Kopano ea Setereke ea 1925 Indianapolis, Indiana
1925—Lilemo Tse Lekholo Tse Fetileng
MOLULA-QHOOA oa Senyesemane oa January 1, 1925 o ile oa re: “Re lebelletse hore ho etsahale lintho tsa bohlokoa selemong sena. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho tšoenyeha haholo ka hore na ho ka ’na ha etsahala’ng. Haeba re etsa joalo, re ka hloleha ho etsa mosebetsi oo Morena a batlang hore re o etse re thabile.” Ha e le hantle, Liithuti Tsa Bibele li ne li lebelletse hore ho etsahale eng ka 1925? Hona li ile tsa thusoa ke eng hore li lule li phathahane ka mosebetsi oa Morena le hoja seo li neng li se lebelletse se sa phethahale?
LI ILE TSA LOKELA HO LETA
Liithuti Tsa Bibele tse ngata li ne li nahana hore ka 1925 lefatše e tla ba Paradeise. Hobane’ng? Mor’abo rona Albert Schroeder, eo hamorao a ileng a sebeletsa e le setho sa Sehlopha se Busang, o ile a re: “Re ne re nahana hore ka nako eo, balateli ba Kreste ba tlotsitsoeng ba ntseng ba le lefatšeng ba tla ea leholimong ho e’o ba karolo ea ’Muso, le hore banna ba tšepahalang ba boholo-holo ba kang Abrahama, Davida le ba bang ba tla tsosoa ho tl’o ba likhosana tse busang lefatše e le karolo ea ’muso oa Molimo.” Ha ho makatse hore ebe ba bang ba Bakreste ba ile ba soetseha ha ba bona likhoeli li ntse li feta empa ho se nko ho tsoa lemina.—Liprov. 13:12.
Ho sa tsotellehe sena, Liithuti Tsa Bibele tse ngata li ile tsa lula li phathahane ka mosebetsi oa boboleli ’me li ile tsa hlokomela hore ntho ea bohlokoa haholo eo li lokelang ho e etsa ke ho bolella batho ka Jehova. A re bueng ka mosebetsi oo li ileng tsa o etsa ho ruta batho ba bangata ’nete li sebelisa seea-le-moea.
HO HAHOA LITEISHENE TSA LIEA-LE-MOEA TSE EKETSEHILENG
Ka 1924, batho ba bangata ba ile ba mamela seea-le-moea sa WBBR. Kahoo, ka 1925 Liithuti Tsa Bibele li ile tsa haha seea-le-moea se seng haufi le Chicago, Illinois. Seteishene seo se secha se ne se bitsoa WORD. Ralph Leffler, e leng moenjiniere ea ileng a thusa ha ho hahoa seteishene seo, o ile a re: “Mariha bosiu ha ho bata, batho ba ne ba mamela seea-le-moea sena libakeng tse ngata le tse hole.” Ka mohlala, lelapa le leng le lulang Pilot Station Alaska, e bohole ba lik’hilomithara tse ka holimo ho 5 000 ho tloha seteisheneng sa WORD, le ile la mamela le leng la mananeo a pele a seea-le-moea sena. Ka mor’a moo, lelapa leo le ile la ngolla batho ba sebetsang seteisheneng lengolo ho ba leboha ka lenaneo le ba khothalitseng le le ba thusitseng hore ba ithute haholoanyane ka Molimo le Bibele.
Ka ho le letšehali: Litora tsa seea-le-moea sa WORD tse Batavia, Illinois
Ka ho le letona: Ralph Leffler ha a ntse a sebetsa seea-le-moeeng
Molula-Qhooa oa Senyesemane oa December 1, 1925 o ile oa hlalosa hore na ke hobane’ng ha batho ba bangata ba ne ba khona ho mamela seea-le-moea sena le hoja ba le hole. O ile oa re: “Seteishene sa WORD ke se seng sa liteishene tse matla haholo Amerika. Batho ba lulang mabopong a ka Bochabela le ka Bophirimela a Amerika, Cuba le likarolong tse hole tse ka leboea tsa Alaska ba ne ba khona ho mamela seea-le-moea sena. Batho ba bangata ba neng ba e-s’o ka ba utloa ’nete ba ile ba batla ho ithuta ho eketsehileng ka lebaka la seo ba se utloileng seea-le-moeeng sena.”
George Naish
Ka nako eona eo, Liithuti Tsa Bibele li ne li batla menyetla e meng ea ho sebelisa seea-le-moea ho bolela litaba tse monate Canada. Ka 1924, li ile tsa haha seteishene sa seea-le-moea se bitsoang CHUC toropong ea Saskatoon, e profinseng ea Saskatchewan. E ne e le se seng sa liea-le-moea tsa pele tsa bolumeli Canada. Empa ka 1925, ho ile ha hlokahala hore seteishene seo se isoe sebakeng se seng se seholoanyane. Kahoo, Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa reka seteishene seo eaba o se isa mohahong o mong oa khale hona Saskatoon o neng o bitsoa Regent Building, oo o ileng oa o reka eaba oa o ntlafatsa e le hore litaba tse monate li ka boleloa Canada.
Seteishene sena se ile sa thusa batho ba bangata ba lulang metseng e menyenyane le mahaeng Saskatchewan hore ba utloe litaba tse monate ka lekhetlo la pele. Ka mohlala, ’mè e mong ea bitsoang Graham ea lulang motseng o ka thoko, o ile a ngola lengolo a kopa lingoloa tse thehiloeng Bibeleng ka mor’a ho mamela lenaneo le leng. Mor’abo rona George Naish o ile a re: “Sello sa hae ha a re, ‘Re ruteng!’ se ne se bontša hore kannete o hloka ho rutoa ka potlako. Kahoo, re ile ra mo romella libuka tsohle tsa Studies in the Scriptures.” Ho e-s’o ee kae, ’Mè Graham o ne a se a phatlalatsa molaetsa oa ’Muso le libakeng tse hole.
RE ILE RA ITHUTA THUTO EA BOHLOKOA
Molula-Qhooa oa Senyesemane oa March 1, 1925, o ne o e-na le sehlooho sa bohlokoa se reng “Ho Tsoaloa ha Sechaba.” Ke hobane’ng ha sehlooho seo e ne e le sa bohlokoa? Liithuti Tsa Bibele li ne li se li ntse li tseba hore Satane o na le mokhatlo o entsoeng ka bademona, malumeli a bohata, mebuso hammoho le likhoebo tsa lefatše. Leha ho le joalo, “mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale” o ile a sebelisa sehlooho sena ho thusa bana ba bo rona ho lemoha hore Jehova le eena o na le mokhatlo, ’me o fapane hole le oa Satane ebile o khahlanong le oona. (Mat. 24:45) Mohlanka o ile a boela a hlalosa hore ’Muso oa Molimo o ile oa hlongoa ka 1914 le hore ka selemo sona seo, Satane le bademona ba hae ba ile ba lelekoa leholimong eaba ba lahleloa lefatšeng ka lebaka la ntoa e ileng ea qhoma leholimong.—Tšen. 12:7-9.
Liithuti Tsa Bibele tse ling li ne li sa lumellane le kutloisiso ena e ncha. Kahoo, sehlooho seo se ile sa re: “Haeba ho na le babali ba Molula-Qhooa ba sa lumellaneng le kutloisiso ena, re khothalletsa batho bao hore ba be le mamello ’me ba tšepe Jehova ha ba ntse ba tsoela pele ho mo sebeletsa ka botšepehi.”
Leha ho le joalo, Tom Eyre eo e neng e le morekisi oa libuka (hona joale ba tsebahala e le bo-pula-maliboho) ea lulang Brithani, o ile a hlalosa hore na Liithuti Tsa Bibele tse ngata li ne li ikutloa joang ka sehlooho sena, o ile a re: “Bara le barali ba bo rona ba thabetse tlhaloso ena ea Tšenolo khaolo ea 12. Ha re hlokomela hore ’Muso o se o hlonngoe leholimong, re ile ra chesehela ho bolella batho ka oona. Sena se ile sa etsa hore re batle ho bolela litaba tse monate haholoanyane le ho re thusa hore re hlokomele hore Jehova o tla re etsetsa lintho tse hlollang ka moso.”
HO PAKA KA JEHOVA
Kajeno, Lipaki Tsa Jehova li tloaelane haholo le mantsoe a hlahang ho Esaia 43:10, a reng: “Jehova o re: ‘Le lipaki tsa ka. E, uena u mohlanka oa ka eo ke mo khethileng.’” Leha ho le joalo, pele ho 1925, lingoloa tsa rona li ne li sa bue hakaalo ka lengolo lena. Empa lintho li ne li tl’o fetoha. Selemong sa 1925, limakasine tsa Senyesemane tsa Molula-Qhooa tse 11 li ile tsa bua ka Esaia 43:10 le 12.
Mafelong a August 1925, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa ea kopanong ea setereke e neng e le Indianapolis, Indiana. Lenaneong ho ne ho ngotsoe molaetsa o amohelang ba tlileng kopanong o tsoang ho Mor’abo rona Joseph F. Rutherford o reng: “Re tlile kopanong ena . . . ho tla matlafatsoa ke Morena e le hore re khutlele tšimong ka mafolofolo ’me re phatlalatse molaetsa oa hae.” Matsatsing ao a robeli a kopano, bara le barali ba bo rona ba ile ba khothalletsoa hore ha monyetla o mong le o mong o hlaha ba o sebelise ho paka ka Jehova.
Ka Moqebelo oa la 29 August, Mor’abo rona Rutherford o ile a fana ka puo e nang le sehlooho se reng “Nkang Khato.” Puong eo o ile a hatisa bohlokoa ba ho bolela molaetsa oa Jehova. O ile a re: “Jehova o re ho batho ba hae . . . : ‘Le lipaki tsa ka . . . tsa hore ke ’na Molimo.’ Ka mor’a moo, o ile a fana ka taelo ena e matla: ‘Phahamisang letšoao bakeng sa balichaba.’ Ha ho na batho ba bang lefatšeng ba ka etsang joalo ha e se batho bao Jehova a ba fang moea oa hae hobane e le batho ba hae.”—Esa. 43:12; 62:10.
Pampitšana ea Molaetsa oa Tšepo
Ka mor’a hore Mor’abo rona Rutherford a fane ka puo ea hae, o ile a bala tokomane e bitsoang “Molaetsa oa Tšepo.” Batho bohle ba neng ba mo mametse ba ile ba rata le ho amohela molaetsa oa hae o neng o bontša hore ’Muso oa Molimo ke oona feela o tla tlisa “khotso, nala, bophelo, tokoloho hammoho le thabo e sa feleng.” Hamorao, tokomane ena e ile ea fetoleloa ka lipuo tse ngata eaba ea hatisoa e le hore e ka sebelisoa tšimong. Ho ile ha ajoa likopi tse ka bang limilione tse 40.
Ho nkile lilemo tse ngata hore Liithuti Tsa Bibele li fetole lebitso la tsona hore e be Lipaki Tsa Jehova. Leha ho le joalo, li ile tsa qala ho utloisisa bohlokoa ba ho ba lipaki tsa hae.
LI ILE TSA KHUTLELA HO BATHO BA THAHASELLANG
Ka lebaka la hore ho ne ho se ho e-na le Liithuti Tsa Bibele tse ngata lefatšeng, bara ba bo rona ba ile ba li khothalletsa hore li se ke tsa tsamaisa lingoloa feela, empa li khutlele ho batho ba ileng ba bontša thahasello. Ka mor’a letšolo la ho tsamaisa pampitšana ea Molaetsa oa Tšepo, Bulletina e ile ea khothalletsa Liithuti hore li khutlele ho batho bao li ba fileng pampitšana eo.
Bulletin ea January 1925 e ile ea fana ka tlaleho e tsoang ho Seithuti sa Bibele sa motseng oa Plano Texas, e reng: “Re makatsoa ke hore ha re khutlela masimong ao re kileng ra a sebetsa pele, re fumana batho ba moo ba thabela molaetsa oa Bibele haholo ho feta bao re ba fumanang masimong a macha. Ka lilemo tse leshome re ile ra khutlela ka makhetlo a mahlano toropong e nyenyane tšimong ea rona. . . . Haufinyane tjena, Morali oa bo rona Hendrix le ’mè oa ka ba ile ba khutlela tšimong eo eaba ba fana ka libuka tse ngata ho feta [leha e le neng] pele.”
Naheng ea Panama, morekisi e mong oa libuka o ile a re: “Hangata ha ke khutlela ho batho ba ileng ba nteleka ka lekhetlo la pele, ke fumana ba se ba fetotse maikutlo leetong la bobeli kapa la boraro. Selemong sena ke ile ka qeta nako e ngata ke ntse ke khutlela ho batho bao ke ileng ka ba bolella molaetsa nakong e fetileng, ’me ke bile le liphihlelo tse monate haholo.”
BOKAMOSO BO RE TŠOARETSE’NG?
Mafelong a selemo sa 1925, Mor’abo rona Rutherford o ile a ngolla barekisi ba libuka a ba hlalosetsa hore na mosebetsi oa tšebeletso o tsamaile joang selemong seo, a ba a ba bolella hore na ho ea pele ho lebelletsoe hore ba etse’ng. O ile a re: “Selemong se fetileng le ile la ba le tlotla ea ho tšelisa ba utloileng bohloko. Mosebetsi ona o ile oa le thabisa . . . Selemong sena se tlang le tla fumana menyetla e mengata ea ho bua ka Molimo le ’muso oa hae le ho bontša hore na ha e le hantle barapeli ba Molimo ke bo-mang. . . . Ha re sebetseng ’moho ho tsoela pele re sebelisa mantsoe a rona ho rorisa Molimo le Morena oa rona.”
Hona ka nako eo, bara ba bo rona ba ne ba rera ho eketsa Bethele e Brooklyn. Mokhatlo o ile oa qala projeke e kholo ka ho fetisisa ea kaho ka 1926.
Mosebetsi oa kaho Adams Street, Brooklyn, New York ka 1926
a Hona joale e bitsoa Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona.