Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w25 September maq. 8-13
  • U ka Sebetsana le ho Hloka Toka Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Sebetsana le ho Hloka Toka Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • JEHOVA LE JESU BA HLOILE HO HLOKA TOKA
  • JESU O ILE A ETSA’NG HA A BONA BATHO BA BANG BA TŠOAROA KA HO HLOKA TOKA?
  • ETSISA JESU HA U BONA BATHO BA BANG BA TŠOAROA KA HO HLOKA TOKA
  • RE KA ETSA’NG KA HO HLOKA TOKA HONA JOALE?
  • U ka Lula u Tšepahalla Jehova Joang ha u Tšoaroa ka ho Hloka Toka?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • U ka Sebetsana le ho Hloka Toka!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Na Molimo o Tla ke o Etse ho Hong ka ho Hloka Toka?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
w25 September maq. 8-13

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 37

PINA EA 114 “Le be le Mamello”

U ka Sebetsana le ho Hloka Toka Joang?

“O ne a lebeletse toka empa ho ne ho se na toka.”—ESA. 5:7.

NTLHA-KHOLO

Re tl’o bona hore na re ka etsisa mohlala oa Jesu joang ho re thusa ho sebetsana le ho hloka toka ka tsela e tla thabisa Jehova.

1, 2. Batho ba bangata ba etsa’ng ha ba tšoaroa ka ho hloka toka, ’me re ka ipotsa lipotso life?

RE PHELA lefatšeng leo ho se nang toka. Batho ba tšoaroa hampe ka mabaka a fapaneng, a kang boemo ba bona ba lichelete, bong ba bona, setso sa bona kapa hore na ba tsoa morabeng ofe. Batho ba bangata ba ba le mathata hobane bo-rakhoebo ba ruileng kapa baeta-pele ba ’muso ba nahanne feela ka ho etsa chelete. Lintho tsena le tse ling tse bontšang ho hloka toka, li re utloisa bohloko ha li re etsahalla kapa li etsahalla motho e mong eo re mo tsebang.

2 Ha ho makatse hore batho ba bangata ba halefisoa ke ho hloka toka ho teng lefatšeng kajeno. Kaofela ha rona re batla ho phela lefatšeng leo ho lona re ikutloang re bolokehile ’me re tšoaroa ka toka. Batho ba bang ba leka ho lokisa mathata ao ba a bonang lefatšeng kapa naheng ea bona. Ba toitoea khahlanong le ’muso le melao ea oona, kapa ba khetha baeta-pele ba lipolotiki ba tšepisang hore ba tla rarolla mathata a bona. Leha ho le joalo, joaloka Bakreste re rutoa hore re se ke ra ba “karolo ea lefatše” ’me re emele ’Muso oa Molimo hore o tl’o tlosa ho hloka toka ka ho felletseng. (Joh. 17:​16, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang.) Ho ntse ho le joalo, re utloa bohloko ’me ka linako tse ling rea koata ha re bona batho ba bang ba tšoaroa hampe. Re ka ’na ra ipotsa: ‘Nka etsa’ng ha see se etsahala? Na ho na le ntho eo nka e etsang ka ho hloka toka hona joale?’ Ho araba lipotso tsena, a re qale ka ho ithuta hore na Jehova le Jesu ba ikutloa joang ha batho ba tšoaroa ka ho hloka toka.

JEHOVA LE JESU BA HLOILE HO HLOKA TOKA

3. Ke hobane’ng ha e le ntho e utloahalang ha re halefisoa ke ho hloka toka? (Esaia 5:7)

3 Bibele ea hlalosa hore na ke hobane’ng ha e le ntho e utloahalang ha re sa rate ha re tšoaroa ka ho hloka toka kapa ha re bona ba bang ba tšoaroa hampe. E hlalosa hore Jehova o re bopile ka setšoantšo sa hae ’me “o rata ho loka le toka.” (Pes. 33:5; Gen. 1:26) Ha ho mohla a tšoarang batho ba bang hampe ebile ha a batle hore motho leha e le ofe a tšoare ba bang hampe. (Deut. 32:​3, 4; Mik. 6:8; Zak. 7:9) Ka mohlala, mehleng ea moprofeta Esaia, Jehova o ile a utloa ‘seboko sa Baiseraele ba bangata ba sotloang’ ba neng ba tšoeroe hampe ke Baiseraele ba bang. (Bala Esaia 5:7.) Jehova o ile a nka khato ka hore a ahlole ba neng ba tsoela pele ba sa mamele Molao oa hae ebile ba tšoara ba bang hampe.—Esa. 5:​5, 13.

4. Jesu o ile a ikutloa joang ha a bona monna e mong a tšoaroa ka ho hloka toka? (Sheba setšoantšo.)

4 Joaloka Jehova, Jesu o rata toka ’me o hloile ho hloka toka. Ka letsatsi le leng, Jesu o ile a bona monna eo letsoho la hae le neng le holofetse. Jesu o ile a mo hauhela ’me a mo folisa, empa baeta-pele ba bolumeli ba ile ba halefisoa ke seo. Ba ne ba amehile ka hore Jesu o tlotse molao oa Sabatha ’me ba se na taba le hore monna eo o folile. Jesu o ile a ikutloa joang ka see? O ne “a utloisitsoe bohloko ke hore ba lipelo li thata.”—Mar. 3:​1-6.

Ha Jesu a le ka ntlong ea thapelo, o bua le baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ka monna ea omeletseng letsoho ea tl’o mo folisa. Baeta-pele ba bolumeli ba shebile Jesu ka ho mo nyatsa.

Baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ne ba sa tšoare batho hantle, empa Jesu o ne a rata batho le ho ba thusa (Sheba serapa sa 4)


5. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho lula re halefile ha re tšoaroa ka ho hloka toka?

5 Taba ea hore Jehova le Jesu ba halefisoa ke ho hloka toka, e bontša hore ha se phoso hore le rona re ikutloe ka tsela e tšoanang. (Baef. 4:26) Ho ntse ho le joalo, re lokela ho laola bohale ba rona ’me re hopole hore re ke ke ra felisa ho hloka toka. Haeba re lula re koatile, sena se ka re kulisa ’me sa etsa hore re be le khatello ea maikutlo. (Pes. 37:​1, 8; Jak. 1:20) Re ka etsa’ng haeba re tšoaroa ka ho hloka toka? Re ka ithuta mohlaleng oa Jesu.

JESU O ILE A ETSA’NG HA A BONA BATHO BA BANG BA TŠOAROA KA HO HLOKA TOKA?

6. Ke ho hloka toka hofe ho neng ho etsahala ha Jesu a ne a le lefatšeng? (Sheba setšoantšo.)

6 Jesu o ile a bona ha batho ba bangata ba tšoaroa ka ho hloka toka ha a ntse a le lefatšeng. O ile a bona kamoo baeta-pele ba bolumeli ba neng ba hatella batho kateng. (Mat. 23:​2-4) O ne a boetse a tseba hore babusi ba Roma ba ne ba tšoara batho hampe. Bajuda ba bangata ba ne ba batla ho lokoloha pusong ea Baroma. Ba bang ba ne ba bile ba ikemiselitse ho loantša Baroma, empa Jesu ha aa ka a tšehetsa ba neng ba loanela hore ’muso o fetohe. Ha Jesu a utloa hore batho ba rera ho mo etsa morena, o ile a tloha ho bona.—Joh. 6:15.

Jesu o tsamaea a le mong tseleng e nyolohelang thabeng. Sehlopha sa batho ba bangata se bokane botlaseng ba thaba.

Ha batho ba ne ba batla ho etsa Jesu morena, o ile a tloha ho bona (Sheba serapa sa 6)


7, 8. Ke hobane’ng ha Jesu a sa ka a leka ho felisa ho hloka toka ha a ne a le lefatšeng? (Johanne 18:36)

7 Ha Jesu a ne a le lefatšeng, ha aa ka a kenella lipolotiking e le ho leka ho felisa ho hloka toka. Hobane’ng? Hobane o ne a tseba hore batho ha ba na tokelo kapa bokhoni ba ho ipusa. (Pes. 146:3; Jer. 10:23) Hape ba ke ke ba khona ho tlosa sesosa sa ho hloka toka. Lefatše le busoa ke Satane Diabolose, e leng sebopuoa sa moea se khopo se sebelisang bolaoli ba sona ho etsa hore batho ba tšoare ba bang ka ho hloka toka. (Joh. 8:44; Baef. 2:2) Esita le batho ba mosa ha ba khone ho etsa lintho tsohle ka toka hobane ha baa phethahala.—Moek. 7:20.

8 Jesu o ne a tseba hore ’Muso oa Molimo ke oona feela o tla felisa sesosa sa ho hloka toka. Ka lebaka leo, o ne a qeta nako le matla a hae “a bolella batho litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo.” (Luka 8:1) O ile a kholisa “ba lapelang le ho nyoreloa ho loka” hore bobolu le ho hloka toka li tla fela. (Mat. 5:6; Luka 18:​7, 8) Leha ho le joalo, ha ho na ’muso oa batho o ka tlisang liphetoho tsena. Ke ’Muso oa Molimo feela oo e seng “oa lefatše lena” o tla tlisa liphetoho tsena.—Bala Johanne 18:36.

ETSISA JESU HA U BONA BATHO BA BANG BA TŠOAROA KA HO HLOKA TOKA

9. Ke eng e u kholisang hore ’Muso oa Molimo ke oona feela o tla felisa ho hloka toka?

9 ‘Mehleng ena ea bofelo,’ ho na le ho hloka toka ho feta mehleng ea ha Jesu a ne a le lefatšeng. Satane hammoho le batho ba khopo ba tlas’a taolo ea hae, ba ntse ba tsoela pele ho baka ho hloka toka. (2 Tim. 3:​1-5, 13; Tšen. 12:12) Joaloka Jesu, rea tseba hore ke ’Muso oa Molimo feela o tla tlosa sesosa sa ho hloka toka. Kaha re tšehetsa ’Muso oa Molimo ka ho felletseng, ha re kenelle litoitoing kapa hona ho tšepa hore mebuso ea lefatše lena e tla felisa ho hloka toka. Nahana ka mohlala oa morali oa bo rona e mong ea bitsoang Stacy.a Pele a ithuta ’nete, hangata morali oa bo rona Stacy o ne a kenella litoitoing tse loantšang ho hloka toka. Empa o ile a qala ho belaella seo a neng a se etsa. O re: “Ha ke ne ke le litoitoing tsena, ka linako tse ling ke ne ke ipotsa hore na ke ka lehlakoreng le nepahetseng kapa che. Kaha hona joale ke tšehetsa ’Muso oa Molimo, kea tseba hore ke ka lehlakoreng le nepahetseng. Kea tseba hore Jehova o tla loanela batho ba hatelletsoeng hamolemo ho mpheta.”—Pes. 72:​1, 4.

10. Ho ea ka Matheu 5:​43-48, ke hobane’ng ha re sa leke ho fetola melao le mebuso? (Sheba setšoantšo.)

10 Batho ba bangata hona joale ba kenela lihlopha tse lekang ho fetola mebuso. Leha ho le joalo, ba bangata baa halefa, ba tlola melao ’me ba utloisa ba bang bohloko. Ha se seo Jesu a re rutileng sona. (Baef. 4:31) Mor’abo rona Jeffrey o re: “Kea tseba hore litoitoi tse ling li ka bonahala eka ke mehoanto ea khotso, empa le pele motsotso o fela batho bao ba ka halefa ’me ba qala ho senya, ho utsoa le ho lematsana.” Leha ho le joalo, Jesu o re ruta hore re tšoare batho bohle ka lerato, esita le ba re hanyetsang le ba re hlorisang. (Bala Matheu 5:​43-48.) Joaloka Bakreste, re etsa sohle seo re ka se khonang ho qoba ntho leha e le efe e seng tumellanong le mohlala oo Jesu a re behetseng oona.

Morali oa bo rona o shebile pele a khobile matšoafo ha a feta mokhopi oa batho ba toitoeang seterateng se phetheselang.

Re hloka hore re be sebete e le hore re lule re se karolo ea lefatše lena (Sheba serapa sa 10)


11. Ke hobane’ng ha ho ka ba thata hore ka linako tse ling re etsise Jesu?

11 Le hoja re tseba hore ’Muso oa Molimo ke oona o tla felisa ho hloka toka ka ho felletseng, re ka thatafalloa ke ho etsisa mohlala oa Jesu ha re tšoaroa ka ho hloka toka. A re utloe hore na morali oa bo rona Janiya o ile a ikutloa joang ha batho ba bang ba mo khetholla. O re: “Ke ne ke koatile haholo ’me ke utloile bohloko ebile ke batla hore batho bao ba fuoe kotlo. Ke ile ka nahana ka ho tšehetsa mohoanto oa khethollo. Ka boela ka nahana hore ho etsa sena ho tla etsa hore ke ikutloe ke le betere.” Ha nako e ntse e ea, Janiya o ile a hlokomela hore o lokela ho etsa liphetoho. O re: “Ke ile ka lumella hore ba bang ba laole tsela eo ke nahanang ka eona, ka ho ntšusumelletsa hore ke tšepe motho ho e-na le ho tšepa Jehova. Ke ile ka nka qeto ea ho khaotsa ho tšehetsa mehoanto ena.” Re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra lumella bohale hore bo etse hore qetellong re kenelle lipolotiking.—Joh. 15:19.

12. Ke hobane’ng ha e le bohlale hore re khethe seo re se balang, re se shebellang kapa re se mamelang?

12 Ke eng e ka re thusang hore re laole bohale ba rona ha re tšoaroa ka ho hloka toka? Batho ba bang ba bone hore ho khetha hore na ba bala eng, ba mamela eng le hore na ba shebella eng ho ba thusitse haholo. E meng ea mecha ea puisano e fetelletsa liketso tsa ho hloka toka hoo batho ba tšohang ’me ba qetelle ba baka merusu. Hangata baqolotsi ba litaba ba ka bua maikutlo a bona ho e-na le hore ba bue se hlileng se etsahetseng. Le hoja re ka ’na ra utloa tlaleho e nepahetseng ka ho hloka toka, na ho lula re bala ka eona ho ka re thusa? Haeba re qeta nako e ngata re bala litlaleho tsena, re ka ’na ra ikutloa re ferekane kapa re nyahame. (Liprov. 24:10) Ntho e mpe le ho feta ke hore re ka qetella re se re sa behe ’Muso oa Molimo pele bophelong ba rona, ’me ra lebala hore ke oona feela o tla tlosa mathata ’ohle ao re nang le ’ona.

13. Ho bala Bibele kamehla ho tla re thusa joang ha re bona batho ba bang ba tšoaroa ka ho hloka toka?

13 Ho bala Bibele kamehla le ho nahanisisa ka eona ho tla re thusa hore re tsebe hore na re lokela ho etsa’ng ha re tšoaroa ka ho hloka toka. Morali oa bo rona Alia o ile a utloa bohloko haholo ha a bona batho ba sebaka seo a lulang ho sona ba tšoaroa hampe. Ho ne ho bonahala eka batho ba tšoarang ba bang hampe ba ne ba sa fuoe kotlo. O re: “Ke ile ka lokela ho lula fatše ’me ke ipotse, ‘Na ehlile kea tšepa hore Jehova o tla lokisa mathata aa?’ Ka nako eo, ke ile ka bala Jobo 34:​22-29. Litemana tseo li ile tsa nkhopotsa hore ha ho motho ea ka ipatelang Jehova. Ke eena feela ea khonang ho etsa lintho ka toka ebile ke eena feela ea tla rarolla mathata ’ohle a batho.” Leha ho le joalo, ha re ntse re emetse hore ’Muso oa Molimo o phethahatse toka, re lokela ho sebetsana le ho hloka toka hona joale. Joang?

RE KA ETSA’NG KA HO HLOKA TOKA HONA JOALE?

14. Re ka etsa eng hona joale? (Bakolose 3:​10, 11)

14 Re ke ke ra khona ho laola tsela eo batho ba tšoarang ba bang ka eona, empa re ka khona ho laola tsela eo re tšoarang ba bang ka eona. Joalokaha re se re ithutile, re etsisa Jesu ka ho bontša ba bang lerato. Lerato lena le etsa hore re hlomphe le ho tšoara ba bang hantle, esita le ba re tšoarang ka ho hloka toka. (Mat. 7:12; Bar. 12:17) Jehova oa thaba ha re tšoara batho bohle ka mosa le ka toka.—Bala Bakolose 3:​10, 11.

15. Ha re bolella batho seo Bibele e se rutang, re ba thusa joang?

15 Tsela e molemo ka ho fetisisa eo re ka thusang batho ka eona ke ka ho ba bolella ’nete e ka Bibeleng. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Hobane ho “tseba Jehova” ho ka fetola motho ea neng a le bohale ebile a rata ntoa hore e be motho ea mosa le ea lerato. (Esa. 11:​6, 7, 9) Pele mor’abo rona Jemal a ithuta ’nete, e ne e le karolo ea sehlopha se neng se loanela ho fetola ’muso naheng ea habo hobane a utloa eka ’muso oo o hatella batho. O re: “U ke ke oa qobella batho hore ba fetohe. Ha kea ka ka qobelloa hore ke fetohe, empa ke ile ka fetoloa ke ’nete eo ke ithutileng eona ka Bibeleng.” Seo mor’abo rona Jemal a ithutileng sona, se ile sa mo susumelletsa hore a tlohele ho loana. Ha re ruta batho ’nete e tsoang ka Bibeleng, re ka ba thusa hore ba tlohelle ho etsa lintho tse utloisang ba bang bohloko.

16. Ke hobane’ng ha u labalabela ho bolella batho ka ’Muso oa Molimo?

16 Joaloka Jesu, re labalabela ho bolella batho hore ’Muso oa Molimo ke oona feela o tla felisa ho hloka toka ka ho felletseng. Taba ena e ka khothatsa batho ba ileng ba tšoaroa hampe. (Jer. 29:11) Morali oa bo rona Stacy, eo re buileng ka eena, o re: “Ho ithuta ’nete ho nthusitse hore ke khobe matšoafo ha ke tšoaroa ka ho hloka toka kapa ha ke bona batho ba bang ba tšoaroa hampe. Jehova o sebelisa molaetsa oa Bibele ho re khothatsa.” U lokela hore u lokisetse hantle e le hore u ka bolella batho ba bang molaetsa o khothatsang oa Bibele o buang ka tharollo ea ho hloka toka. Ha u ntse u kholiseha le ho feta ka hore seo u ithutileng sona sehloohong sena ke ’nete e thehiloeng Mangolong, u tla khona ho buisana le batho bao u kenang sekolo le bona kapa bao u sebetsang le bona ka taba ena haeba ba ka bua ka eona.b

17. Jehova o re thusa joang hona joale hore re sebetsane le ho hloka toka?

17 Rea tseba hore re tl’o tšoaroa ka ho hloka toka hafeela Satane e ntse e le ‘’musi oa lefatše lena.’ Empa ha se mara ha se ho fela ha re ntse re emetse hore a ‘lelekoe.’ (Joh. 12:31) Ka Bibeleng, Jehova ha a re bolelle feela hore na ke hobane’ng ha ho hloka toka ho le hongata hakana, empa o boetse oa re bolella hore o tsotella batho ba utloisitsoeng bohloko ka lebaka la ho hloka toka. (Pes. 34:​17-19) Jehova o sebelisa mohlala oa Mora oa hae ho re ruta hore na re lokela ho etsa’ng ha re tšoaroa ka ho hloka toka hona joale le hore haufinyane ’Muso oa hae o tla felisa ho hloka toka ka ho felletseng. (2 Pet. 3:13) E se eka re ka tsoela pele re bolela litaba tse monate tsa ’Muso ka cheseho, ’me re lule re tatetse nako eo ka eona lefatše le tla beng le tletse ‘toka le ho loka.’—Esa. 9:7.

U KA RE’NG?

  • Ke hobane’ng ha re ka ’na ra ikutloa re halefile ha re bona batho ba bang ba tšoaroa ka ho hloka toka?

  • Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšepa hore batho ba tla felisa ho hloka toka?

  • Re ka etsa’ng hona joale haeba re tšoaroa ka ho hloka toka kapa batho ba bang ba tšoaroa ka ho hloka toka?

PINA EA 158 “Re Tla Mamella”

a Mabitso a mang a fetotsoe.

b Sheba lintlha tsa A bukaneng ea Rata Batho U ba Etse Barutuoa ntlha ea 24-27.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela