LINTHO TSE KA U THUSANG HA U ITHUTA
Rua Molemo Litšupisong Tse Bohareng ba Leqephe
Litšupiso tse bohareng ba leqephe tse hlahang ho Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha lia bontša hore likarolo tse fapaneng tsa Bibele lia lumellana. Tšupiso ka ’ngoe e na le temana kapa litemana tse fanang ka boitsebiso bo eketsehileng bo buang ka ntho e tšoanang le e hlahang temaneng. Ho fumana litšupiso tsena, sheba tlhaku e nyenyane e pel’a lentsoe le hlahang temaneng. Bibeleng e hatisitsoeng, sheba tlhaku e tšoanang bohareng ba leqephe ho fumana temana kapa litemana tse tsamaisanang le tlhaku eo e hlahang pel’a lentsoe. Bibeleng e websaeteng ea jw.org kapa e ho JW Library® app, penya tlhaku e nyenyane e pel’a lentsoe ho sheba litšupiso.
Litšupiso tse bohareng ba leqephe li ka u isa linthong tse latelang le tse ling:
Tlaleho e Tšoanang: Tšupiso ena e u isa lengolong le leng la Bibele le buang ka ketsahalo e tšoanang. Ka mohlala, sheba 2 Samuele 24:1 le 1 Likronike 21:1.
Boitsebiso bo qotsitsoeng: Tšupiso ena e bontša moo polelo kapa poleloana e nkiloeng teng. Ka mohlala, sheba Matheu 4:4 le Deuteronoma 8:3.
Boprofeta bo phethahetseng: Tšupiso ena e u isa temaneng e buang ka hore na boprofeta bona bo phethahetse joang. Ka mohlala, sheba Matheu 21:5 le Zakaria 9:9.