Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w25 April maq. 14-19
  • Ho ba Metsoalle e Haufi le Bakreste-’moho ho re Tsoela Molemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho ba Metsoalle e Haufi le Bakreste-’moho ho re Tsoela Molemo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO BA METSOALLE E HAUFI-UFI LE BA BANG?
  • HLOMPHANANG
  • “HO SE KE HA E-BA LE LIKAROHANO HAR’A LONA”
  • RATA BATHO BA BANG KA LIKETSO LE KA ’NETE
  • Jehova oa u Rata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • ‘Ho Atamela ho Molimo ho re Tsoela Molemo’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsena
    Lenaneo la Kopano ea Potoloho ea 2025-2026 ka Molebeli oa Potoloho
  • Liqeto Tse Bontšang Hore re Tšepa Jehova
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
w25 April maq. 14-19

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 16

PINA EA 87 Tloong le Khatholloe

Ho ba Metsoalle e Haufi le Bakreste-’moho ho re Tsoela Molemo

“Ho hotle ebile ho monate ha bana ba motho ba lutse hammoho ba momahane.”—PES. 133:1.

NTLHA-KHOLO

Litlhahiso tsa kamoo re ka bang metsoalle e haufi le Bakreste-’moho le rona kateng le hore na Jehova o re hlohonolofatsa joang ha re e-ba metsoalle le bona.

1, 2. E ’ngoe ea lintho tseo Jehova a li nkang e le tsa bohlokoa haholo ke efe, hona o batla hore re etse eng?

TSELA eo re tšoarang batho ba bang ka eona, ke e ’ngoe ea lintho tseo Jehova a li nkang e le tsa bohlokoa haholo. Jesu o ile a ruta hore re lokela ho rata baahisani ba rona joalokaha re ithata. (Mat. 22:​37-39) Seo se akarelletsa ho ba mosa esita le ho batho ba sa lumeleng seo re se lumelang. Ha re ba mosa joalo, re etsisa Jehova Molimo, ea ‘chabisetsang batho ba khopo le ba lokileng letsatsi la hae le ho nesetsa batho ba lokileng le ba sa lokang pula ea hae.’—Mat. 5:45.

2 Le hoja Jehova a rata batho kaofela, o rata haholo-holo batho ba etsang lintho tse nepahetseng. (Joh. 14:21) O batla hore re mo etsise. O re khothalletsa hore re “ratane haholo” le ho ‘ratana ka matla.’ (1 Pet. 4:8; Bar. 12:10) Lerato lena le tšoana le leo re ratang batho bao re amanang le bona kapa motsoalle oa hlooho ea khomo ka lona.

3. Ke eng eo re lokelang ho e hopola ka lerato?

3 Joaloka semela se hlokang ho nosetsoa e le hore se hole, re hloka ho sebetsa ka thata e le hore lerato la rona ho batho ba bang le hole. Moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste a re: “Le lule le ratana joaloka bana ba motho.” (Baheb. 13:1) Jehova o batla hore re tsoele pele ho hlaolela ho rata batho ba bang. Sehlooho sena se tla re bontša hore na ke hobane’ng ha re lokela ho ba metsoalle e haufi-ufi le Bakreste-’moho le rona le hore na re ka tsoela pele ho etsa seo joang.

KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO BA METSOALLE E HAUFI-UFI LE BA BANG?

4. Joalokaha ho hlalositsoe ho Pesaleme ea 133:​1, ke joang re ka tsoelang pele ho ananela bonngoe boo re nang le bona? (Sheba litšoantšo.)

4 Bala Pesaleme ea 133:1. Re lumellana le mantsoe a mopesaleme a reng “ho hotle” ebile “ho monate” ho ba metsoalle ea ’nete le batho ba ratang Jehova. Empa feela joalokaha motho a ka se nkele hloohong sefate se seholo seo a se bonang letsatsi le leng le le leng, le rona re ka ’na ka se ananele botle ba bonngoe ba Bokreste. Re lula re bona bara le barali ba bo rona, mohlomong ka makhetlo a ’maloa bekeng. Re ka etsa’ng e le hore re lule re ba ananela? Re ka ipha nako ea ho nahana ka hore na e mong le e mong oa bona o bohlokoa hakae ka phuthehong le ho rona. Seo se tla etsa hore re ba rate le ho feta.

Litšoantšo: 1. Morali oa bo rona o boha sefate se nang le makhasi a fetohileng ’mala. 2. Hamorao o haka morali oa bo rona e mong kopanong ea setereke. Batho ba bang ba ntse ba qoqa ba thabile kopanong.

Le ka mohla, u se ke oa hlokomoloha botle ba bonngoe ba Bokreste (Sheba serapa sa 4)


5. Tsela eo re ratanang ka eona e ka ama batho ba bang joang?

5 Batho ba bang ba qalang ho tla libokeng, ba tsota lerato leo re ratanang ka lona. Ka lebaka lona leo feela, ba ka etsa qeto ea hore ba fumane ’nete. Jesu o ile a re: “Haeba le ratana, bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka.” (Joh. 13:35) Nahana ka phihlelo ea Chaithra, moithuti oa univesithi ea neng a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. O ile a amohela memo ea ho ea kopanong ea setereke. Ka letsatsi la pele feela, o ile a bolella motho ea neng a mo ruta Bibele, a re: “Ha ho le ka mohla nkileng ka hakoa ke batsoali ba ka. Empa kopanong ea lona, ke hakiloe ka makhetlo a 52 ka letsatsi le le leng feela! Ke ile ka utloa hore Jehova oa nthata a sebelisa lelapa lena la moea. Ke batla ho ba karolo ea lelapa leo.” Chaithra o ile a hatela pele a ba a kolobetsoa ka 2024. Kannete ha batho ba ntseng ba ithuta Bibele ba bona mesebetsi ea rona e metle, ho akarelletsa le tsela eo re ratanang ka eona, hangata ba susumelletseha ho sebeletsa Jehova.—Mat. 5:16.

6. Ho ba metsoalle e haufi ea bara le barali ba bo rona ho ka re sireletsa joang?

6 Ho ba metsoalle e haufi le bara le barali ba bo rona ho ka re sireletsa. Pauluse o ile a re ho Bakreste-’moho le eena: “Le khothatsane letsatsi le letsatsi . . . e le hore ho se ke ha e-ba le eo pelo ea hae e thatafalang ka lebaka la ho thetsoa ke sebe.” (Baheb. 3:13) Haeba re nyahama hoo maoto a rona a qalellang ho kheloha tseleng ea ho loka, Jehova a ka susumetsa Mokreste-’moho ea hlokomelang taba eo hore a re thuse. (Pes. 73:​2, 17, 23) Kannete thuso e joalo e re tsoela molemo.

7. Lerato le amana joang le bonngoe? (Bakolose 3:​13, 14)

7 Re karolo ea sehlopha sa batho se sebetsang ka thata ho bontšana lerato. Kahoo, re fumana litlhohonolofatso tse ngata. (1 Joh. 4:11) Ka mohlala, lerato le re susumelletsa hore re “tsoele pele ho mamellana,” ’me seo se etsa hore re lule re le bonngoeng. (Bala Bakolose 3:​13, 14; Baef. 4:​2-6) Ke kahoo libokeng ho leng monate o se nang thaka.

HLOMPHANANG

8. Jehova o re thusa joang hore re khone ho momahana?

8 Bonngoe boo re nang le bona ke mohlolo ona oa haesale. Jehova o etsa hore re khone ho ba le bonngoe bona ho sa tsotellehe ho se phethahale ha rona. (1 Bakor. 12:25) Bibele e re ‘Molimo ke eena ea re rutang hore re ratane.’ (1 Bathes. 4:9) Ka mantsoe a mang, Jehova o sebelisa Mangolo ho re bolella hantle seo re lokelang ho se etsa e le hore re be metsoalle e haufi le ba bang. Re ka rutoa ke Molimo ka hore re hlahlobisise lithuto tsa hae le ho li kenya tšebetsong. (Baheb. 4:12; Jak. 1:25) Eo ke eona ntho eo Lipaki Tsa Jehova li lekang ka thata ho e etsa.

9. Re ithuta eng ho Baroma 12:​9-13 mabapi le ho bontša hore u hlompha batho ba bang?

9 Lentsoe la Molimo le re ruta eng ka ho ba metsoalle e haufi-ufi le ba bang? Nahana ka seo Pauluse a ileng a se bua ka ntlha ena ho Baroma 12:​9-13. (E bale.) Hlokomela mantsoe a reng “e-ba oa pele oa ho bontša hore u hlompha batho ba bang.” Mantsoe aa a bolela’ng? A bolela hore re lokela ho nka khato ea hore re ‘ratane ka matla’ ka hore re tšoarelane, re be le kamohelo ea baeti, re itloaetse ho fana le ho etsa lintho tse ling. (Baef. 4:32) Ha oa lokela ho emela mora kapa morali oeno hore ebe eena ea qalang pele ho etsa setsoalle le uena. U ka ‘ba oa pele’ oa ho etsa joalo, ’me u tla utloisisa seo Jesu a ileng a se bua, ha a re: “Ho fana ho thabisa haholo ho feta ho fuoa.”—Lik. 20:35.

10. Re ka sebetsa ka thata joang ‘ho bontša hore re hlompha batho ba bang’? (Sheba setšoantšo.)

10 Hoa thahasellisa ho bona hore hang ka mor’a hore Pauluse a re bolelle hore re be ba pele ba ho bontša hore re hlompha batho ba bang, o re ‘re se ke ra ba botsoa empa re sebetse ka thata.’ Motho ea sebetsang ka thata oa cheseha ebile oa ikitlaetsa. Ha a fuoe mosebetsi, o o etsa ka mafolofolo. Liproverbia 3:​27, 28 e re: “Fana ka se molemo ho ba hlokang, ha ho le matleng a hao ho ba thusa.” Kahoo, ha re bona motho ea hlokang, re etsa sohle seo re ka se khonang ho mo thusa. Ha re liehe ho mo thusa kapa hona ho nahana hore ho na le motho e mong ea tla mo thusa.—1 Joh. 3:​17, 18.

Mor’abo rona e mocha o holim’a leri ’me o ntse a tlosa makhasi ka har’a lesenke le khakelletsang metsi le ka holim’a ntlo ea mor’abo ea holileng.

Re lokela ho nka bohato ba ho thusa bara le barali ba bo rona ba hlokang (Sheba serapa sa 10)


11. Ke eng e ka re thusang hore re be metsoalle e haufi-ufi le ba bang?

11 Tsela e ’ngoe eo re ka bontšang hore re hlompha batho ba bang ke ka hore re potlakele ho ba tšoarela ha ba re foselitse. Baefese 4:26 e re: “Letsatsi le se ke la likela le ntse le halefile.” Hobane’ng? Temana ea 27 e re ho etsa joalo, ho tla “fa Diabolose monyetla.” Ka Lentsoeng la hae, Jehova o re bolella ka makhetlo-khetlo hore re tšoarelane. Bakolose 3:13 e re khothalletsa hore re “tsoele pele . . . ho tšoarelana . . . ka pelo eohle.” Ntho e ’ngoe ea bohlokoa e re thusang hore re be metsoalle e haufi-ufi le ba bang ke ho hlokomoloha liphoso tsa bona le ho ba tšoarela. Ha re etsa joalo, re tla be re etsa hore ‘re lule re momahane ka hore re be le khotso’ ‘kaha re kopantsoe ke moea o halalelang.’ (Baef. 4:3) Ka mantsoe a bonolo, ho tšoarela ba bang ho tlatsetsa ka ho toba bonngoeng le khotsong eo re nang le eona.

12. Jehova o re thusa joang hore re be batho ba tšoarelang?

12 Ke ’nete hore ho ka ba thata ho tšoarela batho ba re utloisitseng bohloko. Leha ho le joalo, re ka khona ka thuso ea moea oa Molimo. Ka mor’a hore Mangolo a re khothalletse hore re ‘ratane ka matla’ le hore re “sebetse ka thata”, a ile a re: “Lumellang moea o halalelang hore o etse hore le be mafolofolo.” (Baroma 12:11) Kahoo, moea oa Molimo o ka re thusa hore re bontše ba bang lerato le matla le ho ba tšoarela ka pelo eohle. Ke kahoo re kopang Jehova ka tieo hore a re thuse.—Luka 11:13.

“HO SE KE HA E-BA LE LIKAROHANO HAR’A LONA”

13. Ke eng e ka bakang likarohano har’a rona?

13 Phutheho e entsoe ka “batho ba mefuta eohle” ba holisitsoeng ka litsela tse sa tšoaneng. (1 Tim. 2:​3, 4) Haeba re se hlokolosi, ho se tšoane hona ho ka baka likarohano liqetong tseo e leng tsa botho joaloka ho apara le ho itlhopha, tsela eo re phekoloang ka eona kapa boithabiso boo re bo khethang. (Bar. 14:4; 1 Bakor. 1:10) Kaha Molimo o re rutile hore re ratane, re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra tsitlella hore liqeto tsa rona li betere ho feta tsa batho ba bang.—Bafil. 2:3.

14. Re lokela ho leka ka matla ho etsa eng, hona hobane’ng?

14 Ntho e ’ngoe e ka re thusang ho qoba likarohano ka phuthehong ke ho leka ka matla ho ba batho ba khathollang le ho matlafatsa ba bang ka linako tsohle. (1 Bathes. 5:11) Morao tjena, batho ba bangata ba neng ba sa kopanele kapa ba tlositsoe ka phuthehong ba se ba khutlile. Re ba amohela ka liatla tse peli! (2 Bakor. 2:8) Hlokomela se ileng sa etsahalla morali oa bo rona e mong ha a fihla Holong ea ’Muso ka mor’a hore a khaotse ho kopanela ka lilemo tse leshome. O re: “Batho ba ile ba ntumelisa ka matsoho ba bososetse.” (Lik. 3:19) Liketso tseo tse nyenyane tse bontšang mosa li ile tsa mo ama joang? O re: “Ke ile ka utloa eka Jehova o ntšoere ka letsoho ’me o ntataisa hore ke thabe hape.” Ha re matlafatsa ba bang, re tla be re lumella Kreste hore a re sebelise ho khatholla “ba sehlang le ba imetsoeng.”—Mat. 11:​28, 29.

15. Tsela e ’ngoe eo re ka etsang hore ho be le bonngoe ka eona ke efe? (Sheba setšoantšo.)

15 Tsela e ’ngoe eo re ka etsang hore ho be le bonngoe ka eona ke ka ho ela hloko lintho tseo re li buang. Jobo 12:11 e re: “Na tsebe ha e hlahlobe mantsoe joalokaha leleme le latsoa lijo?” Feela joalokaha motho ea tsebang ho pheha a latsoa lijo ho etsa bonnete ba hore li monate pele a li fa batho ba bang, le rona re lokela ho nahana ka hloko pele re bua. (Pes. 141:3) Sepheo sa rona e lokela hore ka linako tsohle re etse bonnete ba hore lintho tseo re batlang ho li bua li tla matlafatsa, li khatholle le ho “haha batho ba li mametseng.”—Baef. 4:29.

Mor’abo rona o latsoa lijo tseo a li phehileng pele a ngoathela baeti ba hae.

Nahana ka ntho eo u tl’o e bua pele u ka e bua (Sheba serapa sa 15)


16. Ke bo-mang ka ho khetheha ba lokelang ho bua ka tsela e khothatsang?

16 Lihlooho tsa malapa le batsoali ke bona ka ho khetheha ba lokelang ho etsa bonnete ba hore ba bua lintho tse khothatsang. (Bakol. 3:​19, 21; Tite 2:4) Baholo le bona e lokela ho ba batho ba khathollang le ba tšelisang joalokaha e le balisa ba mohlape oa Jehova. (Esa. 32:​1, 2; Bagal. 6:1) Maele a Bibele a re hopotsa hore: “Lentsoe le buuoang ka nako e nepahetseng le molemo haholo.”—Liprov. 15:23.

RATA BATHO BA BANG KA LIKETSO LE KA ’NETE

17. Ke joang re ka etsang bonnete ba hore lerato leo re ratang bara le barali ba bo rona ka lona le tsoa pelong?

17 Moapostola Johanne o re khothalletsa hore “re se ke ra bua feela hore re rata batho ba bang empa re bontše le ka liketso hore rea ba rata hape lerato la rona e be la ’nete.” (1 Joh. 3:18) Re batla hore lerato leo re ratang bara le barali ba bo rona ka lona le tsoe pelong. Re ka finyella seo joang? Ka hore re qeta nako e ngata re e-na le bona. Ho etsa joalo ho tla re thusa hore re be metsoalle e haufi-ufi le bona re be re matlafatse lerato leo re ba ratang ka lona. Kahoo, etsa hore u be le nako le bona ha u le libokeng le tšimong. Iphe nako ea ho ba chakela. Ha re etsa joalo, re bontša hore ‘Molimo ke eena ea re rutang hore re ratane.’ (1 Bathes. 4:9) Kahoo, re tla tsoela pele ho inoesa ka nkho hore “ho hotle ebile ho monate ha bana ba motho ba lutse hammoho ba momahane.”—Pes. 133:1.

U KA RE’NG?

  • Ke hobane’ng ha ho ba motsoalle ea haufi le ba bang ho re tsoela molemo?

  • Ke joang re ka bang ba pele ba ho bontša hore re hlompha batho ba bang?

  • Ke joang re ka etsang hore ho be le bonngoe?

PINA EA 90 Le Khothatsane

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela