SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 43
PINA EA 41 Ka Kopo, Utloa Thapelo ea ka
Hopola ho Rapella Batho ba Bang
“Le rapellane . . . Thapeli ea motho ea lokileng e matla haholo.”—JAK. 5:16.
NTLHA-KHOLO
Bohlokoa ba ho rapella batho ba bang le hore na re ka etsa seo joang.
1. Re tseba joang hore lithapelo tsa rona li bohlokoa ho Jehova?
THAPELO ke mpho e babatsehang. Nahana ka sena: Jehova o file mangeloi mesebetsi e fapa-fapaneng. (Pes. 91:11) O boetse o file le Mora oa hae mesebetsi ea bohlokoa haholo. (Mat. 28:18) Leha ho le joalo, na o file motho e mong mosebetsi oa ho mamela lithapelo tsa rona? Che, ke mosebetsi oo Jehova a khethang ho iketsetsa oona. Jehova “Ea Utloang thapelo,” ke eena ea mamelang lithapelo tsa rona ka boeena.—Pes. 65:2.
2. Moapostola Pauluse o re behetse mohlala oa ho rapella batho ba bang ka litsela life?
2 Le hoja re ka rapela Jehova ka bolokolohi ka mathata a rona, re boetse re lokela ho rapella batho ba bang. Moapostola Pauluse o ile a etsa sona seo. Ka mohlala, o ile a ngolla phutheho ea Efese, a re: “Ke lula ke le rapella.” (Baef. 1:16) Pauluse o ne a boetse a rapella batho ka bomong. Ka mohlala, o ile a re ho Timothea: “Ke leboha Molimo . . . Ha ke u lebale ha ke etsa lithapelo tse matla bosiu le motšehare.” (2 Tim. 1:3) Pauluse o ne a e-na le mathata a hae ao a neng a ka a rapella. (2 Bakor. 11:23; 12:7, 8) Leha ho le joalo, o ne a ipha nako ea ho rapella batho ba bang.
3. Ke hobane’ng ha re ka ’na ra lebala ho rapella batho ba bang?
3 Ka linako tse ling re ka lebala ho rapella batho ba bang. Hobane’ng? Ha Morali oa bo rona Sabrinaa a hlalosa lebaka le leng, o re: “Bophelo bo maphatha-phathe. Re ka nahana haholo ka mathata a rona hoo re ka rapellang litlhoko tsa rona feela.” Na le uena u ee u etsahalloe ke ntho e tšoanang? Haeba ho joalo, sehlooho sena se tl’o u thusa. Se tl’o (1) hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho rapella batho ba bang le (2) ho fana ka litlhahiso tsa hore na u ka etsa seo joang.
KE HOBANE’NG HA U LOKELA HO RAPELLA BATHO BA BANG?
4, 5. Thapelo eo re e etsetsang ba bang e ka ba “matla haholo” joang? (Jakobo 5:16)
4 Thapelo e etsetsoang batho ba bang “e matla haholo.” (Bala Jakobo 5:16.) Na kannete ho rapella batho ba bang ho etsa phapang? E, ho joalo. Kaha Jesu o ne a tseba hore moapostola Petrose o tl’o mo latola haufinyane, o ile a re: “Ke u rapeletse e le hore tumelo ea hao e se ke ea fela.” (Luka 22:32) Pauluse le eena o ne a tseba hore thapelo e ka etsa phapang. Ha a ne a tšoeroe Roma empa a se na molato, o ile a ngolla Filemone a re: “Ke na le tšepo ea hore ka lithapelo tsa lona ke tla lokolloa ke tl’o le bona.” (Filem. 22) Ke sona se ileng sa etsahala. Pauluse o ile a lokolloa e se khale ’me a khona ho tsoela pele ka mosebetsi oa boboleli.
5 Ke ’nete hore sena ha se bolele hore re ka qobella Jehova hore a arabele lithapelo tsa rona. O hlokomela lintho tseo bahlanka ba hae ba tšoenyehileng ka tsona, ’me ka linako tse ling o khetha ho ba etsetsa lintho tseo ba li kopileng. Ho tseba sena ho ka re thusa hore re rapele Jehova ka pelo eohle ka boemo bo itseng ’me ka mor’a moo re tlohele lintho matsohong a hae.—Pes. 37:5; 2 Bakor. 1:11.
6. Ho rapella batho ba bang ho etsa hore re ikutloe joang ka bona? (1 Petrose 3:8)
6 Ho rapella ba bang ho etsa hore re “qenehelane.” (Bala 1 Petrose 3:8.) Ho qenehela ho bolela ho ela hloko mathata a motho e mong le ho lakatsa ho mo thusa. (Mar. 1:40, 41) Moholo ea bitsoang Michael o re: “Ha ke rapella litlhoko tsa batho ba bang, ke utloisisa mathata ao ba tobanang le ’ona haholoanyane ’me sena se etsa hore ke ba rate le ho feta. Ke ikutloa ke atamelane haufi le bona, le hoja bona ba sa hlokomele.” Moholo e mong ea bitsoang Richard o hlalosa molemo o mong. O re: “Ha re rapella batho ba bang, re susumelletseha ho ba thusa.” O boetse o re: “Ha re thusa motho eo re mo rapelletseng ka lintho tseo a li hlokang, re kenya letsoho ho etsa hore lithapelo tsa rona li arajoe.”
7. Ho rapella ba bang ho ka re thusa joang hore re be le pono e nepahetseng ka mathata a rona? (Bafilipi 2:3, 4) (Sheba litšoantšo.)
7 Ho rapella ba bang ho etsa hore re be le pono e nepahetseng ka mathata a rona. (Bala Bafilipi 2:3, 4.) Kaofela ha rona re na le mathata hobane re phela lefatšeng le laoloang ke Diabolose. (1 Joh. 5:19; Tšen. 12:12) Ha re itloaetsa ho rapella batho bang, re tla hopola hore ‘lintho tse bohloko tse re hlahelang li ntse li hlahela bana ba bo rona bohle lefatšeng.’ (1 Pet. 5:9) Morali oa bo rona Katherine eo e leng pula-maliboho o re: “Ho rapella batho ba bang ho nkhopotsa hore ha se ’na feela ea nang le mathata. Ntho eo e etsa hore ke se ke ka ameha haholo ka mathata a ka.”
Ho rapella ba bang ho re thusa hore re be le pono e nepahetseng ka mathata a rona (Sheba serapa sa 7)d
BA HLOKA HORE RE BA RAPELLE
8. Fana ka mehlala e bontšang hore na re ka rapella bo-mang.
8 Re ka rapella bo-mang? Re ka rapella lihlopha tse fapaneng tsa batho. Ka mohlala, re ka rapella batho ba kulang, bana ba songoang le ba kopanang le khatello ea lithaka sekolong, kapa batho ba sebetsanang le mathata a botsofali. Balumeli-’moho le rona ba bangata ba mamelletse ho hanyetsoa ke ba malapa kapa ba boholong pusong. (Mat. 10:18, 36; Lik. 12:5) Bana ba bo rona ba bang ba ile ba tlameha ho siea mahae a bona ka lebaka la lintoa tse bakoang ke lipolotiki. Ba bang ba anngoe ke likoluoa tsa tlhaho. Ke ’nete hore ho ka etsahala hore ebe ha re ba tsebe. Empa ha re ba rapella, re bontša hore re mamela taelo ea Jesu ea hore ‘re ratane.’—Joh. 13:34.
9. Ke hobane’ng ha re lokela ho rapella bara ba bo rona ba etellang pele ka mokhatlong oa Jehova hammoho le basali ba bona?
9 Re ka boela ra rapella bara ba bo rona ba etellang pele ka mokhatlong oa Jehova. Ba akarelletsa bara ba bo rona ba Sehlopha se Busang le bathusi ba bona, litho tsa Likomiti Tsa Makala, balebeli ba sebeletsang liofising tsa makala, balebeli ba potoloho, baholo ba liphutheho le bahlanka ba sebeletsang. Ba bangata ba bona ba na le mathata, empa ba sebetsa ka thata ho re thusa. (2 Bakor. 12:15) Ka mohlala, molebeli oa potoloho ea bitsoang Mark o re: “Bothata ba ka bo bong bo ka sehloohong ke hore ke lula hole le batsoali ba ka ba seng ba tsofetse. Ka bobeli ba bona baa kula. Le hoja ausi oa ka le mohatsa oa hae ba ba hlokometse, ho nkutloisa bohloko hore ebe ha ke khone ho thusa batsoali ba ka ka lintho tse ling.” Ho sa tsotellehe hore na re tseba mathata a bara bana ba bo rona ba sebetsang ka thata kapa che, re etsa hantle haeba re ba rapella. (1 Bathes. 5:12, 13) Re ka boela ra rapella le basali ba bona, hobane baa ba tšehetsa hore ba khone ho tsoela pele ka likabelo tsa bona.
10, 11. Na lithapelo tse akaretsang tseo re li etsetsang bara le barali ba bo rona li thabisa Jehova? Hlalosa.
10 Joalokaha re se re bone, hangata re rapella bara le barali ba bo rona e le sehlopha. Ka mohlala, le hoja re sa nahana ka motho ea itseng ka ho toba, re ka rapela hore Jehova a thuse batho ba literonkong kapa a tšelise ba hlokahalletsoeng ke baratuoa ba bona. Moholo e mong ea bitsoang Donald o re: “Ho na le bara le barali ba bo rona ba bangata ba tobanang le maemo a boima hoo ka linako tse ling re etsang thapelo e akaretsang e le hore re kenyelletse batho bohle ba nang le mathata.”
11 Na lithapelo tse joalo li thabisa Jehova? E, ho joalo! ’Nete ke hore ha re tsebe lintho tsohle tseo bara le barali ba bo rona ba li hlokang. Kahoo, ho loketse hore re etse lithapelo tse akaretsang ho leka ho kenyelletsa lihlopha tse fapaneng tsa bara le barali ba bo rona. (Joh. 17:20; Baef. 6:18) Lithapelo tsena ke bopaki ba hore ‘re rata bana ba bo rona kaofela.’—1 Pet. 2:17.
HA U RAPELLA MOTHO KA MONG
12. Ho ela ba bang hloko ho ka re thusa joang hore re bue ka mathata a bona a tobileng ha re ba rapella?
12 Ela ba bang hloko. Ntle le ho rapella bara le barali ba bo rona e le sehlopha, re boetse re ka rapella motho ka mong re mo bitsa ka lebitso. Na ho na le motho eo u mo tsebang phuthehong ea heno ea tšoeroeng ke boloetse bo sa foleng? Na ho na le ngoana ea nyahameng ka lebaka la khatello eo a kopanang le eona sekolong? Na ho na le motsoali ea se nang molekane ea holisang ngoana, ea lekang ka thata ‘ho mo khalemela le ho mo tataisa ka tsela eo Jehova a e batlang’? (Baef. 6:4) Ha u ela ba bang hloko, ntho eo e tla etsa hore u ba qenehele ’me u tla susumelletseha hore u ba rapelle.b—Bar. 12:15.
13. Re ka etsa’ng hore re rapelle le batho bao re sa ba tsebeng?
13 Bitsa batho ka mabitso ha u ba rapella. Re ka etsa joalo, esita leha re rapella batho bao re e-s’o ka re kopana le bona. Ka mohlala, nahana ka bara le barali ba bo rona ba literonkong linaheng tse kang Crimea, Eritrea, Russia le Singapore. U ka fumana mabitso a balumeli-’moho le rona ba teronkong websaeteng ea rona ea jw.org.c Molebeli oa potoloho ea bitsoang Brian o re: “Ke hlokometse hore ha ke ngola fatše lebitso la molumeli-’moho le ’na ea teronkong ebe ka mor’a moo kea le bitsa, ntho eo e nthusa hore ke mo hopole ha ke rapela.”
14, 15. Re ka etsa’ng hore re kenyelletse likopo tse tobileng ha re rapela?
14 Rapella lintho tse itseng ka ho toba. Mor’abo rona Michael eo re buileng ka eena pejana, o re: “Ha ke bala litlaleho tsa bana ba bo rona ba teronkong ho jw.org, ke leka ho ikenya lieteng tsa bona. Kea tseba hore ’na ke ne ke tla tšoenyeha ka mosali oa ka le hore na o na le lintho tseo a li hlokang. Kahoo, ntho eo e nthusa hore ke khone ho bua ka lintho tse tobileng ha ke rapella bana ba bo rona ba literonkong ba nang le balekane.”—Baheb. 13:3, nal.
15 Ha re nahana ka hore na bana ba bo rona ba phela joang teronkong letsatsi le letsatsi, ntho eo e ka re thusa hore re kenyelletse lintho tse tobileng ha re ba rapella. Ka mohlala, re ka rapella hore balebeli ba teronko ba ba tšoare ka mosa le hore ba boholong pusong ba ba lumelle ho rapela Jehova ka bolokolohi. (1 Tim. 2:1, 2) Re ka rapella hore liphutheho tse haufinyane li matlafatsoe ke ho bona mohlala o motle oa tumelo oa bana ba bo rona ba teronkong, kapa hore batho bao eseng Lipaki ba khahloe ke boitšoaro bo botle ba bana ba bo rona ba teronkong ’me ba mamele molaetsa oa rona. (1 Pet. 2:12) Melao-motheo ena e ka boela ea re thusa ha re rapella bara le barali ba bo rona ba mamelletseng liteko tse ling. Ha re ela hloko ba bang, re ba bitsa ka mabitso ha re ba rapella re bile re kenyelletsa likopo tse tobileng, re tla be re bontša hore ‘lerato leo re ba ratang ka lona le ntse le eketseha.’—1 Bathes. 3:12.
RE LOKELA HO BA LE PONO E NEPAHETSENG KA LITHAPELO TSA RONA
16. Re ka etsa’ng hore re be le pono e nepahetseng ka lithapelo tsa rona? (Matheu 6:8)
16 Joalokaha re se re bone, lithapelo tsa rona li ka ’na tsa etsa phapang tabeng ea hore bothata bo itseng bo rarollehe. Leha ho le joalo, re lokela ho ba le pono e nepahetseng ka tsona. Ha re rapela, ha ho bolele hore re tsebisa Jehova ntho eo a sa e tsebeng kapa hore re mo eletsa hore a rarolle bothata joang. Jehova o tseba litlhoko tsa bahlanka ba hae le pele bona kapa rona re ka li hlokomela. (Bala Matheu 6:8.) Haeba ho joalo, ke hobane’ng ha re ntse re hloka ho rapella batho ba bang? Ntle le mabaka ao re seng re buile ka ’ona sehloohong sena, ho etsa joalo ho bontša hore rea tsotellana. Lerato le re susumelletsa hore re rapellane. Hape Jehova oa thaba ha a bona re mo etsisa ka ho bontšana lerato.
17, 18. Re ka etsa mohlala ofe o bontšang bohlokoa ba ho rapella balumeli-’moho le rona?
17 Le haeba ho ka bonahala eka lithapelo tsa rona ha li etse phapang hore boemo bo rarollehe, lia bontša hore na re rata bara le barali ba bo rona hakae, ’me Jehova o ela taba eo hloko. A re etse mohlala ka lelapa le nang le bana ba babeli ba banyenyane, oa moshanyana le oa ngoanana. Ngoana oa moshanyana o betheng oa kula. Oa ngoanana o ea ho ntate oa hae, o fihla a re: “Ke kopa u thuse abuti oa ka hobane o kula haholo.” Kaha ntate o rata moshanyana oa hae, o se a ntse a etsa ho hong ho mo thusa le ho mo hlokomela. Leha ho le joalo, o thaba haholo ha a bona kamoo morali oa hae a tsotellang abuti oa hae kateng hoo a bileng a mo kopang hore a mo thuse.
18 Ke sona seo Jehova a re khothalletsang hore re se etse, e leng ho tsotellana le ho rapellana. Ha re etsa joalo, re tla be re bontša hore ha rea ameha ka rona feela, empa re rata balumeli-’moho le rona e le kannete ’me Jehova o ela seo hloko. (2 Bathes. 1:3; Baheb. 6:10) Hape, joalokaha re se re bone, ka linako tse ling lithapelo tsa rona li ka etsa phapang hore bothata bo rarollehe. Kahoo, ke habohlokoa hore re hopole ho rapellana.
PINA EA 101 Re Sebetsa re Momahane
a Mabitso a mang a fetotsoe.
b Shebella video ea Takeshi Shimizu: Jehova ke “Ea Utloang Thapelo” ho jw.org/st.
c E le hore u fumane mabitso a balumeli-’moho le rona ba literonkong, batla “Jehovah’s Witnesses Imprisoned for Their Faith—By Location” ho jw.org.
d TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Bara le barali ba bo rona ba nang le mathata ba hopola ho rapella batho ba bang.