Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb01 maq. 3-5
  • Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mosebetsi oa Kaho o Tlotlisang Jehova
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • Keketseho e Tsotehang e Susumetsa Katoloso e Potlakileng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Sena ke Sebaka sa Rōna sa Borapeli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Ho Tšepa Jehova ho Sohle Seo re se Etsang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
Bala Tse Ling
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2001
yb01 maq. 3-5

Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

RE LEHLOHONOLO hakaakang! Joaloka Lipaki tsa Jehova, ha rea fuoa tokelo ea ho tseba Jehova feela, Molimo a le mong feela oa ’nete ea phelang, ’Mōpi oa bokahohle, empa hape re fuoe le tokelo ea ho bitsoa ka lebitso la hae le ho mo sebeletsa. Ena ke tlhohonolofatso e kaakang!—Esa. 43:12; Baheb. 8:11.

Re na le tšepo ea poloko le thōmo ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso e le hore le ba bang ba ka rapela Jehova ’me ba kopanela tšepong ea rōna. (Mat. 24:14; Bar. 10:13, 14; 1 Bathes. 5:8) Hape re na le thabo ea ho ba mokhatlo oa bara ba motho oa machaba oa barapeli ba ratanang le ba thusanang ka mafolofolo. Sena sohle se putsa hakaakang!

Ka ho loketseng Bibele ea re mema: “Sebeletsang Jehova ka thabo. . . . Kenang lihekeng tsa hae ka liteboho, le kene mabaleng a hae ka thoriso. Mo leboheng, le boke lebitso la hae. Etsoe Jehova o molemo; mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang, botšepehi ba hae bo teng ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.” (Pes. 100:2-5) Ho sebeletsa Jehova ka thabo ho amana ka ho toba le ho ba le kamano e matla le eena. O etsa hore kamano e joalo e be teng, ’me re fuoe tokelo ea ho e hlaolela. Ha re e-na le kamano ea mofuta o joalo, rea tseba hore kamehla Jehova o teng ho re thusa le ho re matlafatsa ha ho hlokahala. Re kholisehile hore o tla fana ka matla a moea le tataiso e hlokahalang bakeng sa ho tobana ka katleho le phephetso ea ho phela mehleng ea qetello ea tsamaiso ena ea lintho. Ho sa tsotellehe likhatello tseo re tobanang le tsona, re thabile tšebeletsong ea rōna, ’me re leboha Jehova letsatsi le leng le le leng hobane, joalokaha Lentsoe la hae le re hopotsa, ‘oa re tsotella.’—1 Pet. 5:7.

Selemong se fetileng, ka sebele Jehova o re hlohonolofalitse haholo. Kopanong ea Setereke ea “Baphethi ba Lentsoe la Molimo” re ile ra thabela ho ba le ba bang ba likete ba nang le tumelo e kang ea rōna ea bohlokoa, re bina ’me re iphepa hammoho tafoleng ea Jehova ea moea. Lithutong tsa rōna tsa Buka tsa Phutheho, re thabetse phihlelo e matlafatsang tumelo ea ho ithuta hammoho buka ea Ela Hloko Boprofeta ba Daniele! ’Me ho phaella ho sena sohle, re ile ra thaba hakaakang ho amohela Moqolo I oa buka e ncha ea Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong Oohle oa Batho! ‘Senoelo sa rōna se tletse.’—Pes. 23:5.

Ke thabo e kaakang ho tseba hore ba limilione ho rōna, bara le barali babo rōna ba moea, ba kopane ho sebeletsa Jehova! Ho khothatsa hakaakang ho bala ka litlhōrō tse ncha tse finyeletsoeng mabapi le tšebeletso ea tšimo! Re thabisoa ke ba limilione tse ngata ba bileng teng Sehopotsong sa lefu la Morena oa rōna—ho sa tsotellehe maemo a lefatše. Ha re sheba tšimo ea lefatše ka bophara, ho hlakile hore “ka sebele, kotulo e khōlō.” (Luka 10:2) Ka karolelano, beke e ’ngoe le e ’ngoe selemong se fetileng liithuti tsa Bibele tse 5 555 li ne li hatela pele ho isa ntlheng ea ho tšoantšetsa boinehelo ba tsona ka kolobetso ea metsing. Le hoja likarolong tse ling tsa lefatše kotulo e le khōlō ho feta likarolong tse ling, kaofela re thabela seo Jehova a se etsang. Re bona bopaki bo hlakileng ba tlhohonolofatso ea hae boitekong bo kopaneng ba bahlanka ba hae.

Kaho ea Liholo tse ncha tsa ’Muso e bile lebaka le leng la thabo e khōlō! Re thabile haholo ho bona tšehetso ea pelo eohle mosebetsing ona e hlahang ho bara le barali babo rōna linaheng tse tsoelang pele. Ho se ho hahuoe Liholo tsa ’Muso tse makholo ka thuso ea Lihlopha tsa Kaho ea Liholo tsa ’Muso tse filoeng koetliso e hlokahalang. Bara bana babo rōna ba tloha phuthehong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe naheng ea habo bona ho etella pele mererong ea kaho ea Liholo tsa ’Muso. Kaha ho sa ntsane ho hlokahala hore ho hahuoe Liholo tsa ’Muso tse likete, boipiletso ke hore ho be le baithaopi ba eketsehileng linaheng tse tsoelang pele ho thusa mosebetsing ona o hlokahalang. Haeba u lula naheng e joalo, na u ka ithaopa? Bara le barali babo rōna ba ratehang ba ananela hakaakang ho ba le Holo ea bona ea ’Muso eo ba ka kopanelang ho eona bakeng sa borapeli! ’Me ba leboha mokhatlo oa bara ba motho oa lefatšeng lohle hakaakang bakeng sa thuso ea lichelete e le hore see se etsahale!

Litaba tsa tlhōlo litabeng tsa molao lia re thabisa. Leha ho le joalo, libakeng tse ngata ho boetse ho na le batho ba nang le tšusumetso ba ratang ho thibela borapeli ba Jehova. Ha re ntse re sebetsana le maemo ana, re kholisehile hore, tabeng ea ho fana ka thuso, Jehova ha a tsotelle hore na bahanyetsi ba bakae kapa hore na ho bonahala bahlanka ba hae ba pepesehetse tlhaselo hakae. (2 Likron. 14:11) Lōna bara le barali babo rōna ba tsoelang pele ba tiile ho emela borapeli ba ’nete, re le babatsa ka mofuthu.

Tsoelang pele le matlafatsa tumelo ea lōna ’me le itšetleha haholo ka Jehova bakeng sa tataiso ha ka thabo le ntse le phetha boikarabelo ba lōna ba Bokreste. (Liprov. 3:5, 6) Ha ho na lebaka la ho nyahama, ho sa tsotellehe seo sera se ka lumelloang ho se etsa. Hopolang khothatso eo Elisha a ileng a e fa mohlanka oa hae ea tšoenyehileng: “U se ke ua tšoha, etsoe ba nang le rōna ba bangata ho feta ba nang le bona.” (2 Mar. 6:15-17) Kajeno, lebotho la Jehova la leholimo le loketse ho sireletsa lithahasello tsa borapeli bo hloekileng joalokaha le ne le loketse mehleng ea Elisha. Re shebile bokamoso ka tšepo. Ke Jehova ea laolang. Lichaba li ke ke tsa atleha khahlanong le eena. O behile Mora oa hae teroneng ’me o mo file bolaoli bo feletseng. “Ho thaba bohle ba tšabelang ho eena.”—Pes. 2:1-6, 12.

Ka kōpo hopolang hore kaofela lōna bara le barali babo rōna ba ratehang, re lula re le hopotse ka lerato. Thapelo ea rōna e tiileng ke hore e mong le e mong oa lōna a ke a ‘eme a feletse le ka kholiseho e tiileng thatong eohle ea Molimo.’—Bakol. 4:12.

Barab’abo lōna,

Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela