Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb13 maq. 174-177
  • Lilemong Tse Lekholo Tse Fetileng—1913

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lilemong Tse Lekholo Tse Fetileng—1913
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lilemong Tse Lekholo Tse Fetileng—1914
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2014
  • Tumelo ea Bokreste e Tla Lekoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Mekhoa ea ho Paka​—Ho Sebelisa Mokhoa o Mong le o Mong ho Finyella Batho
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • Tsoelo-pele le Khōlo ea Tsona Kajeno
    Lipaki Tsa Jehova—Ke Bo-mang? Li Lumela Eng?
Bala Tse Ling
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2013
yb13 maq. 174-177
[Setšoantšo se maqepheng a 174, 175]

Lilemong Tse Lekholo Tse Fetileng—1913

Molula-Qhooa oa January 1, 1913, o ile oa qotsa mantsoe a tsebahalang a moqolotsi e mong oa litaba, e leng Herbert Kaufman ea ileng a re: “Polelo e reng ‘ntho e ke ke ea etsahala’ e siiloe ke nako . . . Hoo e ka bang ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo motho a ’nileng a e nahana e ea etsahala kajeno.” Mathoasong a selemo sa 1913 batho ba ne ba e-na le tšepo ea bokamoso bo khanyang.

[Setšoantšo se leqepheng la 174]

Lebaka le leng le ileng la etsa hore ba be le tšepo joalo, ke hore ho ne ho e-na le tsoelo-pele theknolojing. Ka mohlala naheng ea United States, K’hamphani ea Ford Motor e ile ea bula fektheri e ncha Highland Park, Michigan. Ka ho panya ha leihlo theko ea likoloi e ile ea theoha ka sekhahla, ’me seo sa bula monyetla oa hore batho ba limilione ba be le likoloi. Ke’ng se ileng sa theola theko ea likoloi? Fektheri ena e ncha e ne e e-na le mechine e kopanyang likoloi. Mechine ena e ile ea nolofalletsa K’hamphani ea Ford ho kopanya koloi e tsebahalang ea Model T ka nako e khutšoanyane, e leng se ileng sa theola theko ea eona.

Batho ba Jehova le bona ba ne ba e-na le tšepo ea bokamoso bo khanyang le hoja e le ka mabaka a fapaneng. E ne e le khale Liithuti Tsa Bibele li boletse hore 1914 e tla ba selemo se ikhethang historing ea batho, ’me ba se lebeletse ka tjantjello. Ho cheseha ha bona tšebeletsong ho ile ha bontša hore ba tiisitse ha selemo seo se ntse se atamela.

[Chate e leqepheng la 177]

Poskarete: Leeto la Moruti Russell ha a Haola le K’honthinente

Ka June 1913 ho ile ha tšoaroa likopano tsa letsatsi Kansas City, Missouri, U.S.A. Libekeng tse ’nè tse latelang, bara le barali babo rōna ba fetang 200 ba thabileng ba ile ba kena tereneng e hiriloeng, ’me ba haola le karolo e ka bophirimela ea United States le Canada. Batho ba qalang ho tla kopanong, ba ile ba fuoa monyetla oa ho kōpa boitsebiso bo eketsehileng. Ba likete ba ile ba arabela, ’me hamorao Liithuti Tsa Bibele tsa ikopanya le ba thahasellang.

Ka 1913 basebetsi ba ntlo-khōlō Brooklyn ba ne ba phathahane ka ho hlahisa “Photo-Drama of Creation.” E ne e le lenaneo le nkang lihora tse robeli la lipuo tse rekotiloeng tsa Bibele le ’mino o tsamaisanang le li-slide tsa ’mala hammoho le filimi. Liithuti Tsa Bibele li ne li tšepa hore “Photo-Drama” e tla sebelisetsoa ho finyella batho ba limilione ba thahasellang. Le hoja ka nako eo ho ne ho e-na le baboleli ba litaba tse molemo ba ka bang 5 100 feela, li ile tsa re morero oa tsona ke hore “e phatlalatsoe kahohle kamoo ho ka khonehang lefatšeng lohle.”

Ho ne ho tla etsahala’ng ka 1914? Batho ba ne ba tla ikutloa joang ka “Photo-Drama”? Hona ho ne ho tla etsahala’ng qetellong ea selemo seo, ha Mehla ea Balichaba e fela? Liithuti Tsa Bibele li ile tsa letela likarabo tsa lipotso tseo ka tjantjello, li kholisehile hore Jehova o tla li tšehetsa.

Ntoa e Khōlō eo hamorao e ileng ea bitsoa Ntoa ea I ea Lefatše e neng e ntse e atamela, e ile ea felisa tšepo eo batho ba neng ba e-na le eona ea bokamoso bo khanyang. Tsoelo-pele ea theknoloji e ne e ke ke ea lokisa mathata ao batho ba tobanang le ’ona. Selemo se hlahlamang se ne se tla tlisetsa Liithuti Tsa Bibele le lefatše lohle liphetoho tse khōlō.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela