Liketso Tsa Lipaki Tsa Jehova Mehleng ea Kajeno
Papua New Guinea
Litaba tse molemo li boletsoe tlas’a maemo a thata haholo naheng ena e chesang e mongobo. Ke naha e nang le meru e teteaneng, mekhoabo e meholo le lithaba tse matsutla-tsutla. Naheng ena ho na le batho ba merabe e fetang sekete, ’me ba bua lipuo tse fetang 800. Ha u bala tlaleho ena u tla bona kamoo barab’abo rōna ba sebete ba ileng ba hlōla mathata ana e le hore ba rute batho ba bang ’nete ea Bibele. Hape, u tla bala ka boikemisetso ba barapeli-’moho le uena ba ileng ba lahla litumela-khoela le lineano tseo e seng tsa Mangolo e le hore e be bahlanka ba Jehova ba tšepahalang u be u bale kamoo ba bileng sebete kateng. Ka sebele tlaleho ena e tla matlafatsa tumelo ea hao.
Estonia
Tlaleho ena e monate e bua ka bara le baralib’abo rōna ba sebetsang ka thata ba ileng ba tsoela pele ka mosebetsi oa ’Muso har’a mahloriso a sehlōhō. U tla utloa hore na “koloi ea ’Muso o leholimong” e ne e le eng le hore na ofisiri ea mapolesa e ile ea ithoba letsoho joang ofising ea lekala. U tla bona kamoo barab’abo rōna ba neng ba iketsetsa mechine ea khatiso le enke kateng. U tla tseba kamoo bahlanka ba Jehova ba ikokobelitseng ba ileng ba tiisetsa kateng leeto la libeke tse peli la terene le kamoo ba ileng ba mamella kateng boemo ba leholimo bo boima ba Siberia. Ha u ntse u bala u tla bona hore na ke hobane’ng ha morali e mong oabo rōna a ile a re, “Ho ne ho le molemo ha ke koaletsoe ke le mong.” Ha ho pelaelo hore ke tlaleho e hlollang ea kamoo bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba Estonia ba bontšitseng botšepehi, sebete le mahlahahlaha kateng.