Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb99 maq. 3-5
  • Lengolo Le Tsoang ho Sehlopha se Busang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lengolo Le Tsoang ho Sehlopha se Busang
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likopano Bopaki ba Boena ba Rōna
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Lintlha tsa Sehlooho Tsa Selemo se fetileng
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1999
  • Lipaki Tsa Jehova li Tla Tšoara Likopano Tsa Machaba
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Jehova o Phutha Batho ba Hae ba Thabileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1999
yb99 maq. 3-5

Lengolo Le Tsoang ho Sehlopha se Busang

JOALOKAHA ho tlalehiloe ho 1 Bathesalonika 5:18, moapostola Pauluse o ile a khothatsa: “Mabapi le ntho e ’ngoe le e ’ngoe le lebohe.” Selemong sena se fetileng sa tšebeletso, ho bile le litokisetso tse ngata tse tsoang letsohong la Jehova le fanang ka seatla se bulehileng tseo kaofela ha rōna re nang le lebaka la ho li leboha. Tumellanong le tšepiso ea hae, Jehova o ile a thibolla ‘liphororo tsa leholimo ’me a re tšollela mahlohonolo a mangata’ ao ka makhetlo a ileng a etsa hore meokho ea thabo le teboho li tlale ho rōna.—Mal. 3:10; Pes. 33:1.

Joalokaha ho bontšitsoe Tlalehong ea Selemo sa Tšebeletso sa 1998 ea Lipaki tsa Jehova Lefatšeng ka Bophara, leqepheng la 32 ho ea ho la 39, e bile mohoo o mokaakang oa tlhōlo o ileng oa utloahala ho pholletsa le lefatše! Tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 5 888 650 e ile ea kopanya mantsoe a eona ho roriseng Jehova. (Pes. 66:1, 8) Tlhōrō ena e ne e akarelletsa ba 316 092 ba bacha ba ileng ba kolobetsoa. Tebello ea hore ba eketsehileng ba limilione ba ka ’na ba bitsa lebitso la Jehova joalokaha e bontšitsoe ke ba 13 896 312 ba ileng ba e-ba teng Sehopotsong. Re leboha Jehova bakeng sa ho bokelloa hona.—Pes. 30:4.

Mathoasong a selemo sa tšebeletso, bahoeletsi lefatšeng ka bophara ba ile ba thabela ho aba Kingdom News No. 35. Kaha ka botšepehi le ka cheseho ba ile ba tšehetsa phutuho eo, ba thabetse liphihlelo tse ntle le mahlohonolo a mangata. (Liprov. 10:22; 28:20) Nakoana ka mor’a moo, baholo le bahlanka ba sebeletsang ba ile ba rua molemo Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso. Ba ile ba khatholloa ka ho feletseng, ’me ba ile ba nka koetliso eo ka ho teba haholo. Ho ile ha hatisoa bolisa, ho ruta, ho bolela evangeli le ho sebetsa hammoho ka bonngoe. Mangolo a bontšang teboho ho Jehova a ile a pheta kamoo koetliso ena e neng e le ea bohlokoa kateng ho bona.

Ka May, ho ile ha qala ho tšoaroa likopano tsa setereke le tsa machaba. Baeti ba tsoang linaheng tse 160 ba ile ba e-ba teng lipokanong tse robong tsa machaba Amerika Leboea. Liithuti tsa Gileade le tsa Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi, bahlanka ba machaba, Basebeletsi ba Bethele ba tšebeletsong linaheng lisele, hammoho le ba bang ba nang le litšoaneleho tsa boromuoa ba ile ba e-ba teng ’me ba ile ba hlahella lenaneong. Ba bangata ba bona ba ile ba bontša hore ba ananela menehelo e fanoeng ka seatla se bulehileng e ileng ea ba nolofalletsa hore ba be teng kopanong ea habo bona.

Baeti ba likete ba etileng ba tsoang lefatšeng lohle ba ile ba amohelloa ha barab’abo bona ba Bakreste ’me ba kopanela bophelong ba bona ba lelapa. Hona ho ile ha sebeletsa ho tebisa lerato le tiileng le momahanyang kamano ea bara ba motho lefatšeng ka bophara ea batho ba Jehova. (1 Pet. 4:8; 5:9) Lerato le kamohelo e mofuthu ea baeti li ile tsa ata ka tsela eo ho seng mohla li kileng tsa e-ba joalo likopanong tsa machaba. Mangolo a ile a hlalosa liketsahalo tse susumetsang maikutlo ha batho ba amohelang baeti, ba le meokho ea thabo le ka mantsoe a reketlang, ba ne ba tsebisoa baeti ba bona, bao le bona ba ileng ba arabela ka maikutlo a tšoanang. E mong ea ileng a amohela baeti, o ile a ngola: “Kea le leboha ka phihlelo e babatsehang ka ho fetisisa ea bophelo ba rōna.” ’Me moeti e mong oa Afrika Boroa o ile a ngola: “Kamohelo e mofuthu eo re e fumaneng . . . e bile phihlelo eo re ke keng ra hlola re e lebala. . . . Kamehla e tla lula e matlafatsa kananelo ea rōna bakeng sa kamano ea bara ba motho lefatšeng ka bophara—e leng mpho e babatsehang e tsoang ho Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova.”

Baeti ba neng ba ile likopanong Brithani, Jeremane le Greece ba ile ba kenoa ke moea o tšoanang. Ba ile ba susumetsoa ke lenaneo la kopano, ho thabela botsoalle le Lipaki tse tsoang linaheng tse ling, le ho bona mehaho ea lekala ea Mokhatlo. Ba bangata ba ile ba romela mangolo a kananelo le liteboho bakeng sa phihlelo eo ba bileng le eona.

Likopano tseo li ile tsa fana ka bopaki bo hlollang. Batho ba ile ba hlokomela hore ho ne ho e-na le ntho e ’ngoe ea bohlokoa e boleloang ke sehlooho se reng “Tsela ea Molimo ea Bophelo,” joalokaha se ile sa totobatsoa sekoahelong se ka holimo sa lenaneo le libecheng tse neng li qhoaetsoe ke barab’abo rōna.

Qeto e ileng ea etsoa likopanong selemong sena e ile ea bolela boikemisetso ba rōna ba ho phehella tsela ena ea bophelo ho tloha joale ho ea pele le ho bonahatsa boikemisetso ba rōna bo feletseng ho sohle seo re se etsang—bophelong ba rōna ba botho, tikolohong ea lelapa, re le karolo ea phutheho ea Bokreste, le ea mokhatlo oa lefatše ka bophara oa bara ba motho.—Tite 2:11, 12; 1 Pet. 2:17.

Ho etsa qeto ea ho phehella tsela ena ho re beha boemong bo amohelehang haholo. Ha ho pelaelo ka phapang e khōlō e teng pakeng tsa boemo ba moea ba batho ba Molimo kajeno le ba bakoenehi le ba ba bang ba ipolelang hore ba tseba Molimo le ho mo rapela empa ba mo latola ka mesebetsi ea bona. (Tite 1:16) Mantsoe a bululetsoeng a fumanoang ho Esaia 65:13, 14, a re hlokomelisa ka phapang ena: “Bonang, bahlanka ba ka ba tla ja, . . . ba tla noa, . . . ba tla thaba, . . . ba tla bina, ka baka la thabo ea lipelo tsa bona, empa lōna [bakoenehi] le tla llisoa ke bohloko ba pelo, le bokolle ke moea o soabileng.” Re na le letlotlo le lekaakang! E se eka re ka lula re leboha ka sohle seo Jehova a se etsetsang batho ba hae nakong ena.

Ba bang ba bahlanka-’moho le rōna ba fetile tlas’a mahlomola a thata ka lebaka la mathata a moruo, mahloriso, bokhukhuni le lintoa. Ba bangata e ’nile ea e-ba liphofu tsa likoluoa, tse kang meroallo, maholiotsoana le ho foqoha ha seretse se chesang. Empa tšepo ea bona ha ea fela. Jehova o ba bolokile matšoenyehong ’ohle a bona, hoo ba ithabelang litseleng tsa hae ’me ba khona ho lula ba le boemong bo amohelehang ka pel’a hae.—Baroma 5:3-5.

Ho sa tsotellehe ho feta har’a mathata linakong tsena tse lekang, re batho ba hlohonolofalitsoeng le ba thabileng. (Pes. 3:8; 144:15b) Ha re talima nakong e tlang, takatso ea rōna ke ho thusa ba bangata ba eketsehileng hore ba rue molemo tseleng ea Jehova ea bophelo joaloka rōna. Esita le bophelong ba bona bo phathahaneng ho sa ntse ho e-na le nako ea hore ba ithute tsela ea Jehova ’me ba rue molemo mamellong ea hae, joalokaha temana ea rōna ea selemo ea 1999, ho 2 Bakorinthe 6:2, e bontša: “Bonang! Joale ke letsatsi la poloko.” E, hona joale ke nako ea ho nka bohato! E se eka re ka leboha tokelo ena ea ho tsebisa bohle hore ba tsebe sena ’me ba se utloe.

Re kopane le lōna ka thabo ho phehella tsela ea Molimo ea bophelo.

Bahlanka-’moho le lōna,

Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela