Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w25 April maq. 26-31
  • Bara ba bo Rona ba Bacha, Etsisang Mareka le Timothea

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bara ba bo Rona ba Bacha, Etsisang Mareka le Timothea
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ETSISA MAREKA KA HORE U IKEMISETSE HO SEBELETSA
  • ETSISA TIMOTHEA KA HORE U AMEHE KA BATHO BA BANG
  • KELETSO EA PAULUSE E KA U TSOELA MOLEMO
  • HO SEBELETSA BA BANG HO TLISA LITLHOHONOLOFATSO
  • “A Matlafatsa Liphutheho”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Liqeto Tse Bontšang Hore re Tšepa Jehova
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Bara ba bo Rona, na le Etsa Boiteko ba ho ba Bahlanka ba Sebeletsang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Hopola Hore Jehova “ke Molimo ea Phelang”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
w25 April maq. 26-31

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 18

PINA EA 65 Tsoelang Pele

Bara ba bo Rona ba Bacha, Etsisang Mareka le Timothea

“U tle le Mareka hobane o nthusa haholo mosebetsing oa Molimo.”—2 TIM. 4:11.

NTLHA-KHOLO

Kamoo mohlala oa Mareka le Timothea o ka thusang bara ba bo rona ba bacha kateng bakeng sa ho sebeletsa Jehova le Bakreste-’moho le bona haholoanyane.

1, 2. Ke eng e neng e ka ’na ea sitisa Mareka le Timothea ho sebeletsa Bakreste-’moho le bona haholoanyane?

BARA ba bo rona ba bacha, na le batla ho sebeletsa Jehova ka ho eketsehileng le hore le thuse ba bang liphuthehong tsa ha bo lona? Ha ho pelaelo hore le batla ho etsa joalo. Ho thabisa hakaakang ho bona bara ba bo rona ba bacha ba ikemiselitse ho sebeletsa Bakreste-’moho le bona. (Pes. 110:3) Ka linako tse ling ho ka ’na ha e-ba thata ho etsa joalo. Na u utloa u tšosoa ke ho eketsa tšebeletso ea hao hobane u sa tsebe hore na bophelo ba hao bo tla fetoha joang? Na u kile oa hloleha ho amohela boikarabelo bo itseng hobane u utloa u sa itšepe hore u tla bo khona? Haeba ho joalo, ha se uena oa pele oa ho ikutloa ka tsela eo.

2 Mareka le Timothea ba ile ba kopana le mathata a tšoanang. Ba ne ba sa tsebe hore na bophelo ba bona bo tla ba joang ebile ba ikhalala empa ha baa ka ba lumella seo ho ba sitisa ho sebeletsa Bakreste-’moho le bona. Ho ka etsahala hore Mareka o ne a itulela hamonate le ’mè oa hae habo ha moapostola Pauluse le Barnabase ba ne ba mo mema ho tsamaea le bona leetong la bona la pele la boromuoa. (Lik. 12:​12, 13, 25) Ho ntse ho le joalo, Mareka o ile a siea maemo ao a neng a a tloaetse e le hore a ka eketsa tšebeletso ea hae. O ile a qala pele ka ho fallela Antioke. Hamorao o ile a tsamaea le Pauluse le Barnabase ho ea libakeng tse hole. (Lik. 13:​1-5) Ka tsela e tšoanang, ho ka etsahala hore ebe Timothea le eena o ne a ntse a lula le batsoali ba hae ha Pauluse a mo kopa hore a tsamaee le eena ho ea bolela litaba tse monate. Kaha Timothea o ne a le mocha a bile a se na phihlelo, o ne a ka ’na a ba leqe ho tsamaea le Pauluse ka lebaka la ho se itšepe. (Bapisa 1 Bakorinthe 16:​10, 11 le 1 Timothea 4:12.) Leha ho le joalo, o ile a amohela memo ea Pauluse ’me hamorao a thabela litlhohonolofatso tse ngata.—Lik. 16:​3-5.

3. (a) Re tseba joang hore Pauluse o ne a ananela Mareka le Timothea? (2 Timothea 4:​6, 9, 11) (Sheba setšoantšo.) (b) Re tl’o araba lipotso life sehloohong see?

3 Mareka le Timothea ba ile ba fumana phihlelo le ho ithuta ho jara boikarabelo bo boima ba phutheho ba sa le bacha. Pauluse o ne a ananela bahlankana bana hoo a ileng a ba kopa hore ba tle ho eena ha a hlokomela hore o se a le haufi le ho shoa. (Bala 2 Timothea 4:​6, 9, 11.) Ke makhabane afe a ileng a etsa hore Pauluse a rate Mareka le Timothea? Bara ba bo rona ba bacha ba ka ba etsisa joang, hona ba ka rua molemo joang keletsong ea Pauluse e lerato?

Litšoantšo: 1. Mareka o ngoathela Pauluse le Barnabase lijo le ho ba fa se nooang. 2. Timothea o bala lengolo ka pel’a baholo ba mametseng ka hloko.

Mareka le Timothea ba ile ba ratoa ke Pauluse kaha ba ile ba jara boikarabelo ba sa le bacha (Sheba serapa sa 3)b


ETSISA MAREKA KA HORE U IKEMISETSE HO SEBELETSA

4, 5. Mareka o ile a bontša joang hore o ne a ikemiselitse ho sebeletsa ba bang?

4 Ho sebeletsa ba bang ho bolela ho sebetsa ka thata ho ba thusa le ho tsoela pele ho etsa joalo leha ho se bonolo. Mareka o behile mohlala o motle tabeng ena. Ho ka etsahala hore Mareka o ne a utloile bohloko a bile a soetsehile ha Pauluse a ne a sa batle ho tsamaea le eena leetong la bobeli la boromuoa. (Lik. 15:​37, 38) Empa seo ha sea ka sa nyahamisa Mareka ho sebeletsa Bakreste-’moho le eena.

5 Mareka o ile a amohela kabelo e ’ngoe ’me a sebetsa le motsoala oa hae Barnabase. Lilemo tse ka bang 11 hamorao, Mareka e ne e le e mong oa ba ileng ba tšehetsa Pauluse ha a ne a le teronkong ka lekhetlo la pele Roma. (Filem. 23, 24) Ha e le hantle, Pauluse o ile a ananela tšehetso ea Mareka haholo hoo a ileng a mo hlalosa e le ea ileng a mo ‘tšelisa haholo.’—Bakol. 4:​10, 11.

6. Mareka o ile a rua molemo joang ka ho ba le setsoalle se haufi le Bakreste ba nang le tumelo e matla? (Sheba naletsana.)

6 Mareka o ile a rua molemo ka ho ba le kamano e haufi le Bakreste-’moho le eena ba nang le tumelo e matla. Ka mor’a hore Mareka a qete nako e itseng le Pauluse Roma, o ile a e’o sebetsa le moapostola Petrose Babilona. Ba ile ba e-ba le setsoalle se haufi hoo Petrose a ileng a mo bitsa “Mareka mora oa ka.” (1 Pet. 5:13) Ha ba ntse ba sebetsa ’moho, ho ka etsahala hore ebe Petrose o ile a bolella motsoalle enoa oa hae lintho tse ngata ka bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae tseo hamorao Mareka a ileng a li ngola ka har’a Kosepele e bitsoang ka eena.a

7. Mor’abo rona e mocha ea bitsoang Seung-Woo o ile a etsisa mohlala oa Mareka joang? (Sheba setšoantšo.)

7 Mareka o ile a lula a phathahane tšebeletsong a bile a lula a e-na le Bakreste ba nang le tumelo e matla. U ka mo etsisa joang? Haeba ha u e-s’o ka u tšoaneleha ho fumana boikarabelo bo itseng ka phuthehong, u se ke oa fela pelo ’me u batle litsela tse ling tseo u ka sebeletsang Jehova le phutheho ka tsona. Nahana ka mohlala oa Mor’abo rona Seung-Woo eo hona joale a sebeletsang e le moholo. Ha e sa le mocha, o ne a ipapisa le bara ba bo rona ba bang ba bacha. Ba bang ba bona ba ile ba fuoa boikarabelo ka phuthehong pele ho eena. Seung-Woo o ne a utloa eka ha a bonoe ’me qetellong o ile a bua le baholo ka taba ena. Moholo e mong o ile a mo khothalletsa hore a etse sohle seo a ka se khonang ho sebeletsa ba bang le haeba batho ba sa bone lintho tse ntle tseo a ntseng a li etsa. Keletso eo e ile ea susumelletsa Seung-Woo hore a iketse ea fumanehang ho thusa ba holileng le ho felehetsa batho ba bang ho ea libokeng. Ha a hetla morao o re: “Ke ile ka utloisisa hore na ho bolela’ng ho sebeletsa batho ba bang ka pelo eohle. Ke ile ka latsoa thabo e tlisoang ke ho thusa batho ba bang.”

Mor’abo rona e mocha o sebelisa koloi ea hae ho isa mor’abo rona ea holileng libokeng.

Bara ba bo rona ba bacha ba rua molemo joang ha ba qeta nako e ngata ba e-na le bara ba bo rona ba holileng tsebong? (Sheba serapa sa 7)


ETSISA TIMOTHEA KA HORE U AMEHE KA BATHO BA BANG

8. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a khetha Timothea hore a tsamaee le eena? (Bafilipi 2:​19-22)

8 Pauluse o ne a hloka ho tsamaea le bara ba bo rona ba sebete ha a khutlela litoropong tseo a ileng a hlorisoa ho tsona. O ile a qala ka ho khetha Silase ea neng a e-na le phihlelo hore a tsamaee le eena. (Lik. 15:​22, 40) Hamorao Pauluse o ile a khetha Timothea hore a tsamaee le eena. Ke eng e neng e ikhetha ka Timothea? Lebaka le leng ke hore o ne a e-na le botumo bo botle. (Lik. 16:​1, 2) O ne a boetse a hlokomela batho ka lintho tseo ba li hlokang.—Bala Bafilipi 2:​19-22.

9. Timothea o ile a bontša joang hore o ne a tsotella Bakreste-’moho le eena e le kannete?

9 Timothea o ile a bontša hore o tsotella batho ba bang haholo ho tloha ha a ne a qala tšebeletso ea hae le Pauluse. Kahoo, ha Pauluse a ne a tloha Berea a siea Timothea, o ne a tseba hore Timothea o tla khothatsa batho bao e sa tsoa ba Bakreste moo. (Lik. 17:​13, 14) Ha ho pelaelo hore ka nako eo, Timothea o ile a ithuta lintho tse ngata haholo ho Silase eo le eena a neng a ntse a lula Berea. Leha ho le joalo, hamorao Pauluse o ile a romela Timothea phuthehong ea Thesalonika a le mong hore a khothatse Bakreste ba lulang moo. (1 Bathes. 3:2) Ka mor’a lilemo tse ka bang 15, Timothea o ile a ithuta ho ‘lla le ba neng ba lla’ ho ba bontša hore o ba utloela bohloko. (Bar. 12:15; 2 Tim. 1:4) Bara ba bo rona ba bacha ba ka etsisa Timothea joang?

10. Ke joang Mor’abo rona Woo Jae a ileng a ithuta ho bontša hore o tsotella batho ba bang haholoanyane?

10 Nahana ka mohlala oa Mor’abo rona Woo Jae, ea ileng a ithuta ho bontša hore o tsotella batho ba bang haholoanyane. Ha e sa le mocha, o ne a thatafalloa ke ho bua le bara le barali ba bo rona ba baholo ho eena. Ha a le libokeng, o ne a ba lumelisa feela ebe oa iphetela. Moholo e mong o ile a mo eletsa hore a ke a qoqe le Bakreste-’moho le eena ’me a ba bolelle lintho tseo a li ananelang ka bona. Moholo eo o ile a boela a mo khothalletsa hore a nahane ka lintho tseo batho ba bang ba ka ’nang ba li thahasella. Woo Jae o ile a sebelisa keletso ena ha a qoqa le batho ba bang. Kajeno, Woo Jae eo e seng e le moholo o re: “Hona joale ke se ke utloa ho le bonolo ho ba le moqoqo o monate le bara le barali ba bo rona ba lilemo tse sa tšoaneng. Hoa nthabisa ho tseba hore ke se ke utloisisa haholoanyane lintho tseo batho ba bang ba amehileng ka tsona. Haesale sena se ntsoela molemo haholo ha ke ntse ke thusa bara le barali ba bo rona.”

11. Bara ba bo rona ba bacha ba ka thusoa ke eng hore ba bontše thahasello ho ba bang ka phuthehong? (Sheba setšoantšo.)

11 Ka ho tšoanang, lona bara ba bo rona ba bacha, le ka ithuta ho bontša thahasello ho batho ba bang. Ha le le libokeng, buang le batho bohle ho akarelletsa ba baholo le ba banyane ho lona. Ba botse hore na ba ntse ba ea joang ’me u ba mamele. Ha nako e ntse e ea, u tla tseba hore na u tla ba thusa joang. Mohlomong u tla hlokomela hore banyalani ba holileng ba hloka thuso ka ho sebelisa app ea JW Library®. Kapa u ka hlokomela hore ba hloka motho eo ba tsamaeang le eena ho ea tšimong. Na u ka ba thusa ka lisebelisoa tsa bona tsa elektronike kapa oa lokisetsa ho sebetsa le bona tšimong? Ha u thusa bara le barali ba bo rona, u tla behela ba bang ka phuthehong mohlala o motle.

Mor’abo rona e mocha o sebetsa le mor’abo rona ea holileng ka ntlo le ntlo. Mor’abo rona e mocha o tšoere tablet e bontšang video ha mor’abo ea holileng a ntse a bua le mong’a ntlo.

Bara ba bo rona ba bacha ba ka thusa phutheho ka litsela tse ngata (Sheba serapa sa 11)


KELETSO EA PAULUSE E KA U TSOELA MOLEMO

12. Bara ba bo rona ba bacha ba ka rua molemo joang keletsong eo Pauluse a ileng a e fa Timothea?

12 Pauluse o ile a fa Timothea keletso e neng e tla mo thusa hore a atlehe bophelong ba hae le tšebeletsong ea hae. (1 Tim. 1:18; 2 Tim. 4:5) Le lona bara ba bo rona ba bacha, le ka rua molemo keletsong ea Pauluse e lerato. Joang? Ka hore le bale mangolo a mabeli ao Pauluse a ileng a a ngolla Timothea joalokaha eka a ngolletsoe lona ’me le bone hore na le ka sebelisa keletso efe bophelong ba lona. Nahanang ka mehlala e seng mekae e latelang.

13. Ke eng e tla re thusa hore re tšepahalle Jehova le ho etsa lintho tse mo thabisang?

13 “Ikoetlise ka sepheo sa ho sebeletsa Molimo ka botšepehi.” (1 Tim. 4:7b) Ho sebeletsa Molimo ka botšepehi ho bolela’ng? Ke ha motho a tšepahalla Jehova a bile a etsa lintho tse mo thabisang. Kaha ha rea hlaha re e-na le makhabane ana, re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re be le ’ona. Re ka etsa seo joang? Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “Ikoetlise” hangata le ne le sebelisoa ho hlalosa koetliso e matla ea limathi tse neng li itokisetsa tlholisano. Limathi tsena li ne li lokela ho ba le boitšoaro tseleng eo li phelang ka eona ’me li tsepamise likelello tsa tsona moputsong. Le rona re lokela ho ba le boitšoaro tseleng eo re phelang ka eona e le hore re etse lintho tse tla re thusa ho atamela haufi le Jehova.

14. Morero oa rona e lokela ho ba ofe ha re bala Bibele? Etsa Mohlala.

14 Ha u ntse u itloaetsa ho bala Bibele, hopola hore morero ke hore u atamele haufi le Jehova. Ka mohlala, u ka ithuta eng tseleng eo Jesu a ileng a bua le monna e mocha ea ruileng ka eona? (Mar. 10:​17-22) Monna eo o ne a lumela hore Jesu e ne e le Mesia empa o ne a haelloa ke tumelo e le hore e be molateli oa hae. Ho ntse ho le joalo, Jesu o ne “a utloa a mo rata.” Na tsela eo Jesu a ileng a bua le monna enoa e mocha ka eona ha e u ame maikutlo? Ho hlakile hore Jesu o ne a batla hore monna enoa a etse qeto e nepahetseng. Jesu o ne a bontša hore na Jehova o ikutloa joang ka monna enoa e mocha. (Joh. 14:9) Ha u ntse u nahana ka tlaleho ena u shebile le maemo a hao, ipotse, ‘Ke lokela ho etsa’ng e le hore nka atamela haufi le Jehova ke be ke sebeletse batho ba bang haholoanyane?’

15. Ke hobane’ng ha mor’abo rona e mocha a lokela ho ameha ka hore na o beha mohlala o joang? Etsa mohlala. (1 Timothea 4:​12, 13)

15 “U behele ba tšepahalang mohlala.” (Bala 1 Timothea 4:​12, 13.) Pauluse o ile a khothalletsa Timothea hore a ntlafatse bokhoni ba hae ba ho bala le ho ngola, le hore a boele a be le makhabane a kang lerato, tumelo le ho hloeka boitšoarong. Hobane’ng? Hobane hangata batho ba ithuta mohlaleng oa hao o motle ho feta linthong tseo u li buang. A re re mohlomong u abetsoe ho fana ka puo e buang ka tšebeletso. U tla khona ho fana ka puo ena ka kholiseho haeba le uena u etsa sohle seo u ka se khonang tšebeletsong. Mohlala oa hao o tla etsa hore batho ba mamele seo u se rutang.—1 Tim. 3:13.

16. (a) Ke litsela life tse hlano tseo bara ba bo rona ba bacha ba ka behang mohlala ka tsona? (b) Mor’abo rona e mocha a ka beha mohlala joang tseleng eo ‘a buang ka eona’?

16 Ho 1 Timothea 4:​12, Pauluse o bontša litsela tse hlano tseo mora oa bo rona e mocha a ka behang mohlala ka tsona. Na u ka ithuta ka lintho tseo ha u ntse u etsa thuto ea botho? Ka mohlala, a re re u batla ho beha mohlala o motle tseleng eo “u buang ka eona.” Nahana ka hore na u ka re’ng e le hore u khothatse ba bang. Na khafetsa u ka bolella batsoali ba hao hore u ananela lintho tseo ba u etsetsang tsona? Ka mor’a liboka, na u ka bolella mora kapa morali oa bo rona hore na u ratile eng kabelong eo a neng a e etsa? U ka ’na oa boela oa leka ho araba ka mantsoe a hao ha u le libokeng. Ha u leka ka matla ho beha mohlala tseleng eo u buang ka eona, u tla be u bontša hore u hola hantle moeeng.—1 Tim. 4:15.

17. Mor’abo rona e mocha a ka thusoa ke eng hore a finyelle lipakane tsa hae tsa moea? (2 Timothea 2:22)

17 “U balehe litakatso tsa bocha empa u loanele ho etsa lintho tse lokileng.” (Bala 2 Timothea 2:22.) Pauluse o ile a khothalletsa Timothea hore a loantše litakatso tse neng li ka mo sitisa hore a finyelle lipakane tsa hae tsa moea kapa tse ka etsang hore a senye setsoalle sa hae le Jehova. U ka ’na oa boela oa hlokomela hore lintho tse ling, le hoja ho se phoso ho li etsa, li ka ’na tsa u siela nako e nyenyane ea ho etsa lintho tsa moea. Ka mohlala, nahana ka hore na u qeta nako e kae lipapaling, u shebile Inthanete kapa u bapala livideo game. Na u ka sebelisa e ’ngoe ea nako eo ho sebeletsa Jehova le ba bang haholoanyane? Mohlomong u ka ithaopela ho thusa ho hlokomela Holo ea ’Muso kapa ho tšehetsa lenaneo la sebaka sa heno la ho paka ka literoli. Ha u etsa lintho tse tšoanang le tsena, u tla kopana le metsoalle e tla u thusa hore u ipehele lipakane tse eketsehileng tšebeletsong le hore u li finyelle.

HO SEBELETSA BA BANG HO TLISA LITLHOHONOLOFATSO

18. Ke hobane’ng ha re ka re Mareka le Timothea ba phetse bophelo bo khotsofatsang le bo thabisang?

18 Mareka le Timothea ba ile ba itella ho sebeletsa batho ba bang ’me ba phetse bophelo bo khotsofatsang le bo thabisang. (Lik. 20:35) Mareka o tsamaile libaka tse fapaneng e le hore a sebeletse barapeli-’moho le eena. O ile a boela a ngola tlaleho e thahasellisang haholo ea bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae. Timothea o ile a thusa Pauluse ho theha liphutheho le ho matlafatsa Bakreste. Ho hlakile hore Jehova o ne a thabisoa ke moea oa boitelo o ileng oa bontšoa ke Mareka le Timothea.

19. Ke hobane’ng ha bara ba bo rona ba bacha ba lokela ho sebelisa keletso eo Pauluse a e fileng Timothea ’me phello e tla ba efe?

19 Lerato leo Pauluse a neng a e-na le lona ho Timothea, re ka le bona ka ho hlaka mangolong ao a a ngolletseng motsoalle eo oa hae ea mocha lilemong. Mangolo ana a bululetsoeng a bontša kamoo Jehova a le ratang kateng lona bara ba bo rona ba bacha. O batla hore le atlehe. Kahoo, etsang sohle seo le ka se khonang ho sebelisa keletso ena ea Pauluse e lerato ’me le holise takatso ea lona ea ho sebeletsa batho ba bang haholoanyane. Haeba le etsa joalo, le tla thaba hona joale ’me le be ‘le tšepo e matla ea hore le tla fumana bophelo ba sebele’ nakong e tlang.—1 Tim. 6:​18, 19.

U KA RE’NG?

  • U ithutile eng mohlaleng oa Mareka?

  • U ka etsisa Timothea joang tseleng eo a neng a sebelisana le batho ba bang ka eona?

  • Ke keletso efe ea Pauluse e ka thusang mor’abo rona e mocha ho hola moeeng?

PINA EA 80 “Latsoang ’Me le Bone Hore Jehova o Molemo”

a Kaha Petrose e ne e le motho ea nkang lintho ka botebo ebile a khona ho ntša maikutlo, hoa hlaka hore ha aa ka a bolella Mareka feela ka lintho tseo Jesu a ileng a li etsa empa o ile a boela a mo bolella ka hore na Jesu o ne a ikutloa joang maemong a fapaneng. Ho ka etsahala hore ebe ke lona lebaka le neng le etsa hore hangata ha Mareka a ngola a hlalose maikutlo a Jesu le liketso tsa hae.—Mar. 3:5; 7:34; 8:12.

b TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Mareka o thusa Pauluse le Barnabase ka litlhoko tsa bona ha ba le leetong la bona la boromuoa. Timothea o ithaopela ho etela phutheho hore a e’o matlafatsa le ho khothatsa Bakreste-’moho le eena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela