Liketso Tsa Lipaki Tsa Jehova Mehleng ea Kajeno
Tahiti
Lihlekehleke tsa French Polynesia, tse akarelletsang Tahiti, ke tse ling tse ntle ka ho fetisisa lefatšeng. Liroki le bangoli ba ’nile ba li hlalosa e le paradeise. Empa ho na le paradeise e ntle le ho feta lihlekehlekeng tsena tse nyenyane tsa Pacific tse hlollang ka botle. Bala kamoo paradeise ena ea bohlokoa le ho feta e qalileng kateng le kamoo e tsoelang pele ho hlahisa litholoana tse ngata kateng thorisong ea Jehova.
Guyana
Lebitso Guyana le bolela “Naha ea Metsi a Mangata.” Lebitso lena le loketseng le bonahatsoa ke linōka tse khōlōhali tse tsoelipanang le naha eo, tseo tse ngata tsa tsona li sebeletsang e le litsela tse khōlō ho kenella hare metseng le litoropong. Bala kamoo Lipaki Tsa Jehova li sebelisitseng liketsoana le likepe kateng ho tataisa baahi ba thahasellisang bao e bileng e leng ba merabe e mengata ba naha ena, eo e leng eona feela e buang Senyesemane Amerika Boroa, ho ba lebisa ‘metsing a phelang.’—Joh. 4:10.
Iceland
Ke naha e ntle haholo, e ho elella ka boroa ho Arctic Circle, hōle le libaka tse chesang tse mongobo. Naha ena e matsutla-tsutla e khabile ka liqubu tsa leqhoa, libaka tse hlahisitsoeng ke ho foqoha ha seretse se chesang le lithaba. Empa botle bo fetang boo ke ba batho ba sebeletsang Jehova. Tlalehong ena, u tla ithuta kamoo bahlanka ba Molimo ba fetang tlas’a maemo a thata kateng e le hore ba bolelle ba bang ’nete ea Bibele.