o lula a re hlohonolofatsa ha re tsamaea ka tumelo.

Monna ea buang Sequechua o bua le banyalani ba Lipaki tšimong. O ba bontša ha motho e mong.

Batho ba bangata ba ile ba bolella bana ba bo rona hore na ba ka fumana batho ba buang Sequechua hokae (Sheba serapa sa 15 le 16)


17. U ithutile eng sehloohong see?

17 Re hlahlobile hore na re ka tsoela pele ho tsamaea ka tumelo joang likarolong tse tharo tsa bohlokoa. Empa re lokela ho tsoela pele re tsamaea ka tumelo likarolong tsohle tsa bophelo ba rona, linthong tse kang ho khetha boithabiso kapa boikhathollo, ha re etsa qeto ea hore na re tla fella kae ka thuto kapa re tla holisa bana ba rona joang. Ho sa tsotellehe liqeto tseo re lokelang ho li etsa, re lokela ho nahana ka setsoalle sa rona le Jehova, ka keletso ea hae le hore o tšepisa ho re hlokomela, ho e-na le ho nahana feela ka lintho tseo re li bonang. Haeba re etsa joalo, re tla khona ho “tsamaea ka lebitso la Jehova Molimo oa rona . . . ka ho sa feleng.”—Mik. 4:5, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang.

U KA TSAMAEA KA TUMELO JOANG . . .

  • ha u khetha mosebetsi?

  • ha u khetha molekane?

  • ha u fumana tataiso e tsoang mokhatlong?

PINA EA 156 Ka Tumelo

a Mabitso a mang a fetotsoe.

b Serapa sena se bua ka morali oa bo rona ea ntseng a batla molekane. Likeletso tsena li ntse li sebetsa le ho mor’abo rona ea batlang molekane.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela