Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb14 maq. 26-35
  • Tlaleho ea Molao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlaleho ea Molao
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlaleho ea Litaba Tsa Molao
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2015
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2013
  • Tlaleho ea Litaba Tsa Molao
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2016
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2012
Bala Tse Ling
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2014
yb14 maq. 26-35

LINTLHA TSA SEHLOOHO TSA SELEMO SE FETILENG

Tlaleho ea Litaba Tsa Molao

Moapostola Pauluse o ile a phehella Bakreste a re: “Lulang le hopotse ba litlamong tsa chankana joalokaha eka le tlamiloe le bona.” (Baheb. 13:3) Re le bahlanka ba Jehova, re lula re hopola bara le barali babo rōna ba tšepahalang ’me re rapella “bohle ba boemong bo phahameng; e le hore re ka tsoela pele re phela bophelo bo khutsitseng le bo thōtseng ka boinehelo bo feletseng ba bomolimo le ho nka lintho ka botebo bo feletseng.”—1 Tim. 2:1, 2; Baef. 6:18.

Linyeoe tse latelang ke tse ling tseo Lipaki Tsa Jehova li ’nileng tsa sebetsana le tsona selemong se fetileng:

Barab’abo rōna ba Russia ba tsoela pele “ba sa khaotse ho ruta le ho bolela litaba tse molemo” ho sa tsotellehe ’momori oa Kereke ea Orthodox le batho ba bang ba boholong oa ho thibela mosebetsi oa rōna. (Lik. 5:42) ’Muso oa Russia o tsoela pele ho thibela lingoliloeng tsa rōna le mosebetsi oa barab’abo rōna, o sebelisa molao o sa utloahaleng oo o iketselitseng oona oa ho thibela bokhukhuni. Kahoo, makhotla a Russia a phatlalalitse hore lingoliloeng tsa rōna tse ka bang 70 li na le puo ea “lingangele” ’me ba boholong ’musong ba kentse lingoliloeng tsena lethathamong la naha la lingoliloeng tse thibetsoeng tsa lingangele. Ka lebaka la monahano ona oa hore lingoliloeng tsa rōna li kotsi, ba bang ba boholong ba hlasela Liholo Tsa ’Muso le mahae a barab’abo rōna ka morero oa ho fumana lingoliloeng tsena. Ha Lipaki li le tšimong mapolesa aa li tšoara, a li nke litšoantšo a be a hatise menoana ea tsona. Hangata a leka ho tšosa barab’abo rōna ha ba le setokising.

Ho tloha ka May 2013, bara le barali babo rōna ba 16 ba motseng oa Taganrog ba ile ba qosoa ka ho hlophisa liboka, ho kopanela ho tsona le ho bolela litaba tse molemo. Haesale Soviet Union e oa, lena ke lekhetlo la pele leo ka lona Lipaki li ileng tsa qosoa ka tlōlo ea molao ha li etsa mesebetsi e amanang le borapeli. Libakeng tse ling tsa Russia ba boholong ba leka ho susumelletsa makhotla hore a phatlalatse hore lingoliloeng tsa rōna ke tsa “lingangele” le hore a qose barab’abo rōna ka hore ke batlōli ba molao ba molato oa lehloeo la bolumeli.

Boemo ba bara le barali babo rōna ba Eritrea ha bo e-s’o fetohe. Ka July 2013, ho ne ho ntse ho e-na le ba 52 ba koaletsoeng teronkong, ho akarelletsa le barab’abo rōna ba robeli ba ka bang lilemo li 70, hammoho le baralib’abo rōna ba tšeletseng. Barab’abo rōna ba bararo, e leng Paulos Eyassu, Isaac Mogos le Negede Teklemariam, ba bile teronkong ho tloha ka la 24 September, 1994, ka lebaka la ho se tšehetse sesole.

Ba ka holimo ho halofo ba koaletsoe teronkong ea Meiter e lehoatateng le ka leboea ho motse-moholo, Asmara. Ho tloha ka October 2011 ho fihlela ka August 2012, ba boholong ba ile ba hlokofatsa barab’abo rōna ba 25 ka ho ba kenya ka mok’huk’hung oa masenke o tsetetsoeng fatše. Nakong ea lehlabula, balebeli ba ne ba ntša batšoaruoa motšehare e le hore ba se ke ba bolaoa ke mocheso oa mok’huk’hu. Kaha ba ne ba fuoa lijo tse nyenyane le metsi a manyenyane, ba ile ba fokolloa ke bophelo. Ka masoabi, Mor’abo rōna ea lilemo li 68 ea bitsoang Yohannes Haile, o ile a hlokahala ka August 2012 ka lebaka la ho tšoaroa hampe, feela joalokaha Mor’abo rōna Misghina Gebretinsae a ile a hlokahala ka 2011.

Ba Hana ho Tšehetsa Sesole

Tlaleho ena e thehiloe ho Esaia. 2:4 le ho Johanne 18:36..

ARMENIA

Ka la 27 November, 2012 Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho (ECHR) le ile la liha kahlolo e emelang baqosuoa nyeoeng ea Khachatryan and Others v. Armenia. ’Muso o ile oa tlōla molao ha o ahlola Lipaki tse 17 hobane li hanne ho etsa mosebetsi o sa amaneng le sesole empa o laoloa ke sesole. ’Muso oa Armenia o ile oa lefa baqosuoa litšenyehelo tsa nyeoe eo.

Ho sa tsotellehe hore ECHR e ile ea re Khachatryan le Bayatyan ba hlōtse linyeoe khahlanong le ’muso oa Armenia, ’muso oa Armenia o ile oa tsoela pele ho tšoara le ho koalla bacha ba Lipaki ba hanang ho kenela sesole ka lebaka la tumelo ea bona. Leha ho le joalo, ka la 8 June, 2013, ’muso o ile oa etsa liphetoho Molaong oa Tšebeletso eo e Seng ea Sesole, tseo ho bonahalang eka li tla etsa hore sesole se se ke sa hlola se laola tšebeletso eo e seng ea sona. Ka la 12 November, 2013 Lipaki tsohle tse koaletsoeng teronkong hobane li hanne ho ea sesoleng ka lebaka la tumelo ea tsona, li ile tsa lokolloa ’me banna ba Lipaki ba kōpang ho etsa tšebeletso eo e seng ea sesole ba lumelloa ho e etsa.

SOUTH KOREA

Ka la 31 October, 2013, ho ne ho e-na le barab’abo rōna ba 602 ba koaletsoeng teronkong. Ho tloha ka 1950, ba boholong Korea Boroa ba ile ba ahlolela Lipaki Tsa Jehova tse 17 605 ho hlola teronkong lilemo tse 34 184 ka kakaretso kaha li ile tsa hana ho etsa tšebeletso ea sesole ka lebaka la tumelo ea tsona.

Lipaki tse ngata esale li koalloa le linokoane, esita le tse kotsi ka ho fetisisa. Leha ho le joalo, moifo oa barab’abo rōna o ile oa ea ho mookameli oa Lefapha la Korea la Tšokollo ea Batšoaruoa hore a kōpe hore barab’abo rōna ba se ke ba lula le batšoaruoa ba bang. Hang-hang ba boholong teronkong ba ile ba lumella barab’abo rōna ho lula ba le bang, kahoo ka April 2013, bonyane barab’abo rōna ba ka etsang liphesente tse 75 ba ne ba lula ba le bane kapa ba le bahlano ka seleng. Phetoho ee e ile ea ama barab’abo rōna joang?

Mor’abo rōna e mong o ile a re: “Ha re sa le tlas’a tšusumetso ea batho ba itšoereng hampe le ba tala.” E mong o ile a re, “Joale re se re khona ho khothatsana le ho tšoara liboka tse hlano beke le beke.”

Ho sa le joalo, banna ba 56 ba ileng ba lokolloa tšebeletsong ea sesole bao hamorao e ileng ea e-ba Lipaki ba lula ba qosoa, ba lefisoa ba bile ba koalloa ka lebaka la ho hana ho ea koetlisetsoa sesole. Kaha ba bitsoa ka makhetlo a seng makae ka selemo lilemong tse robeli, ho thata hore ba sebetsane le leeme lena.

SINGAPORE

Barab’abo rōna ba 12 ba ahloletsoe likhoeli tse 39 Chankaneng ea Sesole ho sa tsotellehe makhetlo a mangata ao ka ’ona ba kōpileng hore ba etse tšebeletso ea sechaba ho e-na le ho ea sesoleng. Mor’abo rōna e mong o hoehla selemo teronkong hobane a hanne ho etsa mosebetsi o amanang le sesole.

TURKMENISTAN

Barab’abo rōna ba robong ba koaletsoe teronkong ka likhoeli tse 18 ho isa lilemong tse peli hobane ba hanne ho etsa tšebeletso ea sesole ’me balebeli ba teronko le masole ba atisa ho ba shapa habohloko. Ha ba lokolloa, ba boholong ba atisa ho ba qosa hape ka hore ke “batlōli ba molao ba sa bakeng” ebe ba ba tšoara ka thata le ho feta. Babuelli ba barab’abo rōna ba leshome ba hanneng ho etsa tšebeletso ea sesole ba ipilelitse Komiting ea Litokelo Tsa Botho ea Machaba a Kopaneng.

Ba Hana ho ea Meketeng e Bontšang Lerato la Naha Hobane Matsoalo a Bona a sa ba Lumelle

Tlaleho ena e thehiloe ho Daniele 3:16-18.

Tanzania: Ka mor’a hore bacha bana ba Lipaki ba hlōle nyeoe, ba ile ba boela sekolong

TANZANIA

Lekhotla la Boipiletso la Dar es Salaam, e leng lekhotla la Tanzania le phahameng ka ho fetisisa, le ile la lumellana ka hore ha le amohele liketso tsa boto ea sekolo e ileng ea leleka barutoana ba bahlano la behella ba bang ba 122 ka thōko ka lebaka la ho hana ho bina pina ea sechaba. Ka mor’a hore lekhotla le hlokomele hore tumelo ea barutoana bana e tloha botebong ba pelo le ile la phatlalatsa qeto ea lona ka la 12 July, 2013, ha le hlokomela hore molao o lokela ho sireletsa tokelo ea bona ea ho sebelisa matsoalo le ea bolumeli. Boikemisetso ba bacha bana ba ho lula ba tšepahala ho Molimo bo ile ba fella ka tlhōlo e phahamisang lebitso la Jehova le e bileng e etsang hore barab’abo rōna ba Tanzania ba be le bolokolohi ba ho sebeletsa Jehova.

Ba Bua ka Bolokolohi

Tlaleho ena e thehiloe ho Liketso 4:19, 20.

KAZAKHSTAN

Lipatlisiso tseo ho thoeng li entsoe ke litsebi Lefapheng la Litaba Tsa Bolumeli li bontšitse hore lingoliloeng tse ling tsa rōna ke tsa “lingangele,” ebile li khothalletsa likarohano sechabeng le bolumeling. Ka la 6 April, 2013, mapolesa a motse oa Karabalyk a ile a hlasela ntle ho tumello ntlo eo ho neng ho tšoaretsoe liboka ho eona eaba a nka lingoliloeng ka mahahapa. Ka la 3 July, 2013, Lekhotla la Litaba Tsa Moruo la Astana le ile la thibela lingoliloeng tsa rōna tse leshome, kahoo le tsoela pele ho hlahloba le ho thibela lingoliloeng tsa rōna ho kena ka har’a naha. Ho feta moo, ka December 2012, ba boholong ba ile ba qala ho tšoara barab’abo rōna ’me ba ba qosa ka hore ke baevangeli ba seng molaong. Ka la 28 March, 2013, Lekhotla la Litaba Tsa Bolumeli le ile la laela Setsi sa Bolumeli sa Lipaki Tsa Jehova hore se bolelle Lipaki Tsa Jehova tsa Kazakhstan hore ho bolela litaba tse molemo ka ntle ho Liholo Tsa ’Muso ke tlōlo ea molao. Ka July 2013, ba boholong ba ile ba hlahlela linyeoe khahlanong le bara le barali babo rōna ba 21.

Bolokolohi ba ho Bokana

Tlaleho ena e thehiloe ho Baheberu 10:24, 25.

AZERBAIJAN

Ka January 2010 Komiti ea Naha e Sebetsanang le Mekhatlo ea Bolumeli e ile ea hana ho ngolisa Lipaki Tsa Jehova hape hobane e re li entse liphoso ha li etsa kōpo ea hore li boele li ngolisoe ka molao. Le hoja Lipaki Tsa Jehova li lekile ho lokisa liphoso tsena ka makhetlo, ba boholong ba ntse ba hana ho li ngolisa. Ka la 31 July, 2012, barab’abo rōna ba ile ba isa nyeoe ena lekhotleng la ECHR, ba re ’muso o hataketse tokelo ea bona ea borapeli ka ho hana ntle ho mabaka hore mokhatlo oa bona o boele o ngolisoe. Kahoo barab’abo rōna ba ke ke ba fumana melemo e fumanoang ke malumeli a ngolisitsoeng ka molao.

Bolokolohi le Tšireletseho ea Batho le Thepa

Tlaleho ena e thehiloe ho Bafilipi 1:7.

UKRAINE

Le hoja Lipaki li lokolohile borapeling Ukraine, lia shapuoa, li chesetsoa thepa, Liholo Tsa ’Muso lia senngoa, ’me ba boholong ha ba etse lipatlisiso ebile ha ba ahlole batlōli ba molao. Ha ho makatse hore ebe batlōli bana ba molao ba iketsetsa borata kaha baa tseba hore ba ke ke ba ahloloa. Kahoo, ka 2012 le 2013 barab’abo rōna ba ile ba hlaseloa ka ho eketsehileng. Ka 2010 liketsahalo tsa tšenyo tse tlalehiloeng li ne li le 5, ka 2011 tsa ba 15, ka 2012 tsa ba 50 ’me likhoeling tse hlano tse qalang tsa 2013 li ne li le 23. Ofisi ea lekala ea Ukraine e isa litlōlo tsena tsa molao Komiting ea Litokelo Tsa Botho ea Machaba a Kopaneng.

Ukraine: Barab’abo rōna ba lokisetsa ho tsosolosa Holo ena ea ’Muso e ileng ea senngoa ea ba ea chesoa

Tokelo ea ho Iketsetsa Liqeto

Tlaleho ena e thehiloe ho Liketso 5:29 le Liketso 15:28, 29.

ARGENTINA

Ka 2012, Pablo Albarracini, ea neng a le haufi le moo masholu a neng a leka ho utsoa ka likhoka, o ile a thunngoa ka makhetlo ’me a potlakisetsoa sepetlele a ile le mailiili. O ne a ile a tlatsa foromo ea durable power of attorney e bontšang hore o hana phekolo e amanang le mali. Le hoja sepetlele se ne se ikemiselitse ho hlompha qeto ea hae e hlakileng, setho sa lelapa seo e seng Paki se ile sa leka ho fumana taelo ea lekhotla ea hore Mor’abo rōna Albarracini a tšeloe mali, se re ho hlokahala hore a tšeloe mali ho pholosa bophelo ba hae. Leha ho le joalo, Lekhotla le ka Holimo-limo la Argentina le ile la liha kahlolo e emelang Mor’abo rōna Albarracini, mabapi le tokelo ea hore a phekoloe joang esita leha a ile le mailiili. Ha aa ka a tšeloa mali ’me o ile a hlaphoheloa ka ho feletseng. O ile a leboha Jehova ha a mo thusitse hore a tšepahale tabeng ena ea bohlokoa.

Ba Khetholloa ka Lebaka la Bolumeli

Tlaleho ena e thehiloe ho Luka 21:12-17.

KYRGYZSTAN

Ka la 16 April, 2013, lekhotla le ile la liha kahlolo e emelang barab’abo rōna ba Toktogul, moo baahi ba ileng ba senya Holo ea ’Muso ka makhetlo a mabeli. Lekhotla le ile la ahlola batlōli bao ba molao ’me la laela hore ba lefe tšenyo eo ba e bakileng. Nyeoe ea bahlohlelletsi ba tlhaselo ea pele e ntse e tsoela pele, e leng se fanang ka tšepo ea hore mathata a tla fela sebakeng seo. Liphutheho li tla tsosolosa Holo eo ea ’Muso.

Kyrgyzstan: Holo ena ea ’Muso e ile ea senngoa ke baahi ka makhetlo a mabeli

Linyeoe Tse Hlōtsoeng ka Tsela e Hlollang

  1. Bothata: Na sehlopha sa bolumeli se lokela ho fumana tumello pele se tšoara likopano kapa liboka?

    Qeto: Ka la 5 December, 2012 Lekhotla la Molao-motheo la Russia le ile la re ho latela Molao-motheo oa Russia, malumeli a lokela ho ba le bolokolohi ’me la etsa qeto ea hore barab’abo rōna ba ka tšoara liboka le haeba ba sa fumana tumello kapa ba sa tsebisa ba boholong.

  2. Bothata: Na baahi ba na le tokelo ea hore boitsebiso ba bona ba tsa bophelo bo bolokoe e le lekunutu? Boitsebiso bo eketsehileng: Ka 2007 motlatsi oa mochochisi toropong ea St. Petersburg, Russia, o ile a laela hore libaka tsohle tsa phekolo li romele litlaleho tsa bakuli bohle ba Lipaki Tsa Jehova ba hanang ho tšela mali empa li se ke tsa ba tsebisa. Ka lebaka la ho hlōleha ha makhotla a Russia ho etsa lintho tumellanong le molao oa litokelo tsa bakuli, barab’abo rōna ba ile ba ipiletsa Lekhotleng la Europe la Litokelo Tsa Botho (ECHR).

    Qeto: Ka la 6 June, 2013 ECHR e ile ea etsa qeto ea hore taelo ea mochochisi ha e lumellane le molao oa litokelo tsa bakuli ’me ea re ha ho na “mabaka a utloahalang” a hore boitsebiso ba lekunutu ba bakuli bo fuoe basebeletsi ba sechaba. Qeto eo e ile ea fihleloa ka la 7 October ha Moifo o Moholo oa ECHR o ne o hana kōpo ea Russia.—Avilkina and Others v. Russia.

Tse Ncha Linyeoeng Tse Hlahileng Bukeng ea Selemo se Fetileng

Ka la 5 July, 2012, ECHR e ile ea laela ’muso oa Fora hore o patale chelete ea lekhetho eo o neng o e lefisitse Lipaki Tsa Jehova tsa Fora ntle ho molao. ’Muso o khutlisitse chelete eo o e lefisitseng mokhatlo, hammoho le tsoala ea eona le litšenyehelo tsa nyeoe ebile o ke ke oa hlola o e-ba le matla a ho rekisa mehaho ea lekala.—Buka ea Selemo ea 2013, leqepheng la 34.

Lipaki Tsa Jehova tsa India li ntse li hanyetsoa likarolong tse fapaneng tsa India. Leha ho le joalo, ho fapana le nakong e fetileng ha li e-s’o ka li koalloa teronkong kapa ho qosoa ka bohata. Hona joale ho sa ntse ho e-na le linyeoe tse 20 tse lokelang ho lokisa liketselletso tse neng li entsoe khahlanong le barab’abo rōna.—Buka ea Selemo ea 2013, leqepheng la 35.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela