SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 20
PINA EA 7 Jehova ke Matla a Rona
Kholiseha Hore Jehova o Tla u Tšelisa
‘Ho rorisoe . . . Ntate ea mohau le ea bonolo haholo ea tšelisang batho maemong ’ohle.’—2 BAKOR. 1:3.
NTLHA-KHOLO
Lintho tseo re ithutang tsona tseleng eo Jehova a ileng a tšelisa Bajuda ba neng ba le botlamuoeng.
1. Hlalosa boemo ba Bajuda ba neng ba le botlamuoeng.
AK’U nahane hore na Bajuda ba ne ba ikutloa joang ha ba ne ba le botlamuoeng Babilona. Ba bone ha motse oa bo bona o felisoa. Ba ile ba tlosoa matlong a bona ba isoa sebakeng se seng ka lebaka la libe tsa bona le tsa baholo-holo ba bona. (2 Likron. 36:15, 16, 20, 21) ’Nete ke hore batlamuoa ba neng ba le Babilona ba ne ba e-na le bolokolohi ba ho phetha mabaka a bona a letsatsi le letsatsi. (Jer. 29:4-7) Leha ho le joalo, bophelo bo ne bo le thata ebile e ne e se bophelo boo ba neng ba ka ikhethela bona. Ba ne ba ikutloa joang ka boemo ba bona? Utloa hore na motlamuoa e mong ea tšepahalang o ile a reng: “Re ne re lutse linokeng tsa Babilona, re lla ha re hopola Sione.” (Pes. 137:1) Bajuda bana ba nyahameng ba ne ba hloka ho khothatsoa, empa ke mang ea neng a tla ba khothatsa?
2, 3. (a) Jehova o ile a etsetsa Bajuda ba neng ba le botlamuoeng eng? (b) Re tl’o bua ka eng sehloohong see?
2 Jehova ke ‘Molimo ea tšelisang batho maemong ’ohle.’ (2 Bakor. 1:3) Kaha Molimo o lerato, o thabela ho tšelisa batho bohle ba atamelang haufi le eena. Jehova o ne a tseba hore batlamuoa ba bang ba ne ba tla mamela khalemelo ea hae ’me ba khutlele ho eena. (Esa. 59:20) Kahoo, Jehova o ile a bululela moprofeta Esaia ho ngola lengolo le rehelletsoeng ka lebitso la hae, lilemo tse fetang 100 pele Bajuda ba isoa botlamuoeng. Le ne le tla ba thusa joang? Esaia o ile a re: “Molimo oa lona o re: ‘Tšelisang, tšelisang batho ba ka.’” (Esa. 40:1) Kannete Jehova o ile a fa Bajuda ba neng ba le botlamuoeng matšeliso ao ba neng ba tla a hloka ka lengolo la Esaia.
3 Joaloka Bajuda ba neng ba le botlamuoeng, le rona ka linako tse ling re hloka ho khothatsoa. Sehloohong sena, re tl’o bua ka litsela tse tharo tseo Jehova a ileng a tšelisa batlamuoa ka tsona: (1) O ile a tšepisa ho tšoarela ba bakileng, (2) o ile a fa batho ba hae tšepo (3) a ba a ba khoba matšoafo. Ha re ntse re tšohla lintlha tsena, hlokomela kamoo re ka ruang molemo kateng mantsoeng a Jehova a khothatsang.
JEHOVA OA RE TŠOARELA
4. Jehova o ile a bontša joang hore ke Molimo ea mohau? (Esaia 55:7)
4 Jehova “ke Ntate ea mohau le ea bonolo haholo.” (2 Bakor. 1:3) O ile a bontša mohau ha a ne a tšepisa batlamuoa ba bakileng hore o tla ba tšoarela. (Bala Esaia 55:7.) O ile a re: “Kaha lerato la ka ha le fele, ke tla u hauhela.” (Esa. 54:8) Jehova o ne a tla bontša joang hore oa ba hauhela? Le hoja Bajuda ba ne ba tla lokela ho khola litholoana tsa liketso tsa bona, Jehova o ile a ba tšepisa hore ba ke ke ba lula Babilona ka ho sa feleng. Ba ne ba tla lula botlamuoeng ka nakoana e itseng. (Esa. 40:2) E tlameha ebe mantsoe ana a ile a khothatsa le ho kholisa Bajuda ba neng ba bakile.
5. Ke hobane’ng ha re e-na le mabaka a fetang ao Bajuda ba neng ba le botlamuoeng ba neng ba e-na le ’ona a ho ananela mohau oa Jehova?
5 Re ithuta’ng? Jehova o ikemiselitse ho tšoarela bahlanka ba hae ka pelo eohle. Mehleng ena re na le mabaka a fetang ao Bajuda ba neng ba le botlamuoeng ba neng ba e-na le ’ona a ho ananela taba ena. Ka tsela efe? Ka hore re utloisisa hantle hore na Jehova o entse’ng e le hore re tšoareloe libe. Lilemo tse makholo ka mor’a hore Esaia a profete, Jehova o ile a romela Mora oa hae eo a mo ratang lefatšeng hore a tl’o fana ka bophelo ba hae e le tefo ea topollo bakeng sa baetsalibe bohle ba bakileng. Sehlabelo seo se entse hore Jehova a ‘hlakole’ libe tsa rona ka ho felletseng. (Lik. 3:19; Esa. 1:18; Baef. 1:7) Kannete Molimo eo re mo sebeletsang o mohau!
6. Re ka rua molemo joang haeba re nahana ka tsela eo Jehova a leng mohau ka eona? (Sheba setšoantšo.)
6 Haeba re lula re ikutloa re le molato, mantsoe a Jehova a hlahang ho Esaia 55:7 a ka re tšelisa. Ba bang ba rona re ka tsoela pele re ikutloa re le molato ka lebaka la phoso eo re e entseng khale le hoja re ile ra e bakela. Re ka lula re ikutloa joalo haeba re ntse re khola litholoana tsa phoso eo. Leha ho joalo, haeba re boletse libe tsa rona ’me re tlohetse ho li etsa, re ka kholiseha hore Jehova o re tšoaretse. Hape ha Jehova a re tšoarela, o khetha hore a se ke a hlola a hopola libe tsa rona. (Bapisa le Jeremia 31:34.) Kahoo, haeba Jehova a sa lule a nahana ka libe tsa rona tsa nako e fetileng, le rona ha rea lokela ho lula re nahana ka tsona. Ntho ea bohlokoa ho Jehova ke hore na re etsa’ng hona joale, eseng liphoso tseo re li entseng nakong e fetileng. (Ezek. 33:14-16) Haufinyane, Ntate oa rona ea mohau le ea bonolo o tla etsa hore re se ke ra hlola re utloa bohloko ka ho felletseng ka lebaka la litla-morao tsa liphoso tsa rona.
Ntho ea bohlokoa ho Jehova ke hore na re etsa’ng hona joale, eseng liphoso tseo re li entseng nakong e fetileng (Sheba serapa sa 6)
7. Ke eng e ka re susumelletsang ho batla thuso haeba ho e-na le sebe seo re se patileng?
7 Re lokela ho etsa’ng haeba re tšoenngoa ke letsoalo le molato ka lebaka la ho pata sebe se tebileng seo re se entseng? Bibele e re khothalletsa ho kopa thuso ho baholo. (Jak. 5:14, 15) Ke ’nete hore ho ke ke ha e-ba bonolo ho ba bolella sebe seo re se entseng. Empa re tla susumelletseha ho bua le banna bana ba tšepahalang haeba re bakile re bile re hopola hore Jehova le banna bana bao a ba khethileng hore ba re thuse, ba tla re hauhela. Hlokomela kamoo mohau oa Jehova o ileng oa tšelisa Mor’abo rona Arthur,a ea neng a tšoenngoa ke letsoalo la hae ka lebaka la sebe seo a se entseng. Mor’abo rona Arthur o re: “Ke ile ka shebella pornography ntho e ka etsang selemo kaofela. Empa ka mor’a hore ke mamele puo e neng e bua ka letsoalo, ke ile ka bolella mosali oa ka le baholo sebe sa ka. Ka mor’a moo, ke ile ka utloa ho re etlo! Empa ke ne ke ntse ke ikutloa ke le molato ka lebaka la ntho eo ke e entseng. Baholo ba ile ba nkhopotsa hore Jehova ha aa ntahla. O re khalemela hobane a re rata. Mantsoe a bona a mosa a ile a nkama pelo ’me a nkholisa hore Jehova o ntšoaretse.” Hona joale, Mor’abo rona Arthur ke pula-maliboho ea kamehla hape ke mohlanka ea sebeletsang. Hoa re tšelisa ho tseba hore Jehova oa re hauhela haeba re bakile.
JEHOVA O RE FA TŠEPO
8. (a) Jehova o ile a fa batlamuoa tšepo efe? (b) Ho ea ka Esaia 40:29-31, tšepo ee e ne e tla thusa Bajuda ba bakileng joang?
8 Ho ea ka pono ea motho, Bajuda ba neng ba le botlamuoeng ba ne ba se na tšepo ea ho khutlela naheng ea habo bona. ’Muso oa Babilona o ne o tumme ka ho hana ho lokolla batlamuoa ba oona. (Esa. 14:17) Leha ho le joalo, Jehova o ile a fa batho ba hae tšepo. O ile a ba tšepisa hore o tla ba lokolla ’me ho ne ho se na letho le ka mo thibelang. (Esa. 44:26; 55:12) Mahlong a Jehova, Babilona e ne e le joaloka lerolenyana leo e reng ha u le butsoela hanyenyane feela ebe le ile. (Esa. 40:15) Tšepo ee e ne e tla thusa batlamuoa joang? E ne e tla ba tšelisa. Empa e ne e sa tl’o fella moo. Esaia o ile a re: “Ba tšepileng Jehova ba tla fumana matla hape.” (Bala Esaia 40:29-31.) Kannete tšepo ena e ne e tla ba tsosa molota, ’me ‘ba fofele holimo ka mapheo a kang a ntsu.’
9. Ke eng e neng e tla fa batlamuoa lebaka la hore ba tšepe litšepiso tsa Jehova?
9 Jehova o ile a boela a fa batlamuoa lebaka la hore ba tšepe litšepiso tsa hae. O ile a etsa seo joang? Nahana ka boprofeta boo ba neng ba tseba hantle hore bo se bo phethahetse. Ba ne ba tseba hore Asiria e ile ea hapa ’muso o ka leboea oa Iseraele ’me ea isa batho botlamuoeng. (Esa. 8:4) Ba bone ha Bababilona ba felisa Jerusalema ba bile ba isa baahi ba eona botlamuoeng. (Esa. 39:5-7) Ba ne ba tseba hore Morena Tsedekia o ile a foufatsoa eaba o isoa Babilona. (Jer. 39:7; Ezek. 12:12, 13) Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a neng a e boletse esale pele e ile ea phethahala. (Esa. 42:9; 46:10) Lintho tsena kaofela li ile tsa matlafatsa tumelo ea bona ea hore Jehova o tla phethahatsa tšepiso ea hae ea hore o tla ba lokolla botlamuoeng.
10. Ke eng e ka re thusang hore re lule re e-na le tšepo mehleng ee ea bofelo?
10 Re ithuta’ng? Ha re ikutloa re nyahame, tšepo eo re nang le eona e ka re tšelisa ea ba ea re matlafatsa. Re phela linakong tse thata ’me lira tse matla tsa Molimo lia re hanyetsa. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho nyahama. Jehova o re file tšepo e babatsehang ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le nang le khotso le le sireletsehileng. Tšepo ea rona e lokela ho lula e khanya ka likelellong le lipelong tsa rona. Ho seng joalo, e tla ba lerootho, ho tšoane le ha eka re shebile serapa se setle ka fensetere e litšila ebe ha re se bone hantle. Re ka “hloekisa fensetere” eo joang, e leng ho boloka tšepo ea rona e tiile? Ka ho lula re ipha nako ea ho nahana ka hore na bophelo bo tla ba monate hakae lefatšeng le lecha. Re ka bala lihlooho, ra shebella livideo le ho mamela lipina tse buang ka tšepo eo re nang le eona. Re ka boela ra bua le Jehova ka thapelo, ra mo bolella litšepiso tseo re labalabelang ho bona li phethahala lefatšeng le lecha.
11. Ke eng e thusang morali oa bo rona ea nang le maloetse a sa foleng hore a fumane matla hape?
11 Nahana kamoo tšepo e ileng ea tšelisa le ho matlafatsa Morali oa bo rona Joy, ea nang le maloetse a sa foleng. O re: “Ha ke utloa ke imetsoe ke mathata, ke tšollela pelo ea ka ho Jehova, ke tseba hore oa nkutloisisa. Ka nako eo, Jehova o mpha ‘matla a sa tloaelehang.’” (2 Bakor. 4:7) Morali oa bo rona Joy o boetse o ipona a le lefatšeng le lecha, moo ho tla be ho se na “moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esa. 33:24) Le rona haeba re tšollela lipelo tsa rona ho Jehova re bile re nahana ka tšepo eo re nang le eona, re tla fumana matla hape.
12. Re na le mabaka afe a ho tšepa litšepiso tsa Jehova? (Sheba setšoantšo.)
12 Le rona Jehova o re file mabaka a mangata a hore re tšepe litšepiso tsa hae joalokaha a ile a etsa ho Bajuda ba neng ba le botlamuoeng. Nahana ka boprofeta boo re bo bonang bo phethahala. Ka mohlala, re bona ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika o “likarolo tse matla le tse fokolang.” (Dan. 2:42, 43) Re boetse re utloa ka “litšisinyeho tsa lefatše sebakeng se seng ka mor’a se seng,” hape re bolela litaba tse monate ‘lichabeng tsohle.’ (Mat. 24:7, 14) Ha re bona boprofeta bona bo phethahala, seo se re kholisa hore lintho tsohle tse molemo tseo Jehova a li tšepisitseng le tsona li tla phethahala.
Boprofeta boo re bonang bo phethahala mehleng ena bo re fa mabaka a hore re tšepe litšepiso tsa Jehova (Sheba serapa sa 12)
JEHOVA O RE KHOBA MATŠOAFO
13. (a) Ke mathata afe ao Bajuda ba neng ba tla tobana le ’ona nakong eo ba lokolloang? (b) Joalokaha ho hlalositsoe ho Esaia 41:10-13, Jehova o ile a tšelisa Bajuda ba neng ba le botlamuoeng joang?
13 Le hoja Jehova a ile a khothatsa Bajuda ba botlamuoeng ka tšepo e babatsehang, o ne a tseba hore ba tla kopana le mathata ha ba lokolloa. Jehova o ile a bolela esale pele hore ha Bajuda ba botlamuoeng ba le haufi le ho lokolloa, morena ea matla o ne a tla hapa linaha tse potolohileng Babilona a be a hlasele Babilona ka boeona. (Esa. 41:2-5) Na Bajuda ba ne ba lokela ho tšoenyeha? Jehova o ile a tšelisa batho ba hae esale pele, a re: ‘Le se ke la tšoha kaha ke na le lona. Le se ke la tšoenyeha hobane ke ’na Molimo oa lona.’ (Bala Esaia 41:10-13.) Jehova o ne a bolela’ng ha a re ‘Ke ’na Molimo oa lona’? O ne a sa hopotse Bajuda hore ba lokela ho mo rapela, hobane ba ne ba tseba hantle hore ba lokela ho etsa seo. Ho e-na le hoo, o ne a ba hopotsa hore o ntse a le ka lehlakoreng la bona.—Pes. 118:6.
14. Jehova o ile a boela a khoba matšoafo a Bajuda ba botlamuoeng joang?
14 Jehova o ile a boela a khoba Bajuda matšoafo ka ho ba hopotsa kamoo a nang le tsebo le matla a sa lekanyetsoang kateng. O ile a re ba shebe linaleli tse leholimong. O ile a ba bolella hore o bopile linaleli tseo ebile o tseba mabitso a tsona kaofela. (Esa. 40:25-28) Haeba Jehova o tseba naleli e ’ngoe le e ’ngoe ka lebitso, ho hlakile hore o tseba lebitso la mohlanka e mong le e mong oa hae. Hape haeba Jehova o na le matla a ho bopa linaleli, ho hlakile hore o na le matla a ho thusa batho ba hae. Kannete Bajuda ba botlamuoeng ba ne ba se na lebaka la ho tšoha kapa hona ho tšoenyeha.
15. Molimo o ile a re Bajuda ba botlamuoeng ba etse eng ha nako ea hore ba lokolloe e fihla?
15 Jehova o ile a boela a bolella batho ba hae hore na ba lokela ho etsa’ng ha nako ea hore ba lokolloe e fihla. Karolong e qalang ea lengolo la Esaia, Molimo o ile a re ho sechaba sa hae: “Kena likamoreng tsa hao tse ka hare, u koale mamati. Ipate ka nakoana ho fihlela khalefo e fetile.” (Esa. 26:20) Ho ka etsahala hore boprofeta bona bo ile ba phethahala ka lekhetlo la pele ha Morena Saeruse a ne a hapa Babilona. Rahistori e mong oa khale oa Mogerike o re ha Saeruse a kena Babilona, o ile a “laela [masole a hae] hore a bolaee motho e mong le e mong eo a neng a tla mo fumana ka ntle.” U ka inahanela feela hore na baahi ba Babilona ba ne ba tšohile hakae. Empa ho ka etsahala hore ebe Bajuda ba neng ba le botlamuoeng ba ile ba bolokeha hobane ba ile ba mamela litaelo tsa Jehova.
16. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšoenyeha ka ho fetelletseng ka hore na ho tla etsahala’ng nakong ea mahlomola a maholo? (Sheba setšoantšo.)
16 Re ithuta’ng? Haufinyane re tl’o tobana le mahlomola a maholo a e-s’o ka a e-ba teng lefatšeng. Ha a qala, batho ka kakaretso ba tla ferekana ba be ba tšohe. Empa eseng batho ba Jehova. Rea tseba hore Jehova ke Molimo oa rona. Re tla ema tsoee! re tseba hore re “haufi le ho lopolloa.” (Luka 21:28) Leha lichaba tse ikopantseng li re hlasela, re tla ema re tiile. Jehova o tla sebelisa mangeloi ho re sireletsa a be a re fe litaelo tse tla boloka bophelo ba rona. O tla re fa litaelo tseo joang? Re tla boka ha li oroha. Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore re tla fumana litaelo tseo ho tsoa liphuthehong tsa habo rona. Mohlomong e tla ba tsona ‘likamore tsa rona tse ka hare,’ moo re tla sireletseha teng. Re ka itokisa joang? Ka hore re be metsoalle e haufi le Bakreste-’moho le rona, re ikemisetse ho mamela tataiso e tsoang mokhatlong oa Jehova re be re kholisehe hore Jehova ke eena ea etellang mokhatlo oa rona pele.—Baheb. 10:24, 25; 13:17.
Rea tseba hore Jehova o na le matla le bokhoni ba ho re pholosa, kahoo ha rea lokela ho tšoenyeha ka ho fetelletseng ka hore na ho tla etsahala’ng ka rona nakong ea mahlomola a maholo (Sheba serapa sa 16)b
17. U ka etsa’ng e le hore u tsoela pele u kholisehile hore Jehova o tla u tšelisa?
17 Le hoja bophelo bo ne bo le thata bakeng sa Bajuda ba neng ba le botlamuoeng Babilona, Jehova o ile a ba fa matšeliso ao ba neng ba tla a hloka. O tla etsa se tšoanang le ho rona. Ho sa tsotellehe hore na ho tla etsahala’ng bophelong ba hao, tsoela pele u kholisehile hore Jehova o tla u tšelisa. E-ba le tumelo ea hore Jehova o tšoarela bahlanka ba hae ba tšepahalang ebile oa u tsotella. Etsa hore tšepo ea hao e lule e le matla. Lula u hopola hore kaha Jehova ke Molimo oa hao, ha ho na letho leo u lokelang ho le tšoha.
PINA EA 3 Jehova o re fa Matla le Tšepo
a Mabitso a mang a fetotsoe.
b TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Sehlopha se senyenyane sa bara le barali ba bo rona se bokane hammoho. Ba kholisehile hore Jehova o na le matla le bokhoni ba ho sireletsa batho ba hae ho sa tsotellehe hore na ba hokae lefatšeng.