Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w25 August maq. 20-25
  • Seo re ka se Etsang ho Hlola Litakatso Tse Fosahetseng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seo re ka se Etsang ho Hlola Litakatso Tse Fosahetseng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “EA KHOPO” O BATLA HORE RE IKUTLOE JOANG?
  • KAMOO SEBE SE KA ETSANG HORE RE IKUTLOE KATENG
  • RE KA HLOLA JOANG?
  • “LE ’NE LE ITLHAHLOBE”
  • Lulang le Itebetse e le Hore le se ke la Hloloa ke Liteko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Lula u Latela Jesu ka Mor’a Hore u Kolobetsoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Jehova o Entse’ng ho Pholosa Batho Sebeng le Lefung?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Liqeto Tse Bontšang Hore re Tšepa Jehova
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
w25 August maq. 20-25

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 35

PINA EA 121 Re Lokela ho ba le Boitšoaro

Seo re ka se Etsang ho Hlola Litakatso Tse Fosahetseng

“Le se ke la lumella sebe hore se le buse. Le se ke la inehella litakatso tsa ’mele ea lona e shoang.”—BAR. 6:12.

NTLHA-KHOLO

Ho re thusa (1) ho loantša ho nyahama le (2) ho qoba ho inehella teko.

1. Kaofela ha rona re hlaheloa ke eng?

NA U kile oa ba le takatso e matla ea ho etsa ntho eo Jehova a sa e rateng? Haeba ho joalo, u se ke ua etsa qeto ea hore teko ea hao e feta tsa ba bang. Bibele e re: “Liteko tsohle tse le hlahelang li kile tsa hlahela batho ba bang.” (1 Bakor. 10:13) Sena se bolela hore takatso efe kapa efe e fosahetseng eo u loantšanang le eona, ba bang le bona ba loantšana le eona. Ha u mong ’me ka thuso ea Jehova, u ka khona ho hlola ntoa ena.

2. Bakreste ba bang le liithuti tsa Bibele ba ka ’na ba loantšana le liteko life? (Sheba litšoantšo.)

2 Bibele e boetse e re: “E mong le e mong o lekoa ke ho hoheloa ke litakatso tsa hae.” (Jak. 1:14) Ntho e hohelang motho e mong e ka ’na ea fapana le e hohelang e mong. Ka mohlala, Bakreste ba bang ba ka ’na ba lekeha ho etsa boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate le batho ba bong bo fapaneng le ba bona, ha ba bang bona ba ka lekeha ho etsa boitšoaro boo le batho ba bong bo tšoanang le ba bona. Batho ba seng ba tlohetse ho shebella pornography ba ka ’na ba e-ba le takatso e matla ea ho e shebella hape. Ba bang ba tlohelletseng ho ba makhoba a lithethefatsi kapa joala, ba kopana le bothata bo tšoanang. Tsena ke litakatso tse seng kae tseo Bakreste ba bang le liithuti tsa Bibele ba loantšanang le tsona. Ho ka etsahala hore ho na le nako eo kaofela ha rona re kileng ra ikutloa joaloka moapostola Pauluse, ha a re: “Ha ke batla ho etsa lintho tse nepahetseng, tse mpe li teng ho ’na.”—Bar. 7:21.

Teko e ka hlaha u sa lebella le sebakeng seo u sa se lebellang (Sheba serapa sa 2)c


3. Takatso e fosahetseng e sa eeng moriting e ka etsa hore motho a ikutloe joang?

3 Haeba u loantša takatso e fosahetseng e sa eeng moriting, u ka ’na oa ikutloa u se na matla, joalokaha eka ha u khone ho loantšana le eona. U ka ’na oa boela oa ikutloa u se na tšepo, joalokaha eka Jehova o tla u ahlola hobane u e-na le takatso e fosahetseng. Kholiseha hore maikutlo ana ha se ’nete. Sehlooho sena se tl’o re hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha maikutlo ana e se ’nete, ka ho araba lipotso tsena tse peli: (1) Boikutlo ba ho se be le matla le ho se be le tšepo bo hlaha hokae? (2) U ka hlola ntoa ea ho loantša takatso e fosahetseng joang?

“EA KHOPO” O BATLA HORE RE IKUTLOE JOANG?

4. (a) Ke hobane’ng ha Satane a batla hore re ikutloe re se na matla? (b) Ke hobane’ng ha re na le matla a ho loantšana le liteko?

4 Satane o batla hore re ikutloe re se na matla ha re lekoa. Jesu o ile a hlakisa sena ha a ne a ruta balateli ba hae ho rapela, a re: “U se ke oa re lumella hore re hloloe ke moleko empa u re lopolle ho ea khopo.” (Mat. 6:13) Satane o belaella boikemisetso ba batho ba ho mamela Jehova ha ba lekoa. (Jobo 2:​4, 5) Se makatsang ke hore ke eena oa pele oa ho laoloa ke takatso ea hae ’me o ne a sa ikemisetsa ho lula a tšepahalla Jehova. Ho hlakile hore Satane o nahana hore re tšoana le eena, hoo re ka tlohelang ho sebeletsa Jehova ha re lekoa. Satane o ne a bile a nahana hore Mora ea phethahetseng oa Molimo a ka lekeha ho etsa ntho e fosahetseng. (Mat. 4:​8, 9) Empa nahana: Na ehlile ha re na matla a ho loantša litakatso tse fosahetseng? Ha ho joalo! Re lumellana le moapostola Pauluse ea ileng a re: “Ke na le matla a ho etsa lintho tsohle ka lebaka la ea mphang matla.”—Bafil. 4:13.

5. Re tseba joang hore Jehova o kholisehile ka ho felletseng hore re ka loantša litakatso tse fosahetseng?

5 Ho fapana le Satane, Jehova o kholisehile ka ho felletseng hore re ka khona ho hlola litakatso tse fosahetseng. Re tseba seo joang? Hobane Jehova o ile a bua esale pele hore bongata bo boholo ba batho ba tšepahalang bo tla pholoha mahlomola a maholo. Nahana ka hore na seo se bolela’ng. Jehova, ea ke keng a bua leshano, o re batho ba bangata eseng ba ’maloa feela, ba tla kena lefatšeng le lecha ba e-na le letsoalo le hloekileng, “ba hlatsoitse liaparo tsa bona tse telele ’me ba li soeufalitse maling a Konyana.” (Tšen. 7:​9, 13, 14) Ho hlakile hore Jehova ha a nahane hore ha re na matla a ho loantša litakatso tse fosahetseng.

6, 7. Ke hobane’ng ha Satane a batla hore re ikutloe re se na tšepo ea ho hlola liteko?

6 Ha se feela hore Satane o batla hore re ikutloe re se na matla empa o boetse o batla hore re ikutloe re se na tšepo, ka hore re nahane hore Jehova o tla re ahlola hobane re e-na le litakatso tse fosahetseng. Hape se makatsang ke hore Satane ke eena ea se nang tšepo, eo Jehova a mo ahlotseng e le ea ke keng a fumana bophelo bo sa feleng. (Gen. 3:15; Tšen. 20:10) Ha ho pelaelo hore le rona Satane o batla hore re ikutloe re se na tšepo, haholo-holo hobane re na le monyetla oa ho fumana litlhohonolofatso tseo eena a ke keng a li fumana. Leha ho le joalo, re na le tšepo. Ha e le hantle, Bibele e re tiisetsa hore Jehova o batla ho re thusa, eseng ho re ahlola. “Ha a lakatse hore mang kapa mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba bake.”—2 Pet. 3:9.

7 Kannete haeba re nahana hore ha re na matla kapa tšepo ea ho hlola litakatso tse fosahetseng, re tla be re nahana ka tsela eo Satane a e batlang. Ho hlokomela seo, ho tla re thusa ho matlafatsa boikemisetso ba rona ba ho ema re tiile khahlanong le eena.—1 Pet. 5:​8, 9.

KAMOO SEBE SE KA ETSANG HORE RE IKUTLOE KATENG

8. Ntle le ho etsa lintho tse fosahetseng, sebe se ka boela sa bolela eng? (Pesaleme ea 51:5) (Sheba “Tlhaloso.”)

8 Ntle le Satane, ho na le ntho e ’ngoe e ka etsang hore re ikutloe re se na matla le tšepo ea ho loantša litakatso tse fosahetseng. Ke eng ntho eo? Ke sebe seo re se futsitseng ho batsoali ba rona ba pele.a—Jobo 14:4; bala Pesaleme ea 51:5.

9, 10. (a) Sebe se ile sa ama Adama le Eva joang? (Sheba setšoantšo.) (b) Rona sebe se re ama joang?

9 Hlokomela kamoo sebe se ileng sa ama Adama le Eva kateng. Ka mor’a ho se mamele Jehova, ba ile ba ipata ’me ba leka ho koahela ’mele ea bona. Ha Insight on the Scriptures e bua ka taba ena, e re: “Sebe se ile sa etsa hore ba ikutloe ba le molato, ba tšoenyehile, ba ikhalala le ho ikutloa ba soabile.” E ne eka Adama le Eva ba koalletsoeng ka ntlong e nang le likamore tseo tse ’nè. Adama le Eva ba ne ba ka khona ho tsoa ka kamoreng e ’ngoe ba ee ka ho e ’ngoe, empa ba sa khone ho tsoa ka har’a ntlo eo. Ba ne ba ke ke ba khona ho qoba sebe seo.

10 Ke ’nete hore ha re boemong bo tšoanang hantle le ba Adama le Eva. Tefo ea topollo, e sa sebetseng ho banyalani ba pele, e ka hlatsoa libe tsa rona le ho etsa hore re be le letsoalo le hloekileng. (1 Bakor. 6:11) Ho ntse ho le joalo, re futsitse sebe. Kahoo, ha ho makatse hore le rona re ikutloa re le molato, re tšoenyehile, re ikhalala ebile re soabile. Ha e le hantle, Bibele e re sebe se tsoela pele ho laola batho. Se entse joalo le ho “batho bohle le hoja ba ne ba sa etsa sebe joaloka Adama.” (Bar. 5:14) Le hoja taba ena e ka bonahala e nyahamisa, ha ea lokela ho etsa hore re ikutloe re se na matla kapa tšepo. Re ka khona ho qoba maikutlo a fosahetseng. Joang?

Adama le Eva ba tloha serapeng sa Edene ba soabile ba apere matlalo a liphoofolo.

Sebe se ile sa etsa hore Adama le Eva ba ikutloe ba le molato, ba tšoenyehile, ba ikhalala ba bile ba soabile (Sheba serapa sa 9)


11. Re lokela ho etsa’ng ha re ikutloa re se na matla a ho loantša takatso e fosahetseng, hona hobane’ng? (Baroma 6:12)

11 Kaha ha rea phethahala, re ka ’na ra ikutloa re se na matla, eka re ke ke ra atleha ho loantša litakatso tse fosahetseng. Ho ba joalokaha eka re utloa lentsoe ka lihloohong tsa rona le re bolellang hore re ke ke ra khona ho loantša litakatso tse fosahetseng, empa ha rea lokela ho le mamela. Hobane’ng? Hobane Bibele e re ruta hore ha rea lokela ho lumella sebe hore se tsoele pele ho re ‘busa.’ (Bala Baroma 6:12.) Sena se bolela hore re ka khona ho khetha ho se etse lintho tse fosahetseng tseo re lakatsang ho li etsa. (Bagal. 5:16) Jehova o kholisehile hore re ka khona ho hlola teko, ho seng joalo o ne a ke ke a re bolella hore re e hlole. (Deut. 30:​11-14; Bar. 6:6; 1 Bathes. 4:3) Ho hlakile hore re na le matla a ho loantša litakatso tse fosahetseng.

12. Re ka etsa’ng haeba re ikutloa re se na tšepo ea ho hlola litakatso tse fosahetseng, hona hobane’ng?

12 Ka ho tšoanang, ha re ikutloa re se na tšepo ’me re nahana hore Jehova o tla re ahlola hobane re e-na le litakatso tse fosahetseng, re ka nka hoo e le sebe se bua le rona ’me ha rea lokela ho se mamela. Hobane’ng? Hobane Bibele e ruta hore Jehova oa utloisisa hore re hlahile re e-na le sebe. (Pes. 103:​13, 14) “O tseba lintho tsohle” ka rona, ho akarelletsa le litsela tse fapaneng tseo ka tsona sebe seo re se futsitseng se kenyang letsoho litšekamelong tsa rona tse fosahetseng. (1 Joh. 3:​19, 20) Haeba re loantša takatso e fosahetseng ’me re qetella re sa e etsa, Jehova o tla re talima re le ba hloekileng. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha ka seo?

13, 14. Na ho ba le litakatso tse fosahetseng ho bolela hore re se re hlolehile? Hlalosa.

13 Bibele e re ho na le phapang e kholo pakeng tsa ho ba le takatso e fosahetseng le ho etsa se fosahetseng. Ha se kamehla re ka khonang ho laola ho ba le litakatso tse fosahetseng empa re ka khona ho laola hore na re etsa ntho e fosahetseng kapa che. Ka mohlala, ho na le banna ba Bakreste ba phutheho ea Korinthe bao pele ba neng ba robala le banna ba bang. Pauluse o ile a re: “Ba bang ba lona le ne le le joalo.” Na see se bolela hore ha ho mohla ba kileng ba lakatsa ho etsa boitšoaro boo bo bobe? Ha ho utloahale ho nahana joalo, hobane hangata litakatso tse joalo li mela ka metso. Empa Bakreste ba neng ba e-na le boitšoaro ’me ba qoba ho etsa se fosahetseng ba ne ba amoheleha ho Jehova. O ne a ba nka ba “hloekisitsoe.” (1 Bakor. 6:​9-11) Le uena u ka etsahalloa ke se tšoanang.

14 Ho sa tsotellehe hore na u loantšana le litakatso life tse fosahetseng, le uena u ka atleha ho li hlola. Le haeba u ke ke oa khona ho li tlosa, u ka khona ho ba le boitšoaro ’me oa qoba ‘ho etsa lintho tseo u li nahanang.’ (Baef. 2:3) U ka etsa seo joang ’me oa hlola litakatso tse fosahetseng?

RE KA HLOLA JOANG?

15. Haeba re batla ho hlola ntoa ea ho loantša litakatso tse fosahetseng, ke hobane’ng ha re sa lokela hore re ithetse?

15 E le hore u hlole ntoeng ea ho loantša litakatso tse fosahetseng, u lokela ho tseba hore na mefokolo ea hao ke efe. E-ba hlokolosi hore u se ke oa ithetsa ka “monahano oa bohata.” (Jak. 1:​22, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang.) Ho nyenyefatsa bothata ka ho fana ka mabaka a kang, ‘Ba bang ba noa ho mpheta,’ kapa ho beha ba bang molato ka hore, ‘Nka be ke sa lekehe ho shebella pornography hoja ebe mosali oa ka o mpontša lerato,’ ho tla etsa hore ho be bonolo hore u inehelle molekong. Kahoo, u se ke oa leka ho ipehela mabaka a ho etsa se fosahetseng. Nka boikarabelo bakeng sa liketso tsa hao.—Bagal. 6:7.

16. U ka matlafatsa boikemisetso ba hao ba ho etsa se nepahetseng joang?

16 Ntle le ho se ithetse ka mefokolo ea hao, u lokela ho matlafatsa boikemisetso ba hao ba hore u se ke oa inehela. (1 Bakor. 9:​26, 27; 1 Bathes. 4:4; 1 Pet. 1:​15, 16) Nahana hore na u hloloa ke eng le hore na e u hlola neng. E ka ’na eaba u lekoa ke ntho e itseng kapa u lekeha ka nako e itseng ea letsatsi. Ka mohlala, na u hloleha haholo ha u khathetse kapa ha e le bosiu? Nahana esale pele ka teko eo ’me u itokisetse hore na u tla etsa’ng ha e u hlahela. Nako e ntle ea ho etsa sena ke pele teko e u hlahela.—Liprov. 22:3.

17. Re ithuta eng mohlaleng oa Josefa? (Genese 39:​7-9) (Sheba litšoantšo.)

17 Nahana ka hore na Josefa o ile a etsa’ng ha mosali oa Potifaro a ne a leka ho robala le eena. O ile a hana hang-hang. (Bala Genese 39:​7-9.) Re ithuta’ng tabeng ee? Josefa o ne a tseba hantle hore na o ikutloa joang ka ho nka mosali oa monna e mong le pele mosali oa Potifaro a leka ho robala le eena. Ka tsela e tšoanang, le uena u ka matlafatsa boikemisetso ba hao ba ho etsa se nepahetseng le pele u tobana le boemo bo u lekang. Ka tsela eo, ha u tobana le teko, ho tla ba bonolonyana ho phethahatsa qeto eo u ileng oa e etsa esale pele.

Litšoantšo: 1. Josefa o baleha mosali oa Potifaro ’me mosali eo o tšoere seaparo sa hae. 2. Mor’abo rona e mocha o hana ngoanana ea bonyang le eena sekolong.

Hanela teko hang-hang, joalokaha Josefa a ile a etsa (Sheba serapa sa 17)


“LE ’NE LE ITLHAHLOBE”

18. U ka hlola ntoa ea ho loantša litakatso tse fosahetseng joang? (2 Bakorinthe 13:5)

18 E le hore u hlole ntoa khahlanong le litakatso tse fosahetseng, u lokela hore ‘u ’ne u itlhahlobe.’ Sena se bolela hore kamehla, u lokela hore u ’ne u ichebe hore na u ntse u ea joang. (Bala 2 Bakorinthe 13:5.) Nako le nako, hlahloba tsela eo u nahanang ka eona le liketso tsa hao ’me u etse liphetoho moo ho hlokahalang. Ka mohlala, le haeba u ile oa atleha ho hanela teko, u ka ’na oa ipotsa: ‘Ho nkile nako e kae hore ke hane?’ Haeba u hlokomela hore u ile oa lieha, u se ke oa ikahlola. Ho e-na le hoo, nka mehato e tla u thusa hore u ntlafatse. Ipotse lipotso tse kang: ‘Na nka fokotsa nako eo ke e nkileng ho tlosa menahano e fosahetseng? Na tsela eo ke ithabisang ka eona e etsa hore ho be thata hore ke hanele teko? Na ke tatela ho tlosa mahlo a ka ha ho hlaha litšoantšo tse litšila? Na kea utloisisa hore na ke hobane’ng ha melao ea Jehova e le molemo ka linako tsohle le haeba ho hlokahala hore ke be le boitšoaro?’—Pes. 101:3.

19. Liqeto tse seng bohlale tse bonahalang eka li nyenyane li ka etsa hore ho be thata ho loantša litakatso tse fosahetseng joang?

19 U boetse u lokela ho qoba ho ipehela mabaka. Bibele e re: “Pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe ebile e tsitlella seo e se batlang.” (Jer. 17:9) Jesu o ile a re e tsoala “menahano e fosahetseng.” (Mat. 15:19) Ka mohlala, motho ea seng a e-na le nako a khaolitse ho shebella pornography, a ka ’na a nahana hore ha ho kotsi ho sheba litšoantšo tse tsosang takatso hobane feela li sa hlahise batho ba tsotseng. Mohlomong a ka ’na a nahana hore ha ho phoso ho nahana ka ntho e fosahetseng hafeela a sa e etse. Ka tsela e itseng, pelo ea motho eo e bolotsana, e “rera esale pele hore na [e] tla khotsofatsa litakatso tse fosahetseng joang.” (Bar. 13:14) U ka qoba ho etsa seo joang? E-ba hlokolosi ’me u qobe ho etsa liqeto tse nyenyane tse seng bohlale tse tla etsa hore u qetelle u entse liqeto tse kholo tse seng bohlale, tse joaloka ho inehella ho etsa se fosahetseng.b Hana “menahano e fosahetseng,” e ka etsang hore u ipehele mabaka a ho etsa se fosahetseng.

20. Ho tla etsahala eng ka litakatso tse fosahetseng nakong e tlang, hona re ka thusoa ke eng hona joale?

20 Joalokaha re ithutile, ka thuso ea Jehova re na le matla a ho hlola liteko. Hape ka lebaka la tefo ea topollo, re khona ho tšoareloa libe tsa rona ’me re na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha. Re tla thaba haholo ha re se re sebeletsa Jehova re se re sa loane le litakatso tse fosahetseng. Ho fihlela nako eo e fihla, re ka kholiseha hore re na le matla le tšepo ea ho loantša litakatso tse fosahetseng. Kaha Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba rona, re tla khona ho hlola!

U KA RE’NG?

  • Ke eng e ka re thusang ho loantša boikutlo ba ho se be le matla le tšepo ea ho hlola litakatso tse fosahetseng?

  • Re ka etsa’ng hore sebe se se ke sa re ‘busa’?

  • Re ka tsoela pele ho ‘itlhahloba’ joang?

PINA EA 122 E-bang Sebete ’Me le be Matla

a TLHALOSO: Ka Bibeleng, hangata lentsoe “sebe” le bolela ho etsa ntho e fosahetseng, joaloka ho utsoa, ho feba kapa ho bolaea. (Ex. 20:​13-15; 1 Bakor. 6:18) Leha ho le joalo, mangolong a mang lentsoe “sebe” le bolela boemo boo re bo futsitseng ha re hlaha, le haeba re e-s’o ka re etsa sebe leha e le sefe.

b Hlokomela hore mohlankana eo ho buuoang ka eena ho Liproverbia 7:​7-23 o ile a etsa liqeto tse nyenyane tse seng bohlale pele a etsa qeto e kholo e seng bohlale ea ho inehella boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano.

c TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Ka ho le letšehali: Ha mor’abo rona e mocha a lutse shopong e rekisang kofi, o bona banna ba babeli ba bontšana lerato. Ka ho le letona: Morali ba bo rona o bona batho ba babeli ba tsubang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela