Liketso Tsa Lipaki Tsa Jehova Mehleng ea Kajeno
Angola
Na ntoa ea lehae e bileng teng ka mashome a lilemo e thibela ho lumela ho Molimo? Na litsietsi le mahloriso li felisa boikemisetso ba ho abela ba bang ’nete ea Lentsoe la Molimo? Tlaleho ea histori ea Lipaki tsa Jehova Angola e araba lipotso tsena ka che e utloahalang! Pale ea ba sebeletsang mona e tla boela e matlafatse tumelo ea hao matleng a Jehova a tšehetsang.
Argentina
Ak’u nahane ka phephetso ea ho phatlalatsa litaba tse molemo ho pholletsa le naha e boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse fetang limilione tse 2,7, e kopanyelletsang libaka tse sa tšoaneng, ’me e e-na le baahi ba hlahang melokong e fapaneng. Joale u nahane hore na ebe mosebetsi ona o ne o etsoa joang nakong ea ha Lipaki tsa Jehova li thibetsoe ke ’muso ka lilemo tse 30. Hlokomela kamoo Lipaki naheng ena ea Amerika Boroa li hlōtseng litšitiso tse joalo kateng.
French Guiana
Ke hobane’ng ha batho ba ka ikitlaetsa ho phatlalatsa litaba tse molemo har’a likotsi morung o teteaneng moo ho nang pula e ngata? Ke eng e ka susumelletsang batho ho tšela liphororo tsa linōka ka seketsoana e le hore ba fihle metsaneng e thōko haholo? Ke takatso ea ho finyella ba lipelo li tšepahalang ka ’nete ea Bibele. Ba bangata ba entse sona sena French Guiana, Amerika Boroa. Bala pale ea bona e thabisang ea tumelo le sebete.