Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w25 August maq. 14-19
  • Kholiseha Hore Jehova o u Tšoaretse

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kholiseha Hore Jehova o u Tšoaretse
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • KE HOBANE’NG HA E LE HABOHLOKOA HORE RE KHOLISEHE HORE JEHOVA O RE TŠOARETSE?
  • KE ENG E KA RE THUSANG HORE RE KHOLISEHE HORE JEHOVA O RE TŠOARETSE?
  • U SE KE OA LEBALA SEO JEHOVA A SE HOPOLANG KA RONA
  • TSOELA PELE HO IKHOLISA
  • Re Rua Molemo Ofe ha Jehova a re Tšoarela?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Jehova, Molimo ea ‘Lulang a Loketse ho Tšoarela’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Molimo ea ‘Ikemiselitseng ho Tšoarela’
    Atamela ho Jehova
  • Jehova oa Tšoarela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
w25 August maq. 14-19

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 34

PINA EA 3 Jehova o re fa Matla le Tšepo

Kholiseha Hore Jehova o u Tšoaretse

“U tšoarela libe tsa ka.”—PES. 32:5.

NTLHA-KHOLO

Re tl’o ithuta hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re kholisehe hore Jehova o re tšoaretse le hore na Bibele e re kholisa joang hore o tšoarela batho ba baketseng libe tsa bona.

1, 2. Jehova o etsa’ng ha re bakela libe tsa rona, hona seo se etsa hore re ikutloe joang? (Sheba setšoantšo.)

MORENA Davida o ne a tseba hore na ho joang ho ikoahlaela liphoso tsa nakong e fetileng, kaha o ile a etsa libe tse tebileng bophelong ba hae. (Pes. 40:12; 51:3; sehloohoana) Leha ho le joalo, o ile a baka ’me Jehova a mo tšoarela. (2 Sam. 12:13) Ka lebaka leo, Davida o ne a boetse a utloisisa hore na motho o imoloha hakae ha Jehova a mo tšoaretse libe tsa hae.—Pes. 32:1.

2 Joaloka Davida, le rona re ka ikutloa re imolohile ha re hlokomela hore Jehova o tšoarela libe tsa rona. Ke ho khothatsang ho tseba hore Jehova o ikemiselitse ho tšoarela libe tsa rona, esita le tse tebileng haeba re baka e le kannete, re bolela libe tsa rona ebile re etsa sohle seo re ka se khonang hore re se ke ra li pheta. (Liprov. 28:13; Lik. 26:20; 1 Joh. 1:9) Hape ke ho khothatsang hakaakang ho tseba hore o re tšoarela ka ho felletseng joalokaha eka ha re e-s’o ka re etsa sebe seo ho hang.—Ezek. 33:16.

Morena Davida o lutse foranteng o ntse a bina a ntse a bapala harepa.

Morena Davida o ngotse lipesaleme tse ngata tse hlalosang kamoo Jehova a tšoarelang kateng (Sheba serapa sa 1 le 2)


3, 4. Morali oa bo rona Jennifer o ile a ikutloa joang ka mor’a hore a kolobetsoe, hona re tl’o bua ka eng sehloohong see?

3 Ka linako tse ling, re ka belaella taba ea hore Jehova o re tšoaretse. A re bueng ka mohlala oa Morali oa bo rona Jennifer, ea holetseng ’neteng. Ha a sa le mocha, o ile a phela bophelo bo habeli. Empa lilemo hamorao, o ile a etsa liphetoho bophelong ba hae, ’me a inehela ho Jehova le ho kolobetsoa. O re: “Nakong e fetileng, ke ne ke noa joala haholo, ke lula ke koatile, ke etsa boitšoaro bo bobe ba thobalano, ebile ho ba le chelete e le eona ntho e tlang pele bophelong ba ka. Ke ne ke tseba hore ka mor’a ho kopa Jehova hore a ntšoarele le ho bakela libe tsa ka, o tla ntšoarela ka lebaka la sehlabelo sa Kreste. Empa ke ne ke sa kholiseha hore Jehova o ntšoaretse e le kannete.”

4 Na ka linako tse ling le uena ho ba thata ho lumela hore Jehova o tšoaretse libe tsa hao? Hopola hore na Davida o ile a ikutloa joang ha Jehova a mo tšoarela. O ne a kholisehile hore Jehova o mo tšoaretse kaha Jehova o mosa. Kahoo, Jehova o batla hore u ikutloe ka tsela e tšoanang le ea Davida. Sehloohong sena, re tl’o bua ka hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re kholisehe hore Jehova o tšoaretse libe tsa rona le hore na ke eng e ka re thusang hore re kholisehe.

KE HOBANE’NG HA E LE HABOHLOKOA HORE RE KHOLISEHE HORE JEHOVA O RE TŠOARETSE?

5. Satane o batla hore re lumele eng? Fana ka mohlala.

5 Ha re kholisehile hore Jehova o re tšoaretse, re ke ke ra lumela mashano a Satane. Hopola hore Satane o tla etsa sohle se matleng a hae ho etsa hore re khaotse ho sebetsa Jehova. E le hore a etse seo, a ka ’na a etsa hore re lumele hore libe tsa rona li tebile hoo Jehova a ke keng a batla ho re tšoarela. Nahana ka mohlala oa monna e mong oa Korinthe ea ileng a tlosoa ka phuthehong ka lebaka la ho etsa boitšoaro bo bobe ba thobalano. (1 Bakor. 5:​1, 5, 13) Ha a se a bakile, Satane o ne a batla hore batho ba ka phuthehong ba se ke ba mo tšoarela le ho mo amohela. Ka nako e tšoanang, Satane o ne a batla hore monna eo ea bakileng a nahane hore Jehova a ke ke a mo tšoarela le ka mohla. O ne a batla hore ‘a utloe bohloko haholo ebe oa nyahama’ ’me a khaotse ho sebeletsa Jehova. Satane ha a e-s’o ka a fetola morero oa hae le maqheka a hae. Empa “re tseba maqheka a hae.”—2 Bakor. 2:​5-11.

6. Ke eng e ka re thusang hore re khaotse ho ikutloa re le molato?

6 Ha re kholisehile hore Jehova o re tšoaretse, re ka khaotsa ho ikutloa re le molato. Ha re etsa sebe, ka tlhaho re ikutloa re le molato. (Pes. 51:17) Ke hantle haeba re ikutloa joalo, hobane matsoalo a rona a ka re susumelletsa hore re etse liphetoho ’me re etse se nepahetseng. (2 Bakor. 7:​10, 11) Leha ho le joalo, haeba re lula re ikutloa re le molato le ka mor’a hore re bakele libe tsa rona, sena se ka etsa hore re batle ho khaotsa ho sebeletsa Jehova. Ha re kholisehile hore Jehova o re tšoaretse, re tla tlohela ho ikutloa re le molato. Joale re tla sebeletsa Jehova ka tsela eo a e batlang, re mo sebeletse ka letsoalo le khutsitseng ebile re thabile haholo. (Bakol. 1:​10, 11; 2 Tim. 1:3) Leha ho le joalo, ke eng e ka re thusang hore re kholisehe le ho feta hore Molimo o re tšoaretse?

KE ENG E KA RE THUSANG HORE RE KHOLISEHE HORE JEHOVA O RE TŠOARETSE?

7, 8. Jehova o itlhalositse joang ho Moshe, ’me see se etsa hore re kholisehe ka eng? (Exoda 34:​6, 7)

7 Nahana ka tsela eo Jehova a itlhalositseng ka eona. Ka mohlala, hopola seo Jehova a se bolelletseng Moshe ha a ne a le Thabeng ea Sinai.a (Bala Exoda 34:​6, 7.) Har’a makhabane ’ohle ao Jehova a nang le ’ona, o ile a khetha ho bolella Moshe hore ke “Molimo ea mohau le ea nang le kutloelo-bohloko.” Na Molimo ea nang le makhabane aa, a ka se tšoarele morapeli oa hae ea baketseng libe tsa hae e le kannete? Ho hang! Ho etsa joalo, e tla be e le ho ba khopo le ho hloka mosa, e leng litšobotsi tseo Jehova a ke keng a ba le tsona.

8 Re ka kholiseha hore Jehova a ke ke a re thetsa, kaha ke Molimo ea nang le ’nete. (Pes. 31:5) Kahoo, re ka kholoa seo a re bolellang sona. Haeba ho le thata hore u khaotse ho ikutloa u le molato ka lebaka la libe tseo u li entseng nakong e fetileng, ipotse: ‘Na kea lumela hore kannete Jehova ke Molimo ea nang le kutloelo-bohloko le ea mohau le hore a ka tšoarela mang kapa mang ea baketseng libe tsa hae? Na joale ha kea lokela ho lumela hore le ’na Jehova o ntšoaretse?’

9. Ho tšoareloa ha libe tsa rona ho bolela’ng? (Pesaleme ea 32:5)

9 Nahanisisa kamoo bangoli ba Bibele ba hlalositseng tsela eo Jehova a tšoarelang ka eona. Ka mohlala, nahana kamoo mongoli oa Bibele, Davida, a ileng a hlalosa tsela eo Jehova a tšoarelang ka eona. (Bala Pesaleme ea 32:5.) O ile a re: “U tšoarela libe tsa ka.” Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “tšoarela” le ka bolela “ho phahamisa,” “ho tlosa” kapa “ho jara.” Kahoo, ha Jehova a ne a tšoarela Davida, ho ne ho tšoana le ha eka o ne a phahamisa libe tsa hae ’me a li tlosa ho eena. Joale Davida o ile a ikutloa a imolohile, kaha o ne a tseba hore Jehova o mo tšoaretse ka ho felletseng. (Pes. 32:​2-4) Ka tsela e tšoanang, le rona re ka ikutloa re imolohile. Haeba re bakile e le kannete, ha rea lokela ho tsoela pele re ikutloa re le molato ka liphoso tseo Jehova a seng a li tlositse ho rona.

10, 11. Polelo e reng Jehova o “ikemiselitse ho tšoarela” e re bolella eng ka eena? (Pesaleme ea 86:5)

10 Bala Pesaleme ea 86:5. Mona Davida o re Jehova o “ikemiselitse ho tšoarela.” Buka e ’ngoe ea lipatlisiso tsa Bibele, ha e bua ka poleloana ena e re: “Ka ‘tlhaho,’ Jehova ke motho ea ‘tšoarelang.’” Ke hobane’ng ha a le joalo? Karolo e latelang ea temana ena e re: “Bohle ba llelang ho uena u ba rata haholo.” Sehloohong se fetileng, re ithutile hore Jehova o tšepisa hore o tla bontša lerato le tšepahalang ho batho ba mo ratang ’me a ke ke a ba tlohela. Ka lebaka la lerato lena, ‘o tla tšoarela ka bolokolohi’ bohle ba baketseng libe tsa bona. (Esa. 55:​7, nal.) Haeba u thatafalloa ke ho lumela hore Molimo o u tšoaretse, u ka ’na oa ipotsa: ‘Na kea lumela hore Jehova o ikemiselitse ho tšoarela batho bohle ba bakileng ba mo kopang hore a ba bontše mohau? Joale na ha kea lokela ho lumela hore o ntšoaretse ha ke ne ke mo kopa hore a nkhauhele?’

11 Re ka khothatsoa ke ho tseba hore Jehova o utloisisa hantle tsela eo re entsoeng ka eona le hore ha rea phethahala. (Pes. 139:​1, 2) A re boneng hore na Davida o ile a re’ng pesalemeng e ’ngoe eo a ileng a e ngola, e ka re thusang hore re kholisehe hore Jehova o batla ho re tšoarela.

U SE KE OA LEBALA SEO JEHOVA A SE HOPOLANG KA RONA

12, 13. Ho latela Pesaleme ea 103:​14, Jehova o hopola eng ka rona, hona seo se mo susumelletsa hore a etse’ng?

12 Bala Pesaleme ea 103:14. Davida o re Jehova oa “hopola hore re lerole.” Mantsoe ana a hlalosa le leng la mabaka ao ka ’ona Davida a neng a re Jehova o ikemiselitse ho tšoarela barapeli ba hae ba bakileng: Oa tseba hore re etsa liphoso. E le hore re utloisise sena haholoanyane, a re hlahlobeng hore na Davida o ne a bolela’ng.

13 Davida o re Jehova “o tseba hantle tsela eo re bopiloeng ka eona.” O bopile Adama “ka lerole la lefatše.” Kahoo, oa tseba hore na re entsoe joang le hore na re hloka eng. Ka mohlala, re hloka ho ja, ho robala le moea hore re phele. Le batho ba phethahetseng ba ne ba hloka lintho tsena. (Gen. 2:7) Empa kaha Adama le Eva ba entse sebe, taba ea hore re lerole e ka boela ea bolela hore re na le mefokolo ka lebaka la sebe seo re se futsitseng. Kaha re bana ba bona, ha rea phethahala ’me re lokela ho loana ka thata hore re se ke ra etsa lintho tse fosahetseng. Jehova ha a tsebe feela taba ea hore re etsa liphoso empa Davida o re o “hopola” taba eo. Kahoo, o lula a re utloela bohloko. Ho ka etsahala hore Davida o ne a re: Jehova oa utloisisa hore ka linako tse ling re tla khoptjoa ’me re etse liphoso. Ha seo se etsahala, o susumelletseha hore a re bontše mohau le ho re tšoarela haeba re bakile e le kannete.—Pes. 78:​38, 39.

14. (a) Davida o ile a re’ng hape ka tsela eo Jehova a tšoarelang ka eona? (Pesaleme ea 103:12) (b) Re ka ithuta’ng tseleng eo Jehova a tšoaretseng Davida ka eona? (Sheba lebokose le reng “Kamoo Jehova a Tšoarelang Kateng le ho Lebala Liphoso Tseo re li Entseng.”)

14 Jehova o tšoarela ho isa boholeng bofe? (Bala Pesaleme ea 103:12.) Davida o re ha Jehova a tšoarela, o beha libe tsa rona hole “feela joalokaha bochabela bo le hole le bophirimela.” Rea tseba hore bochabela bo hole haholo le bophirimela ’me ha ho mohla li tla kopana. Joale see se re bolella eng ka liphoso tseo Jehova a li tšoarelang? Buka e ’ngoe e hlalosang temana ena e re Molimo o suthisetsa libe tsa rona hole le rona, joalokaha monko oa ntho e itseng o ka fela ka ho felletseng. Nahana ka taba ena, monko oa lijo o ka re hopotsa ntho e itseng e ileng ea etsahala nakong e fetileng. Empa ha Jehova a re tšoarela, ha ho na lephoka leha e le lefe la ntho eo re e entseng le tla etsa hore a nahane ka libe tsa rona hape kapa hona hore a re hopotse tsona.—Ezek. 18:​21, 22; Lik. 3:19.

Litšoantšo: 1. Morena Davida o ka holim’a marulelo ’me o shebelletse Bathe-sheba ha a ntse a hlapa. 2. O rapela ka tieo. 3. O ntse a nahana ha a ntse a ngola.

Kamoo Jehova a Tšoarelang Kateng le ho Lebala Liphoso Tseo re li Entseng

Ha Jehova a re tšoarela, o lebala liphoso tsa rona. Sena se bolela hore a ke ke a re ahlolela tsona hape. (Esa. 43:25) Ka mohlala, nahana kamoo Jehova a ileng a tšoarela Morena Davida kateng. Mohlala oa hae o re thusa ho bona hore re ka ba le kamano e matla le Jehova le haeba re ile ra etsa liphoso tse tebileng.

Davida o ile a etsa libe tse tebileng haholo. O ile a bolaea le ho etsa bohlola. Empa Jehova o ile a mo tšoarela kaha o ile a baka e le kannete. Davida o ile a mamela khalemelo, ’me a etsa liphetoho. Ka mor’a moo, o ile a tsoela pele a sebeletsa Jehova ka botšepehi bophelo bohle ba hae.—2 Sam. 11:​1-27; 12:13.

Hamorao Jehova o ile a re ho Solomone: “Lula u ntšepahalla joaloka ntate oa hao Davida.” (1 Mar. 9:​4, 5) Jehova ha aa ka a bua ka libe tsa Davida. Ho e-na le hoo, o ile a re Davida e ne e le monna ea mo tšepahallang. Hape Jehova o ile a mo ‘putsa haholo’ ka lebaka la ho tšepahala ha hae.—Pes. 13:6.

Re ithuta’ng? Ha Jehova a tšoarela, ha a shebe libe tseo a ileng a re tšoarela tsona, empa o sheba lintho tse ntle tseo re li etsang ebile o batla ho re putsa. (Baheb. 11:6) Kahoo, ha rea lokela ho lula re hopola liphoso tseo re li entseng tseo Jehova a khethileng ho li lebala.

15. Re ka etsa’ng haeba re lula re ikutloa re le molato ka lebaka la libe tseo re li entseng nakong e fetileng?

15 Mantsoe a Davida a ho Pesaleme ea 103 a re thusa joang hore re kholisehe hore Jehova o re tšoaretse? Haeba re lula re ikutloa re le molato ka lebaka la libe tseo re li entseng nakong e fetileng, re ka ipotsa: ‘Na kea lebala hore Jehova oa hopola hore ke moetsalibe le hore o ikemiselitse ho tšoarela moetsalibe ea bakileng, ea joaloka ’na? Na kea hopola hore Jehova o khethile ho lebala libe tseo a ntšoaretseng tsona le hore a ke ke a nkhopotsa tsona?’ Jehova ha a lule a nahana ka liphoso tseo re li entseng nakong e fetileng. Le rona re lokela ho khaotsa ho nahana ka tsona. (Pes. 130:3) Ha re kholisehile hore Jehova o re tšoaretse, re tla khona ho itšoarela ’me re tsoele pele ho sebeletsa Jehova re thabile.

16. Fana ka mohlala o bontšang kotsi ea ho lula re ikutloa re le molato ka lebaka la libe tseo re li entseng. (Sheba setšoantšo.)

16 Nahana ka mohlala ona. Ho lula re ikutloa re le molato ka lebaka la libe tseo re li entseng ho tšoana le ha eka re leka ho khanna koloi empa re lula re shebile morao ka seipone. Ho ka ba molemo hore u ’ne u shebe seipone hobane ho tla u thusa hore u bone likotsi tse ka u hlahelang. Empa e le hore u khanne ka tsela e bolokehileng, u lokela ho lula u shebile pele moo u eang teng. Ka tsela e tšoanang, ho ka ba molemo hore ka linako tse ling re nahane ka liphoso tseo re li entseng. Seo se tla re thusa hore re qobe ho li pheta hape. Empa ha re lula re nahana ka liphoso tseo re li entseng, re ke ke ra thaba ’me sena se tla etsa hore re se ke ra sebeletsa Molimo kahohle kamoo re ka khonang. Ho e-na le hoo, a re tsepamiseng mohopolo ho sebeletseng Jehova, ’me re lule re nahana ka bokamoso boo a re tšepisitseng bona, moo lintho tse mpe ‘li ke keng tsa hopoloa.’—Esa. 65:17; Liprov. 4:25.

Monna o shebile morao ka seipone ha a ntse a khanna tseleng e sa otlolohang.

Joalokaha mokhanni a lokela ho lula a shebile tsela ho e-na le ho sheba morao ka seipone, re lokela ho lula re nahana ka litlhohonolofatso tsa nako e tlang ho feta liphoso tseo re li entseng nakong e fetileng (Sheba serapa sa 16)


TSOELA PELE HO IKHOLISA

17. Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re ikholisa hore Jehova o tla lula a re rata le hore o ikemiselitse ho re tšoarela?

17 Re lokela ho lula re ikholisa hore Jehova o tla lula a re rata le hore o ikemiselitse ho re tšoarela. (1 Joh. 3:19) Hobane’ng? Hobane Satane a ke ke a khaotsa ho etsa hore re ikutloe eka ha ho mohla Jehova a tla re rata kapa hona ho tšoarela libe tsa rona. Morero oa hae oa ho batla hore re tlohelle ho sebeletsa Jehova ha o e-s’o fetohe. Re ka lebella hore Satane o tla leka ka matla le ho feta hobane oa tseba hore nako ea hae e khutšoanyane. (Tšen. 12:12) Ha rea lokela ho mo lumella hore a re hlole.

18. U ka etsa’ng e le hore u kholisehe hore Jehova oa u rata le hore o u tšoaretse?

18 Hore u kholisehe le ho feta hore Jehova oa u rata, sebelisa litlhahiso tseo re li tšohlileng sehloohong se fetileng. Hore u ikholise hore Jehova o u tšoaretse, nahana kamoo a itlhalositseng kateng. Nahanisisa kamoo bangoli ba Bibele ba hlalositseng tsela eo Jehova a tšoarelang ka eona. U se ke oa lebala hore oa tseba hore u etsa liphoso ’me o tla u hauhela. Hape u hopole hore ha a tšoarela, o tšoarela ka ho feletseng. U tla thaba hobane u kholisehile hore Jehova o tla u bontša mohau, ’me joaloka Davida u tla re, “Kea leboha Jehova, ka ho ntšoarela ‘libe tsa ka.’”—Pes. 32:5.

U KA RE’NG?

  • Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u kholisehe hore Jehova o u tšoaretse?

  • Ke eng e ka u thusang hore u kholisehe hore Jehova o u tšoaretse?

  • Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re ikholisa hore Jehova o ikemiselitse ho re tšoarela?

PINA EA 1 Makhabane a Jehova

a Sheba sehlooho se reng “Atamela ho Molimo—Ha Jehova a ne a Itlhalosa” ho Molula-Qhooa oa May 1, 2009.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela