Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb03 maq. 6-30
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likopano Tsa Setereke li Tlatsetsa Chesehong
  • Ho Sebetsana ka Katleho le “Linako Tse Mahlonoko”
  • Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso se Totobatsa Bomoea
  • Litaba Tsa Molao
  • Ho Hopola Botšepehi ba Tsona
  • Ho Thehoa Komiti ea Lekala United States
  • Phetolelo Bakeng sa ho Finyella Litlhoko Tsa ba Bangata
  • Ho Neheloa ha Makala
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
    Buka Ea Selemo Ea Lipaki Tsa Jehova ea 2004
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2002
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2005
  • Tlaleho ea Buka ea Selemo ea 1997 ea Lipaki Tsa Jehova
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1997
Bala Tse Ling
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2003
yb03 maq. 6-30

Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng

“TLOONG ho ’na, . . . ’me ke tla le khatholla.” Mantsoe ao a Jesu Kreste, a ho Matheu 11:28, e ne e le temana ea selemo ea 2002. Selemong sa tšebeletso se fetileng, ba bangata ba ile ba tla—ba 265 469 ba amohela memo e tsoang ho Molimo, ba kolobetsoa, ’me ba fumana khatholoho hammoho le ba bang ba fetang limilione tse tšeletseng ba sebeletsang tlas’a joko e mosa ea ho ba barutuoa ba Bakreste.

Maqepheng a latelang, u tla bala kamoo Jehova a tsoelang pele ho hlohonolofatsa batho ba hae ka ho enneng lefatšeng lohle. Joale a re hlahlobeng liphetoho tse ling tse khōlō tsa selemo sa tšebeletso sa 2002.

Likopano Tsa Setereke li Tlatsetsa Chesehong

Kaha ke tloaelo ea tsona, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa bokana libakeng tse makholo lefatšeng lohle e le hore li ka ba teng likopanong tsa setereke tsa selemo le selemo. Sehlooho sa likopano tsa setereke tsa 2002/03 se ne se re “Baboleli ba ’Muso ba Chesehang.” Puo ea sehlooho e ile ea bontša hore batho ba Molimo kajeno baa cheseha ba bile ba sebete joaloka Jesu Kreste ha ba le tšebeletsong. Lipuo tse ling li ile tsa hlalosa hore cheseho e hlaoleloa ka ho ithuta Lentsoe la Molimo ’me e bontšoa ka ho etsa se molemo, haholo-holo ka ho bolela ka ’Muso oa Molimo ka mafolofolo.

Tšoantšiso ea moaparo oa boholo-holo eo sehlooho sa eona se reng “Ema U Tiile Linakong Tse Thata” e ile ea lebisa tlhokomelo ho moprofeta Jeremia. Joaloka Jesu, o ne a cheseha a bile a e-na le mamello ho sa tsotellehe mathata. Jeremia o ne a tšepa Jehova ’me a bolela molaetsa oa Molimo a se na tšabo. Ke mohlala o motle hakaakang bakeng sa Bakreste kajeno!

Kopanong ena ho ile ha lokolloa libuka tse peli. Ka Labohlano ba tlileng kopanong ba ile ba fuoa buka ea Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete. Buka ena e maqephe a 192 e tla sebelisoa e le ea bobeli ea ho ithuta Bibele bakeng sa ho hatisa ’nete ea Lentsoe la Molimo lipelong tsa liithuti tsa Bibele. Re kholisehile hore buka ena e tla thusa ba bacha ’neteng hore ba hōle moeeng ’me ba tsamaee tseleng e moqotetsane e isang bophelong lefatšeng le lecha la Molimo la ho loka.

Ka Moqebelo ho ile ha lokolloa buka ea Atamela ho Jehova. E arotsoe ka likarolo tse buang ka litšoaneleho tse ’nè tsa Jehova tse ka sehloohong e leng: matla, toka, bohlale le lerato. Morero oa eona o bontšitsoe selelekeleng: “E se eka buka ena e ka u thusa ho atamela ho Jehova Molimo, la theha maqhama a ke keng a senyeha le ka mohla, e le hore u ka phelela ho mo rorisa ka ho sa feleng.” Lenaneo la kopano, hammoho le lingoliloeng tsena tse ncha le tla thusa ba lipelo li tšepahalang libakeng tsohle ho hōlisa lerato bakeng sa ’Mōpi oa rōna.

Ho Sebetsana ka Katleho le “Linako Tse Mahlonoko”

Moapostola Pauluse o ile a ngolla Timothea a mo bolella hore ‘matsatsi a ho qetela’ a ne a tla bonahala ka “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Tim. 3:1) Likoluoa tsa tlhaho le tse ling, li baka mathata. Leha ho le joalo, li fa Bakreste monyetla oa ho bontšana lerato. Selemong se fetileng sa tšebeletso ho bile le likoluoa tse ngata. Mona re lebisa tlhokomelo ho tse peli.

Koluoa ea World Trade Center: Kabo ea mangolo a sehlopha sa bo111 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower e bile ka Moqebelo oa la 8 September, 2001. Ka mor’a matsatsi a mararo, ka la 11 September, ba fumaneng mangolo le litho tsa malapa abo bona ba ne ba nkile leeto la ho bona New York City, United States. Le ile la chaba le futhumetse le bile le hlakile. Eaba ka 8:46 hoseng, sefofane sa jete sa baeti se thula mohaho o ka leboea oa World Trade Center karolong e ka tlaase ea Manhattan. Ka mor’a nakoana sefofane se seng sa jete sa baeti se ile sa thula mohaho o ka boroa.

Ka 9:59 hoseng, mohaho o ka boroa o ile oa oa, ’me leru le letšo la lerōle le liphatsa tsa lintho tse sa tšoaneng la tlala hohle karolong e ka tlaase ea Manhattan. Ka mor’a moo, mohaho o ka leboea o ile oa oa. Ho ile ha e-shoa batho ba ka bang likete tse tharo. Mehaho ena e ile ea phethoa ka 1973, ’me mohaho ka mong o ne o le bophahamo ba mekato e 110. Leru le letšo la lerōle le bakiloeng ke ho oa ha mehaho ena e ’meli le ile la fefoloa ke moea ho ea fihla Bethele ea Brooklyn, e ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse tharo.

Hang-hang barab’abo rōna ba ofising ea lekala ea United States ba ile ba qala ho batla hore na ke Lipaki life tse anngoeng ke tlokotsi ena e tšabehang le hore na li hloka thuso efe. Mantsiboeeng a Labobeli la la 11 September, litho tsa lelapa la Bethele tse lulang mehahong eohle e meraro e leng—Brooklyn, Patterson le Wallkill—li ne li feletse. Ka Labone thapama bohle ba fumaneng mangolo a bona Gileade ba ne ba se ba boleletse Ofisi ea Gileade hore bona le litho tsa malapa abo bona ba sireletsehile. Ho sa le joalo, ho ile ha letsetsoa balebeli ba potoloho ba 37 ba New York. Ba ile ba buisana le baholo ba phutheho, ’me baholo ba ile ba batlisisa hore na mohoeletsi e mong le e mong o boemong bofe. Ka Labohlano hoseng ha la 14 September, lekala le ne le fumane hore bara le barali babo rōna ba 14 ba shoele kapa ba lahlehile. Ha ho mohla palo eo e ileng ea fetoha.

Baphonyohi ba ile ba pheta liphihlelo tsa bona. Cynthia Tucker, eo e leng pula-maliboho oa kamehla, o ne a sebetsa Setsing sa Lefatše sa Lichelete se shebaneng le World Trade Center. O ne a le mokatong oa bo37 ha a bona jete ea pele e thula mohaho. Kaha o ne a nahana hore ke kotsi e tšabehang, o ile a tsoela ka ntle ’me a sheba mohahong o thutsoeng ke sefofane. Hohle ho ne ho tletse maloanlahla. Eaba sefofane se seng se feta se fofa butle. Morali’abo rōna Tucker o itse: “Sefofane sena se ne se le seholo haholo. Ke ile ka bona hore se tla thula mohaho. Ke ne ke batla ho baleha, ka mpa ka ema tlekelele!—ke sa tsebe hore na ke etse’ng. Ho ne ho bonahala hore sefofane sena se tla kena mohahong se fetele ka nģ’ane. Ho ile ha e-ba le lerata le thibang litsebe hoo ho neng ho le joalokaha eka ke ka metsing ha ke utloa molumo oo. Ho ne ho e-na le moea o matla ’me e ne eka o na le lehlabathe. Ho ne ho le thata ho hema. Batho ba ne ba phasa-phasa. Ke ile ka kena ka mohahong eaba ke shebella ha mohaho oa pele o e-oa. Batho ba ne ba hlobola lihempe tsa bona ’me ba ikoahela ka tsona lifahlehong hobane ho ne ho le lerōle. Batho ba tsamaeang le bana le liphoofolo tsa bona tsa hae ba ne ba tsoa ka mehahong ena. E mong le e mong o ne a tšohile. Esita le liphoofolo li ne li etsa lintho tse sa tloaelehang. Ho thata ho hlalosa tšabo e neng e le teng.” Morali’abo rōna Tucker o leboha thuso ea baholo ba ileng ba tla ’me ba mo khothatsa ka mantsoe a thobang a tsoang Bibeleng.

Likhoeling tse latelang, barab’abo rōna ba New York ba ile ba isetsa baahi molaetsa oa Bibele oa matšeliso le tšepo. Barab’abo rōna ba bangata ba ile ba lumelloa ho paka Sebakeng sa Koluoa, moo Mehaho e ’Meli e Melelele e ileng ea oa. E mong oa bara bana babo rōna e ne e le Roy Klingsporn, oa pula-maliboho. O ile a re: “Ka kananelo, sajene ea sesole sa moeeng e neng e sebetsana le liphallelo e itse: ‘E mong le e mong o re tlisetsa lijo, kofi le liaparo, empa ke lōna ba pele ba re baletseng lengolo. Re hloka Molimo ha lintho li le tjena.’”

Ho Foqoha ha Seretse se Chesang Afrika Bochabela: Barab’abo rōna ba bangata ba ka bochabela ho Congo (Kinshasa) ba ’nile ba tobana le ntoa ea lehae, ho kula, bofutsana le ho hloka mosebetsi. Ba bang e bile baphaphathehi kapa e sa ntse e le bona. Se ileng sa eketsa mathata ana e bile ho phatloha ka tšohanyetso ha Thaba ea Nyiragongo, e leng thaba e foqohang seretse se chesang e haufi le toropo ea Goma. Hoseng ha la 17 January, 2002, thaba ena e ile ea qala ho thunya mosi le ho tuka. Mantsiboea, seretse se chesang se ile sa foqoha ’me sa phallela Goma. Batho ba likete ba tšohileng ba ile ba balehela toropong e haufi ea Gisenyi, Rwanda. Batho ba ne ba subuhlellane mebileng ba nkile thepa e seng kae eo ba neng ba ka khona ho e nka. Gisenyi le eona e ne e le kotsing, empa barab’abo rōna ba moo ba ile ba lokisetsa hore Holo ea ’Muso e be kampo ea baphaphathehi bakeng sa barab’abo rōna ba Congo. Kapele-pele ba bang ba barab’abo rōna ba Gisenyi ba ile ba ithaopela ho bula mahae a bona bakeng sa ba balehang ho foqoha ha seretse se chesang.

Moholo oa sebakeng seo o itse: “Ha re bona se etsahalang, kapele-pele ’na le barab’abo rōna ba bang re ile ra ea ’mileng o moholo o tsoang Goma o eang Gisenyi. Re ne re tšoere limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! re li phahamisitse. Ho ne ho le lefifi, empa re ile ra ea libakeng tseo ha re le ho tsona re ka bonahalang. Ha barab’abo rōna ba bona limakasine ba ile ba bona hore re Lipaki, ’me ra ba bontša tsela e eang Holong ea rōna ea ’Muso, eo e neng e le kampo ea baphaphathehi. Re ile ra ema tseleng ho fihlela ka matjeke. Ka tsela ena re ne re etsisa seo barab’abo rōna ba Goma ba ileng ba re etsa sona lilemong tse seng kae tse fetileng. Ka mor’a ntoa ea Rwanda, batho ba likete tse makholo ba ile ba balehela Goma. Ka nako eo Lipaki tsa Goma li ile tsa ema tseleng motšehare le bosiu li tšoere limakasine ho re thusa ho bona barab’abo rōna. Li ile tsa re bontša tsela e eang kampong ea baphaphathehi eo Lipaki li e lokiselitseng.”

Bongata ba ba balehang ho foqoha ha seretse se chesang bo ile ba robala ka ntle. Har’a bona ho ne ho e-na le barab’abo rōna bao ka lebaka la pherekano kapa lefifi ba sa kang ba bona ba tšoereng limakasine. Moholo e mong o itse: “Ka matjeke letsatsing le latelang, bara le barali babo rōna ba ile ba boela ba tsoa ba tšoere limakasine. Ba ile ba ea libakeng tsohle tsa Gisenyi e le hore bohle ba ba bone. Ka tsela ena ba ile ba fumana barab’abo rōna bohle ba tsoang Goma ba sa kang ba bona Lipaki bosiung bo fetileng. Kapele-pele seretse se chesang se ne se se se le haufi le ho fihla Holong ea ’Muso. Hang-hang re ile ra lokisetsa hore Liholo tse ling tsa ’Muso tse hlano e be likampo tsa baphaphathehi.” Bara ba bang babo rōna ba liphutheho tse 24 tsa Goma ba ile ba balehela hare-hare ho Congo, empa ba bangata—ba ka bang 2000—ba balehela Rwanda.

Ofisi ea lekala e Kigali, Rwanda, kapele e ile ea reka lijo, meriana, likobo le meqomo ea polasetiki bakeng sa metsi. Thepa ena e ile ea romeloa likampong kapele-pele. Barab’abo rōna ba Goma ba ne ba thabile hakaakang ha teraka ea liphallelo e fihla ka mor’a letsatsi feela koluoa e etsahetse! Batho ba bangata bao e seng Lipaki ba ile ba babatsa. Mor’abo rōna e mong o ile a utloa batho ba re: “Bolumeli bona bo molemo. Ba ratana e le kannete.”

Hoo e ka bang karolo ea boraro ea Goma e ile ea fetoha lesupi. Bara le barali babo rōna ba bangata ba ile ba lahleheloa ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Leha ho le joalo, Lipaki tseo matlo a tsona a neng a sa senyeha li ile tsa ithaopela ho lula le malapa a bara le barali babo rōna bao matlo a bona a neng a senyehile. (Bar. 12:12, 13) Hamorao, barab’abo rōna ba Rwanda ba ile ba lokisetsa hore baphaphathehi bohle ba khutlele Goma ba sireletsehile. Lipaki tsa Europe le tsona li ile tsa thusa ka ho romela thepa e tsoang Belgium ka lifofane tse peli.

Ho phatloha ha Thaba ea Nyiragongo e ne e le koluoa. E ile ea bolaea batho ba bangata ’me ea senya thepa e ngata empa Bakreste ba ’nete ba ile ba bonahala ka lerato leo ba ileng ba le bontšana.—Joh. 13:35.

Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso se Totobatsa Bomoea

Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso se qalile ka 1959 ’me se ne se nka khoeli. Se ne se le Lansing Boroa, New York, U.S.A. Linaheng tse ling, se ne se kenela libakeng tse lokiselitsoeng ke ofisi ea lekala. Qalong, sekolo sena e ne e le sa baholo ba phutheho (bao ka nako eo ba neng ba bitsoa bahlanka ba phutheho) le bo-pula-maliboho ba khethehileng. Leha ho le joalo, ka 1966, ho ile ha etsoa liphetoho lenaneong la sekolo sena; se ne se nka libeke tse peli feela, ’me e ne e le sa baholo feela. Ka 1977 ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore baholo bohle ba be teng lenaneong la lihora tse 15. Ho tloha nakong eo, ho ile ha lokisetsoa mananeo a joalo a sa lekaneng ka bolelele ka mor’a lilemo tse seng kae. Ho tloha ka 1984, bahlanka ba sebeletsang le bona ba ’nile ba koetlisoa Sekolong sena sa Tšebeletso sa ’Muso.

Selemong sena ho bile le likolo tse tharo. Sa pele, se ileng sa tšoaroa ka Labobeli ho fihlela ka Labone, e ne e le sa balebeli ba tsamaeang; sa bobeli, se ileng sa tšoaroa ka Labohlano le ka Moqebelo, e ne e le sa baholo; sa boraro, se ileng sa tšoaroa ka Sontaha, e ne e le sa bahlanka ba sebeletsang. Sekolo sena se ne se totobatsa bomoea. Khale-khale Moshe o ile a rapela Jehova a re: “Ka kōpo, ntsebise litsela tsa hao, hore ke u tsebe, e le hore ke fumane kamohelo mahlong a hao.” (Ex. 33:13) Thapelo ena e ile ea etsoa ka mor’a hore Moshe a bone Likotlo Tse Leshome, ka mor’a hore a bone ho aroha ha Leoatle le Lefubelu, ka mor’a hore a buisane le Jehova ka matsatsi a 40 Thabeng ea Sinai le ka mor’a hore a amohele Melao e Leshome. Ha Moshe a le lilemo li 80 le ka mor’a hore a sebelisoe ke Jehova ka tsela e ikhethang, o ile a ela hloko tlhoko ea hae ea moea. Tumellanong le mohlala ona, baholo le bahlanka ba sebeletsang ba ne ba khothalletsoa hore ba ’ne ba hatele pele moeeng, ho sa tsotellehe hore na ba sebelelitse Jehova ka nako e telele hakae.

Boitsebiso ba sekolo sena bo ile ba fetoleloa le ho sebelisoa ke makala lefatšeng lohle. Mangolo a bontšang kananelo a ile a fihla a e-tsoa linaheng tse ngata. Moholo oa Guinea o ile a ngola: “Ha ke ikoahlaele boitelo boo ke ileng ka bo etsa le leeto leo ke ileng ka le nka la lik’hilomithara tse 1 000 e le hore ke be teng sekolong sena.” E mong o ile a ngola: “Ke haelloa ke mantsoe a ho hlalosa kamoo ke ananelang koetliso ena kateng. Ke leboha haholo!”

Mor’abo rōna e mong oa Korea o ile a ngola: “Sekolo sena se nthusitse hore ke nahane ka ho teba ka hore na ke motho oa moea kapa che.”

Ofisi ea lekala ea El Salvador e ile ea ngola ea re: “Ho bontšitsoe thahasello e khethehileng tokisetsong e ncha ea Thuto ea Buka ea Phutheho. Re nahana hore tokisetso ena e tla etsa hore ho lebisoe tlhokomelo e molemo le e lerato ho litho tsa sehlopha ka seng.”

Sehlopha se seng sa baholo sa Jeremane se ile sa ngola sa re: “Litlhahiso le litaelo li utloahala hoo li ka sebelisetsoang ba behiloeng tlhokomelong ea rōna.”

Lekala la Switzerland le ile la re: “Sekolo sena se bile le thuso ea ho fana ka khothatso e hlokahalang bakeng sa ho loantša ho hloka thahasello linthong tsa moea.”

Litaba Tsa Molao

ARMENIA: Nyeoe ea Lyova Margaryan e ile ea hapa thahasello ea machaba. Mor’abo rōna Margaryan o ile a qosoa ka lebaka la ho ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Liqoso tseo li ne li akarelletsa “ho phatlalatsa bolumeli bo sa ngolisoang ka molao.” Ka la 18 September, 2001, lekhotla la linyeoe le ile la fumana Mor’abo rōna Margaryan a se na molato liqosong tsohle. Nyeoe ena e ile ea isoa lekhotleng la boipiletso ’me la liha kahlolo ea hore ha a molato, la bolela hore thuto ea bolumeli ea Lipaki Tsa Jehova hase tlōlo ea molao le hore e tlas’a tšireletso ea Molao oa Motheo oa Armenia. Eaba bachochisi ba ipiletsa lekhotleng le phahameng ka ho fetisisa ka har’a naha, Lekhotla la Cassation. Ka la 19 April, 2002, Lekhotla la baahloli la litho tse tšeletseng le ile la liha kahlolo ea hore ha a molato. Ha re sa ntse re thabetse tlhōlo ena, barab’abo rōna ba lilemong tsa ho ba sesoleng ba ile ba ’na ba tšoaroa le ho koalloa teronkong Armenia hobane ba hanne ho kena sesoleng ka lebaka la bolumeli ba bona.

GEORGIA: Lipaki Tsa Jehova tsa Georgia li ntse li hlokofatsoa ka sehlōhō ke batho ba sa ahloloeng. Ho tloha ka October 1999 ho tlalehiloe litlhaselo tse fetang 80 tse amang batho ba fetang 1 000—banna, basali, bana, batho ba tsofetseng le ba holofetseng. Mahae a Lipaki a ’nile a tlatlapuoa, a phenyekolloa le ho chesoa. Ho bile le litlaleho tsa tlōlo ea molao tse fetang 700, empa ha ho motlōli oa molao le ea mong ea kileng a ahloleloa litlhaselo tseo. Qetellong, ka September 2001, Petre Ivanidze le moprista oa Moorthodox ea theotsoeng setulong Vasili Mkalavishvili ba ile ba qosoa ka lebaka la ho kopanela litlhaselong tseo. Leha ho le joalo, boiteko bo bongata ba ho bua nyeoe bo ile ba hlōleha ho tsoela pele ka lebaka la maemo a ka lekhotleng. Batšehetsi ba baqosuoa ba ile ba lumelloa ho kena khotla ba tsoka lifapano tse khōlō, tseo pele ba neng ba li sebelisa e le libetsa le liboto tse ngotsoeng mantsoe a hlapaolang Lipaki Tsa Jehova. Ho tloha ka la 30 May, 2002, nyeoe ena e ile ea khutlisetsoa morao hasupa. Lipaki Tsa Jehova li ile tsa ipiletsa Lekhotleng la Europe la Litokelo Tsa Botho (ECHR) ka makhetlo a mabeli, la pele tsa ipiletsa hore ’muso ha o re letho ka pefo e lebisitsoeng ho tsona ’me tsa boela tsa ipiletsa khahlanong le qeto ea Lekhotla le Phahameng la Georgia ea ho felisa mekhatlo e ’meli e molaong e sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova. Ka October 2001 ECHR e ne e se e kopantse boipiletso bona e le boo e lokelang ho sebetsana le bona kapele kamoo ho ka khonehang.

Ka la 23 July, 2002, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa boela tsa ipiletsa ho ECHR. Kōpo ena e lokolisa linyeoe tse 30 tseo ho tsona Lipaki tsa Georgia li ileng tsa hlaseloa ke batho ba chesehelang bolumeli ka ho feteletseng, baruti ba Orthodox le mapolesa. Ho na le tokomane e ’ngoe ea bohlokoa e buang ka e ’ngoe ea linyeoe tsena. Tokomane ena e lokolisa morero oa mapolesa a ka bang 100, oa ho thibela kopano ea Lipaki Tsa Jehova e nang le khotso ka September 2000. Tokomane ena e ile ea amoheloa le ho tekenoa ke ba boholong Lefapheng la Tsa ka Hare ho Naha motseng o ka bophirimela oa Zugdidi.

RUSSIA: Nyeoe ea ho thibela Lipaki Tsa Jehova Moscow e ile ea boela ea qala ka la 12 February, 2002. Ke lekhetlo la bosupa leo ka lona Lipaki Tsa Jehova li ileng tsa lokela ho itšireletsa khahlanong le liqoso tse tšoanang tse se nang motheo. Ka la 4 April, 2002, likhoeli tse peli ka mor’a hore kōpo e tsoang ofising ea mochochisi e hlahlojoe hape, Lekhotla le ile la etsa qeto ea hore lingoliloeng le mangolo a Lipaki Tsa Jehova li hlahlojoe ke litsebi. Lekhotla le ile la etsa qeto ena, le hoja mochochisi a sa ka a fana ka bopaki bo tobileng ba hore Lipaki Tsa Jehova li baka ho hloka kutloano bolumeling, li arola malapa le ho kena-kenana le litokelo le bolokolohi ba baahi. Nyeoe e ile ea chechisetsoa morao ha ho ntse ho emetsoe liphello tsa tlhahlobo ea litsebi.

KOREA BOROA: Bofelong ba December 2001, palo ea Lipaki Tsa Jehova tse kentsoeng teronkong Korea Boroa kahobane li hana tšebeletso ea sesole ka lebaka la bolumeli e ne e fihla ho 1 640. Palo ena e tsoela pele ho eketseha selemo le selemo. Molao oa Tšebeletso ea Sesole o bolela hore ba hanang ho nka lihlomo ba ahloleloe ho hlola teronkong ka nako e fihlang ho lilemo tse tharo. Korea Boroa ha e lokolle basebeletsi ba bolumeli kapa ba hanang tšebeletso ea sesole ka mabaka a bolumeli hore ba se kopanele sesoleng. Ho tloha ka bo-1950, Lipaki tsa Korea Boroa tse fetang 7 000 li ’nile tsa kenngoa teronkong ka lebaka la ho hana ho nka lihlomo. Ka la 29 January, 2002, nyeoeng e ikhethang, Moahloli ea ka Sehloohong Si-hwan Park oa Lekhotla la Lebatooa la Seoul o ile a isa nyeoe ea Kyung-soo Lee Lekhotleng la Molao oa Motheo. Moahloli Park o ile a kōpa maikutlo mabapi le polelo ea Mor’abo rōna Lee ea hore ho hana ho amohela tokelo ea motho ea hanang tšebeletso ea sesole ka mabaka a bolumeli ke ho hatakela tokelo ea hae ea tokoloho ea bolumeli le ea letsoalo. Ha a hlahisa kōpo eo lekhotleng, Moahloli Park o ile a fanyeha nyeoe eo ’me a lokolla Mor’abo rōna Lee ka beile. Nyeoe eo e tla tsoela pele feela ka mor’a hore Lekhotla la Molao oa Motheo le etse qeto mabapi le hore na molaoana oo ho phehisanoang ka oona o lumellana le molao oa motheo kapa che.

UNITED STATES: Ka la 17 June, 2002, Lekhotla le ka Holimo-limo la United States le ile la etsa qeto ea bohlokoa nyeoeng ea Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc. v. Village of Stratton. Nyeoe ena e bile teng ka mor’a hore baahi ba motse ba phehelle hore Lipaki Tsa Jehova li kōpe tumello ho ramotse pele li ka etsa tšebeletso ea tsona ea ntlo le ntlo. Lekhotla la re: “Nyeoeng [Lipaki Tsa Jehova] li boletse hore ha lia ka tsa kōpa tumello hobane li fumana tumello ea ho ruta ka Mangolong. [Lipaki li itse:] ‘Re na le maikutlo a hore ho kōpa tumello ho ’masepala ea hore re pake e ne e tla ba ho rohaka Molimo.’” Ha Lekhotla le felisa molao oo le ile la etsa qeto ea hore ho kōpa tumello “ha ho hatelle litekanyetso tse sireletsoang ke Sehlomathiso sa Pele feela, empa ho hatella le eona khopolo ea hore sechaba se na le bolokolohi—hore pele motho a bua le baahelani ba hae o lokela ho fumana tumello ’musong.” Lekhotla le ile la tsoela pele ho re: “Le hoja ho fuoa tumello ke ramotse e le tšebeletso ea sechaba e etsoang ka potlako le e sa lefelloeng, molao o hlokang hore motho a fumane tumello ea ho kopanela puisanong e joalo o hanana haholo le mekhoa e tloaelehileng sechabeng le molaong oa motheo.”

Lekhotla lena le ile la boela la babatsa tšusumetso e matla eo Lipaki Tsa Jehova li bileng le eona ho thehoeng ha molao oa motheo oa United States. Lekhotla le itse: “Ka lilemo tse fetang 50, Lekhotla le ile la tlosa lithibelo mosebetsing oa ntlo le ntlo oa ho sokolla batho le ho aba lipampitšana. Hase ho makatsang hore ebe bongata ba linyeoe tsena bo ne bo ama Lipaki Tsa Jehova tse neng li itšireletsa ka Sehlomathiso sa Pele, hobane bolumeli ba tsona bo hloka hore li ee ka ntlo le ntlo.” Joalokaha Lekhotla le boletse, ‘linyeoe tsena li bontša hore boiteko ba Lipaki Tsa Jehova ba ho loantša melao e thibelang bolokolohi ba puo e ne e se ho loanela litokelo tsa tsona feela.’

Ho phaella moo, ka la 1 July, 2002, Lekhotla le ka Holimo-limo la Carolina Boroa le ile la tšehetsa tokelo ea e mong oa Lipaki Tsa Jehova ea ho hana tšelo ea mali. (Lik. 15:28, 29) Charles Harvey o ile a qosa ngaka ea hae ka ho hlokomoloha ka boomo ho hana ha hae tšelo ea mali. Pele a buuoa, Mor’abo rōna Harvey o ne a tsebisitse ngaka ea hae ka ho hlaka boemo ba hae bo thehiloeng Bibeleng. Leha ho le joalo, e le hore ngaka eo e ka tšela Mor’abo rōna Harvey mali ha a ilibane, e ile ea batla tumello ho ’mè oa hae eo e seng Paki. Lekhotla le ka Holimo-limo la Carolina Boroa le ile la hana tumello ea ’mè oa hae ka ho re “ngaka e phekolang mokuli e lokela ho latela thato ea hae e sa lumellaneng le phekolo ea lingaka kapa ho itšunya-tšunya ha motho leha e le ofe, ha ngaka e tsebisitsoe pele mokuli a buuoa.” Ka lebaka leo, lekhotla le ile la liha kahlolo ea hore Mor’abo rōna Harvey o na le tokelo ea hore lekhotla la baahloli le etse qeto hore na ngaka eo e fetohetse tumellano ea ho phekola Mor’abo rōna Harvey e sa mo tšele mali le hore na ngaka eo e ne e tlōtse molao oa bongaka ka ho tšela Mor’abo rōna Harvey mali a sa lumela.

Ho Hopola Botšepehi ba Tsona

Ka lilemo tse fetang 30, Sehopotso sa Buchenwald, se kampong ea mehleng ea mahloriso ea Bonazi, se ne se sa bue letho ka Lipaki Tsa Jehova. Lipaki li ne li sa oele sehlopheng sa batho bao ba boholong Jeremane Bochabela ba neng ba ba nka e le bahlaseluoa le bahanyetsi ba puso ea Bonazi. Esita le kajeno batho ba bangata ba Jeremane ba bona ho le thata ho amohela tlaleho e ikhethang ea botšepehi ba Lipaki. Ka hona, la 9 May, 2002, e ne e le letsatsi la bohlokoa haholo. Monghali R. Lüttgenau, motlatsi oa motsamaisi oa Mokhatlo oa Sehopotso sa Buchenwald le sa Mittelbau-Dora, o ile a bula lejoe la sehopotso sa Lipaki tse ileng tsa hlokofatsoa Buchenwald.

Letsatsing leo ho ne ho futhumetse ’me boemo ba leholimo bo le botle. Kampo ea mehleng, e leralleng le aparetsoeng ke lifate le okametseng naha e ntle, e ne e le botalana ba limela tsa nakong ea selemo. Leha ho le joalo, sebaka sena se ne se tsejoa e le sa masetla-pelo a Buchenwald. Kajeno baeti ba bangata ba fumana ho le thata ho nahana ka ho nyahama ha batšoaruoa ha ba ntse ba bitsoa ka bonngoe ’me ka nģ’ane ho kampo ea bona ba bona naha ena e ntle empa ba se na tšepo ea ho boela ba lokoloha.

Leha ho le joalo, Lipaki Tsa Jehova li ne li e-na le tšepo e thehiloeng Bibeleng li bile li tšepa Jehova ka ho feletseng. Sena se ne se li nolofalletsa ho lula li tšepahala ’me ka sebete li latela mohlala oa baapostola ba ileng ba re: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” (Lik. 5:29) Bonyane ho ile ha e-shoa Lipaki tse 38 ka har’a kampo le ka ntle ho eona ka lebaka la tumelo ea tsona, ha li ntse li sebetsa sehlopheng se seng sa kampo eo. Lengolo la Liketso le qotsitsoe lejoeng la sehopotso, ’me le lateloa ke mantsoe ana a ngotsoeng: “Re Hopola Lipaki Tsa Jehova Tse Hlokofalitsoeng le ho Shoela Mona, Tse Hlorisitsoeng ka Lebaka la Bolumeli ba Tsona.”

Batšoaruoa ba ka bang 800 ba neng ba tsejoa e le Bibelforscher (Liithuti Tsa Bibele) ka lesela le pherese le likhutlo li tharo le rokeletsoeng liaparong tsa bona e ne e le karolo ea ba 250 000 bao Manazi a ’nileng a ba koalla kampong ena ka lilemo tse tharo. Lipaki tse ling li ne li le moo ka 1937 ’me tsa qobelloa ho thusa kahong ea kampo eo. Ka 1945, ha batšoaruoa ba setseng ba lokolloa, Lipaki tse ileng tsa lokolloa li ile tsa rorisa Jehova ka topollo ea tsona. Boholo ba nako eo e bileng teng ka eona e le kampo ea Manazi, kamehla ho ne ho e-na le Lipaki tse pakeng tsa 300 le 450 Buchenwald.

Lejoe lena le khetholla batšoaruoa ba neng ba apara liaparo tse rokeletsoeng lesela le pherese le likhutlo li tharo e le bahlaseluoa ba puso ea Bonazi. Le boetse le hopotsa baeti ka botšepehi ba Lipaki. Monghali Lüttgenau o itse: “Lejoe lena le bontša hore sechaba se bone koluoa ea Lipaki Tsa Jehova ebile se e hlokometse.”

Ka Labone la la 7 March, 2002, ba boholong motseng oa Körmend ka bophirimela ho Hungary ba ile ba bula lejoe la sehopotso bakeng sa Lipaki Tsa Jehova tse tharo tse ileng tsa shoela tumelo. E ne e le Bertalan Szabó, Antal Hőnisch le Ján Žondor. Ka boraro ba bona ba ile ba hana tšebeletso ea sesole Ntoeng ea II ea lefatše ’me ba bolaoa phatlalatsa. Mongolo o lejoeng lena o baleha tjena: ‘Re hopola Bakreste ba ileng ba bolaeloa ho hana tšebeletso ea sesole ka lebaka la bolumeli ka March 1945.’ Lekala le tlaleha hore e le hore ba ka kopanela tšebeletsong ea sehopotso, batho ba fetang 500 ba ile ba pholletsa le motse ba e-ea mohahong oo barab’abo rōna ba bolaetsoeng ho oona.

Ho Thehoa Komiti ea Lekala United States

Ka Labohlano la la 9 February, 2001, Sehlopha se Busang se ile sa tsebisa lelapa la Bethele ea United States hore ho tloha ka la 1 April, 2001, Komiti ea Lekala e ne e tla qala ho sebetsa United States. Selemong sa tšebeletso sa 2002, Komiti ea Lekala e ile ea tsoela pele ho jara boikarabelo ba eona mohato ka mohato. Lekala la United States le hlokomela mosebetsi oa boboleli ba ’Muso tikolohong ea United States, Bermuda, lihlekehlekeng tsa Turks le tsa Caicos. Ho na le bahoeletsi ba fetang milione United States, ’me ba 215 000 ho bona ba kopanela liphuthehong tse buang Sepanishe. Har’a liphutheho tse fetang 11 700, liphutheho tse 2 600 ke tsa ba buang Sepanishe. Selemong sa tšebeletso se fetileng, ho thehiloe liphutheho tse ncha tse 210. Ho tsona, tse 123 ke tsa ba buang Sepanishe, tse 63 ke tsa ba buang Senyesemane, ’me tse 24 ke tsa ba buang lipuo tse ling.

Hona joale United States ho na le liphutheho kapa lihlopha tse buang lipuo tse 37 kantle ho Senyesemane le Sepanishe. Liphuthehong tse ngata tsa Sepanishe le tsa lipuo tse ling, hangata ba bang teng Sebokeng sa Phatlalatsa ba feta karolo ea 200 lekholong. Liphutheho tse ling li tlaleha lithuto tsa Bibele tse fetang bahoeletsi ka palo. Bara le barali babo rōna ba buang Senyesemane ba ithuta lipuo tse ling e le hore ba ka thusa tšimong ena e hōlang ka potlako.

Lekala la United States le ikhetha ka hore mehaho ea Bethele e libakeng tse tharo—Brooklyn, Patterson le Wallkill. E le ho lemela lelapa la Bethele lifate tsa litholoana, ho na le mapolasi haufi le Lansing Boroa, New York le Immokalee, Florida. Ka kakaretso, litho tsa lelapa la Bethele la United States li 5 465.

Hona joale ho na le makala a 109 lefatšeng ka bophara. Tokisetso ea hore Likomiti Tsa Makala li hlokomele litlhoko tsa moea tsa barab’abo rōna ba lulang linaheng tse sa tšoaneng e ’nile ea sebetsa ho tloha ka 1976. Likomiti tsena li latela tataiso ea Mangolo le ketello-pele ea Sehlopha se Busang. Likomiti Tsa Makala li jara boikarabelo ba ho hlokomela mosebetsi oa boboleli ba litaba tse molemo tšimong eo lekala le e abetsoeng. Komiti ena e hlokomela liphutheho tsa Bokreste, baromuoa le bo-pula-maliboho. E boetse e hlophisa liphutheho ka lipotoloho le litereke ’me e buella ho khethoa ha balebeli ba potoloho le ba setereke, litho tsa lelapa la Bethele le liithuti tsa Sekolo sa Gileade ho Sehlopha se Busang. Ntle le ho hlokomela tšebeletso ea tšimo, Komiti ea Lekala e hlophisa mosebetsi o etsoang Bethele. Ha ho pelaelo hore Jehova o hlohonolofalitse tokisetso ena ka ho enneng.

Phetolelo Bakeng sa ho Finyella Litlhoko Tsa ba Bangata

Lilemong tsa morao tjena, ho ’nile ha hatisoa libuka tse ngata ka lipuo tse ntseng li eketseha. Bafetoleli ba makholo ba sebetsang ka thata ba sa hlahellang ba loanela ho hlahisa lingoliloeng tse nepahetseng le tse bonolo tseo batho ba thabelang ho li bala.

Ntho e ka sehloohong eo batho ba Molimo ba e hlokang ke phetolelo ea Bibele e tšepahalang. E le ho finyella sena, hona joale Phetolelo ea Lefatše le Lecha e hatisitsoe ka lipuo tse 44. Tse 29 ho tsona ke likhatiso tse feletseng. Selemong sa tšebeletso se fetileng, phetolelo ea Mangolo a Segerike a Bakreste e ile ea phethoa ka lipuo tse tharo tsa Maafrika—Secibemba, Seigbo le Selingala—’me Bibele e feletseng ea lokolloa ka Seafrikanse.

Likhatiso tsa Bibele tse sa tsoa lokolloa li ananeloa haholo. Tlaleho e tsoang Europe e itse: “Barab’abo rōna ba tšimong ea Sechaena ba ile ba bontša kananelo e khethehileng bakeng sa Bibele ea puo ea bona, ba bolela hore ke phetolelo ‘e tsoileng matsoho.’” Liithuti tse ling tsa Machaena tse lulang Canada li itse: “E tlameha ebe Bibele ena e fetoletsoe ke Machaena! Ho bonolo hore re e utloisise!” Moxhosa e mong oa Afrika Boroa o ile a botsa a re: “Le e nkile kae Bibele e monate hakana?” Mor’abo rōna e mong oa Albania o ile a re: “Tsela eo Phetolelo ea Lefatše le Lecha e hlalosang lintho ka eona e etsa hore mehopolo ea Jehova e finyelle pelo.” Mohoeletsi e mong oa Croatia o ile a ngola: “Ke khona ho bona lintho ka mahlo a kelello ’me ke ikutloa joalokaha eka ke ’na ea buang mantsoe ao. Phetolelo ena e ncha e bonolo, e hlakile ebile e beha litaba ka tsela e bohlale. Ke se ke utloisisa kamoo molaetsa oa Jehova le litaelo tsa hae ho rōna li leng molemo kateng.”

Ho sa ntse ho hlokahala lingoliloeng tsa motheo e le hore litaba tse molemo tsa ’Muso li boleloe “lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle.” (Tšen. 7:9) Lilemong tsa morao tjena, libukana tsa Selahu, e leng puo e buuoang ke batho ba lulang maralleng a Thailand leboea le ba linaheng tse haufi, li ba le phello e molemo. Moromuoa e mong o ile a ngola a re: “Ka sebele bukana ea Seo a se Hlokang ke kofuto e molemo ka ho fetisisa ea Selahu. E abiloe hōle le haufi.” Phello e bile efe? “Re menngoe metseng e mengata, empa kaha e hōle, le litsela li mpe, ha re e-s’o khone ho etela ho eona kaofela. Matheu 9:37 e lumellana hantle le boemo ba rōna. Ka mohlala, re hlokometse hore motseng o mong o ka thōko, o bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 160 ka leboea ho Chiang Mai, mosali e mong ea thahasellang kamehla o ’nile a ruta sehlopha sa likhutsana bukana ea Seo a se Hlokang.”

Maamerika a mangata a pakeloa ka lipuo tsa ’ona United States. Ho se ho e-na le lingoliloeng tsa Senavajo, ho akarelletsa le lik’hasete tsa bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? Mohoeletsi e mong o ile a ngola: “Thabeng ea Navajo, karolong e hōle ka ho fetisisa ea tšimo ea rōna, ho na le monna ea ka holimo ho lilemo tse 80 eo e neng e le molisa ea seng a sa bone hantle. Setloholo sa hae se ile sa mo botsa hore na a ka rata ho mamela k’hasete ea Bibele ka Senavajo. O ile a lumela. A theoha betheng ’me a lula setulong a mamela. Ekare u ka be u ile ua bona sefahleho sa hae ha a ntse a mametse mangolo a Bibele ka puo ea hae. Meokho ea keleketla mahlong a ka ha ke pheta taba ena. Eaba o re, ‘Nizhoni,’ e bolelang ‘e monate hakaakang!’”

Ho hatisitsoe lingoliloeng ka lipuo tse hlano tsa Mozambique. E le ho thusa babali ho rua molemo, ho ile ha hatisoa bukana ea Ikitlaelletse ho Bala le ho Ngola ka lipuo tsena, ’me ho entsoe letšolo le leholo la ho ithuta ho bala le ho ngola. Sena se ile sa khahla Mopresidente Chissano oa Mozambique hoo a ileng a bolela hore o tšehetsa ka pelo eohle mosebetsi oa rōna oa ho ruta Bibele le oa ho ruta batho ho bala le ho ngola.

Molula-Qhooa o hatisoa ka lipuo tse 146 ’me Tsoha! e hatisoa ka tse 87—ka sebele limakasine tsena li ajoa lichabeng tsohle. Li ananeloa haholo lefatšeng ka bophara hobane li molemo moeeng le thutong. Ka mohlala, baahi ba ka bang 80 000 ba Kiribati, e leng sehlopha sa lihlekehleke tsa Leoatle la Pacific, ba bua Segilberte. Morao tjena Lipaki tsa sebakeng seo, tseo palo ea tsona e sa fihleng ho 100, ka mafolofolo li ’nile tsa aba limakasine tse ka bang 20 Paki ka ’ngoe khoeli le khoeli. Bahoeletsi ba Bulgaria ba 1 200 ba ile ba aba limakasine tse fetang 100 000 ka April 2002.

Ha ho pelaelo hore Jehova o hlomella batho ba hae ho etsa mosebetsi oo a ba laetseng ho o etsa. Mosebetsi oo o etsoa ka lipuo tse ngata lefatšeng lohle.—Bafil. 4:20.

Ho Neheloa ha Makala

Selemong sa tšebeletso sa 2002, ho ile ha neheloa lekala sehlekehlekeng se setle sa Caribbean sa Trinidad. Mehaho ea lekala leo e ile ea neheloa ho Jehova ka 1985, empa ho tloha ka nako eo ho bile le keketseho ea 94 lekholong ea bahoeletsi Trinidad. Ka lebaka leo, mehaho ea lekala e ile ea tlameha ho nchafatsoa le ho atolosoa ka o fetang oa pele habeli. Hona joale lekala lena le se le e-na le mehaho ea bolulo, liofisi, laebrari, sebaka sa ho amohela baeti, kamore ea ho jela le kichine. Holo ea ’Muso e mohahong oo le eona e ile ea nchafatsoa le ho atolosoa. Sena sohle se ile sa etsoa ke baithaopi ba sebakeng seo.

Ka la 29 September, 2001, baeti ba 220 ba tsoang linaheng tse 14 hammoho le bara le barali babo rōna ba sebakeng seo ba 695 ba ile ba bokana bakeng sa nehelo. Ba ile ba mamela litlaleho tse hlasimollang tse mabapi le histori ea mosebetsi oa puso ea Molimo, ho akarelletsa le karolo eo Evander J. Coward le William R. Brown ba e phethileng. Baromuoa ba bangata ba linaheng tse ling, ho akarelletsa le morali’abo rōna ea lilemo li 88 eo e sa ntseng e le pula-maliboho oa kamehla, ba ile ba pheta liphihlelo tse amang maikutlo mabapi le tšebeletso ea bona Trinidad ea lilemong tse 50 tse fetileng.

Stephen Lett oa Sehlopha se Busang o ile a fana ka puo ea nehelo. Ha a tšohla sehlooho se reng “Ho Ananela Matlo a Jehova a Borapeli a Nakong e Fetileng le a Hona Joale,” o ile a hatisa hore hase matlo a rapelang Jehova empa ke batho. Ka lebaka leo, Mor’abo rōna Lett ka lerato o ile a khothalletsa barab’abo rōna hore e be barapeli ba nang le kananelo ka kutlo le boitšoaro ba bona.

Letsatsing le latelang ho ile ha tšoaroa seboka se khethehileng motseng oa Port of Spain bakeng sa ba sa khonang ho ba teng lenaneong la nehelo. Ho ile ha e-ba le ba fetang 13 000. Sehlekehlekeng se haufi sa Tobago, lenaneo lena le ile la mameloa ke barab’abo rōna ba fetang 300 ka khokahano ea thelefono. Mor’abo rōna Lett o ile a fana ka puo e reng “Sireletsa Kamano ea Hao le Jehova ka ho Hlaolela Boikokobetso.” Bohle ba neng ba le teng ba ne ba ‘thabetse’ ho neheloa ha mehaho ena e atolositsoeng ea lekala.—Deut. 16:15.

Morao tjena, ho ile ha boela ha atolosoa lekala la Czech Republic. Samuel F. Herd oa Sehlopha se Busang o ile a ea moo ho ea nehela mohaho oa Bethele, karolo e atolositsoeng le Liholo Tsa Kopano tse peli. Lenaneo la nehelo le bile ka Moqebelo oa la 4 May, 2002, ’me ho ne ho e-na le batho ba 2 125 ba neng ba mametse puo ea Mor’abo rōna Herd. Letsatsing le latelang ho ile ha e-ba le seboka se khethehileng, ’me ba 5 286 ba mamela puo e hahang ea Mor’abo rōna Herd e nang le sehlooho se reng “Ho ba Matla—Ho se Khathale.” Lenaneo lena le ile la khothatsa barab’abo rōna ba Czech Republic haholo.

Lefatšeng ka bophara, ho na le basebeletsi ba inehetseng ba 19 823 ba sebetsang mehahong e joalo ea lekala. Kaofela ke litho tsa Sehlopha sa Lefatše Lohle sa Bahlanka ba Khethehileng ba Nako e Tletseng ba Lipaki Tsa Jehova.

[Chate/Litšoantšo tse leqepheng la 12, 13]

TSE LING TSA LIKETSAHALO TSA SELEMO SA TŠEBELETSO SA 2002

La 1 September, 2001

La 11 September: World Trade Center ea ripitloa.

La 29 September: Lekala la Trinidad lea neheloa.

La 20 November: Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso sea qalisa.

La 1 January, 2002

La 17 January: Ho foqoha seretse se chesang Congo.

La 4 April: Nyeoe ea Moscow ea hore Lipaki Tsa Jehova li thibeloe e chechisetsoa morao.

La 1 May, 2002

La 4 May: Lekala la Czech Republic lea neheloa.

La 9 May: Ho buloa lejoe la sehopotso sa Lipaki tse ileng tsa hlokofatsoa kampong ea mehleng ea mahloriso ea Bonazi.

La 17 June: Lekhotla le ka Holimo-limo la United States le tšehetsa tokelo ea ho bolela ka ntlo le ntlo ho sa hlokahale hore motho a batle tumello pele.

La 31 August, 2002

La 31 August: Bahoeletsi ba 6 304 645 linaheng tse 234.

[Litšoantšo tse leqepheng la 11]

Ka holimo: Ha bara le barali babo rōna ba talimane le likoluoa tse kang tsena, ba bontša lerato le kang la Kreste

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Ka tlaase: Holo ena ea ’Muso e Rwanda e ne e sebelisoa e le kampo ea baphaphathehi

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Komiti ea Lekala ea United States e sa tsoa thehoa ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: (ba lutseng) John Kikot, Max Larson, George Couch, Maxwell Lloyd; (ba emeng) Baltasar Perla, Harold Corkern, Leon Weaver, William Van De Wall, John Larson le Ralph Walls

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

“Phetolelo ea Lefatše le Lecha” ka Seafrikanse

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

“Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?” ka Senavajo

[Setšoantšo se leqepheng la 28, 29]

Baeti ba tsoang linaheng tse 14 ba ile ba ikopanya le bara le barali babo rōna ha ho neheloa lekala la Trinidad

[Litšoantšo tse leqepheng la 29]

Barab’abo rōna ba Czech Republic ba ile ba thabela ho neheloa ha mohaho oa Bethele, karolo e atolositsoeng le Liholo Tsa Kopano tse peli

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela