Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w16 March maq. 24-28
  • Jehova o Tataisa Batho ba Hae ho ba Lebisa Bophelong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Tataisa Batho ba Hae ho ba Lebisa Bophelong
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HAESALE JEHOVA A TATAISA BATHO BA HAE
  • SECHABA SE SECHA SE FUOA LITAELO TSE NCHA
  • LITAELO TSE FUOENG ISERAELE EA MOLIMO
  • LITAELO TSE RE TATAISANG HONA JOALE LE TSA NAKONG E TLANG
  • Molao oa Kreste
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Jehova o Batla Eng ho Rōna Kajeno?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Molao Pele ho Kreste
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Molao oa Lerato o Ngotsoeng Lipelong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
w16 March maq. 24-28
Banyalani ba ka koloing ba eme pel’a letšoao le mateanong a seporo

Jehova o Tataisa Batho ba Hae ho ba Lebisa Bophelong

“Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona.”—ESAIA 30:21.

LIPINA: 65, 48

U KA ARABA JOANG?

  • Jehova o ile a fa Noe le Moshe litaelo life?

  • Molimo o file Bakreste litaelo life tse ncha?

  • Re ka bontša joang hore re hloka ho tataisoa ke Molimo?

1, 2. (a) Batho ba bangata ba pholositsoe ke temoso efe? (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Molimo o etsa’ng ho thusa batho ba hae hore ba pholohe?

“EMA, SHEBA, MAMELA.” Ho se ho fetile lilemo tse fetang lekholo, mantsoe ana a hlaha libotong tse khōlō tse mateanong a seporo, Amerika Leboea. A ne a ngotsoe ka sepheo sefe? Sa ho thusa bakhanni hore ba se ke ba thuloa ke terene. Ho ela hloko matšoao ana ho pholositse ba bangata.

2 Jehova ha a re fe matšoao a re lemosang feela. O re tataisetsa bophelong bo sa feleng ebile o re qobisa likotsi. Jehova o tšoana le molisa ea lerato ea tataisang linku tsa hae le ho li qobisa maemo a kotsi.—Bala Esaia 30:20, 21.

HAESALE JEHOVA A TATAISA BATHO BA HAE

3. Ho tlile joang hore batho bohle ba tjameloe ke lefu?

3 Haesale ho tloha tšimolohong, Jehova a fa batho ba hae litaelo tse tobileng. Ka mohlala, serapeng sa Edene, Jehova o ile a fa batho litaelo tse hlakileng tse neng li tla ba nolofalletsa ho phela ka ho sa feleng ba thabile. (Genese 2:15-17) Empa Adama le Eva ha baa ka ba mamela litaelo tseo ba li fuoeng ke Ntate oa bona ea lerato. Eva o ile a mamela noha ’me Adama eena a mamela mosali oa hae. Phello ea see e bile efe? Ba ile ba apareloa ke masoabi, ’me ba shoa ba se na tšepo ea tsoho. Ka lebaka la ho se mamele ha bona, batho bohle ba ile ba futsa ho se phethahale, kahoo ba tjameloa ke lefu.

4. (a) Ke hobane’ng ha ho ile ha hlokahala hore Molimo a fane ka taelo e ncha ka mor’a Moroallo? (b) Taelo e ncha eo Molimo a ileng a fana ka eona e bontša’ng?

4 Molimo o ile a fa Noe litaelo tse re tsoelang molemo. Ka mor’a Moroallo, Jehova o ile a laela batho hore ba se ke ba ja mali kapa ba a noa. Hobane’ng? Jehova o ne a le mothating oa ho ba lumella hore ba je nama. Kaha maemo a ne a fetohile, o ile a ba fa tataiso e ncha, a re: “Ke feela nama e nang le moea oa eona—mali a eona—eo le ke keng la e ja.” (Genese 9:1-4) Taelo ena e re bontša hore na Molimo o ikutloa joang ka bophelo, kaha bo tsoa ho eena. Ke ’Mōpi oa rōna, kahoo o na le matla a ho re bolella hore na re phele joang. Ka mohlala, o fane ka taelo ea hore batho ba se ke ba bolaeana. Molimo o nka bophelo le mali a halalela, ’me o tla fana ka kotlo ho motho leha e le ofe ea a sebelisang hampe.—Genese 9:5, 6.

5. Re tl’o tšohla eng, hona hobane’ng?

5 Molimo o ile a tsoela pele ho tataisa batho ba hae le ka mor’a mehla ea Noe. Sehloohong sena, re tl’o tšohla mehlala e seng mekae e bontšang kamoo a ’nileng a ba tataisa kateng. Ho e hlahloba ho tla matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho latela tataiso ea Jehova ho ea kena lefatšeng le lecha.

SECHABA SE SECHA SE FUOA LITAELO TSE NCHA

6. Ke hobane’ng ha Baiseraele ba ne ba lokela ho mamela melao eo Molimo a ba fileng eona ka Moshe, hona ba ile ba etsa’ng?

6 Mehleng ea Moshe, Jehova o ile a fa batho ba hae litaelo tse hlakileng tsa hore na ba itšoare le ho mo rapela joang. Hobane’ng? Maemo a ne a boetse a fetohile. Baiseraele ba ne ba qetile lilemo tse fetang 200 e le makhoba Egepeta, moo ba neng ba pota-potiloe ke batho ba rapelang balimo le litšoantšo le ba etsang lintho tse ling tse ngata tse hlomphollang Molimo. Ha batho ba Molimo ba lokolloa bokhobeng Egepeta, ba ne ba hloka litaelo tse ncha. Ba ne ba lokela ho latela Molao oa Jehova feela. Libuka tse ling tse hlalosang mantsoe li re lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “molao” le tsamaisana le lentsoe le bolelang “ho tataisa, ho laea, kapa ho rupela.” Molao o ne o sireletsa Baiseraele boitšoarong bo bobe le bolumeling ba bohata ba lichaba tse ba potolohileng. Ha Baiseraele ba ne ba mamela, Molimo o ne a ba hlohonolofatsa. Ha ba ne ba sa mo mamele, lintho li ne li ba tsamaela hampe.—Bala Deuteronoma 28:1, 2, 15.

7. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a fa Baiseraele litaelo? (b) Ke joang Molao e bileng motataisi ho Baiseraele?

7 Ho boetse ho na le mabaka a mang a neng a etsa hore Baiseraele ba hloke litaelo tse ncha. Molao o ne o ba lokisetsa ketsahalo ea bohlokoa morerong oa Jehova, e leng ho tla ha Mesia, Jesu Kreste. Molao o ne o hopotsa Baiseraele hore ha baa phethahala. O ne o boetse o ba thusa ho lemoha hore ba hloka thekollo, e leng sehlabelo se phethahetseng se neng se tla tlosa libe tsa bona ka ho feletseng. (Bagalata 3:19; Baheberu 10:1-10) Ho feta moo, Molao o ne o sireletsa lesika la Mesia ebile o thusa Baiseraele hore ba tle ba mo lemohe ha a fihla. Ha e le hantle, Molao e ne e le “motataisi” oa nakoana, ea ba lebisang ho Kreste.—Bagalata 3:23, 24.

8. Ke hobane’ng ha re lokela ho tataisoa ke melao-motheo e Molaong oa Moshe?

8 Le rōna re rua molemo litaelong tseo Jehova a faneng ka tsona Molaong. Ka tsela efe? Re ka ema ’me ra sheba melao-motheo eo re ithutang eona Molaong oo. Le hoja re se re se tlas’a melao eo, re ntse re ka itšetleha ka eona hore e re tataise bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi le ha re sebeletsa Jehova. O e tlalehile ka Bibeleng e le hore re ithute eona, re tataisoe ke melao-motheo ea eona le hore re lemohe hore Jesu o re thusitse ho hlakeloa ke seo Molao o neng o le sona. Mamela seo Jesu a ileng a se bua: “Le utloile hore ho itsoe, ‘U se ke ua feba.’ Empa ke re ho lōna e mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae.” Ha e le hantle, ha rea lokela ho qoba bofebe feela, empa re boetse re lokela ho hanela menahano e fosahetseng le litakatso tse litšila.—Matheu 5:27, 28.

9. Ke liphetoho life tse bileng teng tse ileng tsa etsa hore ho hlokahale hore Molimo a fane ka litaelo tse ncha?

9 Ka mor’a hore Jesu e be Mesia, Jehova o ile a fana ka litaelo tse ling tse ncha ’me a senola morero oa hae ka ho eketsehileng. Hobane’ng? Ka selemo sa 33, Jehova o ile a lahla sechaba sa Iseraele ’me a khetha phutheho ea Bokreste hore e be batho ba hae. Kahoo, maemo a batho ba Molimo a ile a boela a fetoha.

LITAELO TSE FUOENG ISERAELE EA MOLIMO

10. Ke hobane’ng ha phutheho ea Bokreste e ile ea fuoa litaelo tse ncha, hona li ne li fapane joang le tse neng li fuoe Baiseraele?

10 Jehova o ne a file Baiseraele Molao oa Moshe o ba bontšang kamoo ba neng ba lokela ho itšoara le ho mo rapela kateng. Mehleng ea baapostola, batho ba Molimo e ne e se e se sechaba se le seng, empa e ne e le batho ba tsoang litsong tse fapaneng, ’me ba bitsoa Iseraele ea Molimo. Ba ne ba etsa phutheho ea Bokreste ’me ba le tlas’a selekane se secha. Jehova o ile a ba fa litaelo tse ncha tsa kamoo ba lokelang ho itšoara le ho mo rapela kateng. Ha e le hantle, “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” (Liketso 10:34, 35) Bakreste ba ne ba latela “molao oa Kreste,” oo melao-motheo ea oona e ngotsoeng lipelong tsa bona, eseng lejoeng. Molao ona o ne o tla tataisa Bakreste le ho ba ruisa molemo hohle moo ba lulang teng.—Bagalata 6:2.

11. “Molao oa Kreste” o ama likarolo life tse peli tsa bophelo ba rōna?

11 Iseraele ea Molimo e ile ea rua molemo haholo ka hore Jehova a sebelise Jesu ho e tataisa. Nakoana pele Jesu a etsa selekane se secha le balateli ba hae, o ile a ba fa litaelo tse peli tsa bohlokoa. Ea pele e ne e le mabapi le mosebetsi oa boboleli. Ea bobeli e le mabapi le kamoo Bakreste ba lokelang ho itšoara le ho sebelisana le ba bang kateng. Litaelo tsena li fuoe Bakreste bohle, kahoo le rōna kajeno lia re ama, ebang re na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng leholimong kapa lefatšeng.

12. Hlalosa hore na mosebetsi oa boboleli o qalile joang.

12 Nakong e fetileng, batho ba lichaba tse ling ba ne ba lokela ho ea ho Baiseraele e le hore ba sebeletse Jehova. (1 Marena 8:41-43) Empa Jesu o ile a fana ka taelo ena e tlalehiloeng ho Matheu 28:19, 20. (E bale.) Moo Jesu o re barutuoa ba hae ‘ba ee’ ho batho bohle. Ka Pentekonta ea selemo sa 33, Jehova o ile a bontša hore o batla hore litaba tse molemo li boleloe lefatšeng lohle. Letsatsing leo, litho tse ka bang 120 tsa phutheho e ncha li ile tsa tšolleloa moea o halalelang, ’me tsa qala ho pakela Bajuda le basokolohi ka lipuo tse sa tšoaneng. (Liketso 2:4-11) Ka mor’a moo, tšimo e ile ea atolosoa hore e akarelletse le Basamaria. Joale ka selemo sa 36, ea atolosoa le ho feta hore e kenyelletse le Balichaba ba sa bollang. Seo se ne se bolela hore Bakreste ba lokela ho pakela batho bohle!

13, 14. (a) “Taelo e ncha” eo Jesu a faneng ka eona e akarelletsa eng? (b) Re ithuta’ng mohlaleng oo Jesu a re behetseng oona?

13 Jesu o ile a boela a fana ka “taelo e ncha” ea kamoo re lokelang ho tšoara bara le barali babo rōna kateng. (Bala Johanne 13:34, 35.) Kamehla re lokela ho bontša hore rea ba rata, ’me re ikemiselitse ho ba shoela. Taelo ena e ne e le sieo Molaong.—Matheu 22:39; 1 Johanne 3:16.

14 Jesu o re behetse mohlala o motle ka ho fetisisa tabeng ea ho bontša lerato leo le se nang boithati. O ne a rata barutuoa ba hae hoo a ileng a ithaopela ho ba shoela. ’Me o lebeletse hore balateli bohle ba hae ba etse se tšoanang. Kahoo, re lokela ho ikemisetsa ho mamella mahloriso, esita le ho shoela bara le barali babo rōna.—1 Bathesalonika 2:8.

LITAELO TSE RE TATAISANG HONA JOALE LE TSA NAKONG E TLANG

15, 16. Maemo a batho ba Molimo a fetohile joang, hona o ba tataisa joang hona joale?

15 Jesu o khethile “lekhoba le tšepahalang le le masene” hore le fe balateli ba hae ‘lijo ka nako e tšoanetseng.’ (Matheu 24:45-47) Lijo tsena li akarelletsa litaelo tsa bohlokoa tseo batho ba Molimo ba li fuoang ha maemo a ntse a fetoha. Maemo a rōna a ntse a fetoha joang?

16 Re phela “matsatsing a ho qetela,” ’me haufinyane re tla tobana le matšoenyeho ao ho seng a kileng a tšoana le ’ona. (2 Timothea 3:1; Mareka 13:19) Ho feta moo, Satane le bademona ba hae ba lelekiloe leholimong ’me ba liheloa lefatšeng, kahoo ba bakela batho mahlomola. (Tšenolo 12:9, 12) Re boetse re mamela taelo ea Jesu ka hore re pakele batho bohle lefatšeng ka lipuo tse sa tšoaneng!

17, 18. Re lokela ho itšoara joang ha re fuoa litaelo?

17 Mokhatlo oa Molimo o re thusa ka litsela tse ngata hore re etse mosebetsi oa boboleli. Na u latela tataiso eo o re fang eona? Ha re le libokeng, re fuoa likeletso tsa kamoo re ka atlehang ho etsa mosebetsi ona kateng. Na u nka likeletso tseo li tsoa ho Molimo?

18 E le hore Molimo a re hlohonolofatse, re lokela ho mamela litaelo tsohle tseo phutheho ea Bokreste e re fang tsona. Haeba re li mamela hona joale, re tla nolofalloa ho latela litaelo nakong ea “matšoenyeho a maholo,” ha lefatše lohle le khopo la Satane le tla be le timetsoa. (Matheu 24:21) Ka mor’a moo, ho tla hlokahala hore re latele litaelo tse ncha tse tla re kenya lefatšeng le lecha la ho loka, leo ho lona ho tla beng ho se na tšusumetso ea Satane.

Moqolo o butsoeng o holim’a lefatše

Lefatšeng le lecha, re tla fuoa meqolo e nang le litaelo tse ncha tsa hore na re phele joang Paradeiseng (Sheba serapa sa 19 le 20)

19, 20. Ho tla buloa meqolo efe, hona phello e tla ba efe?

19 Mehleng ea Moshe, Baiseraele ba ne ba hloka litaelo tse ncha, kahoo Molimo a ba fa Molao oa Moshe. Hamorao, phutheho ea Bokreste e ile ea lokela ho latela “molao oa Kreste.” Bibele e re lefatšeng le lecha re tla fuoa meqolo e nang le litaelo tse ncha. (Bala Tšenolo 20:12.) Mohlomong meqolo eo e tla hlalosa lintho tseo Jehova a batlang hore re li etse ka nako eo. Batho bohle, ho akarelletsa le ba tsositsoeng bafung, ba tla tseba hore na Molimo o batla hore ba etse’ng ha ba ntse ba ithuta meqolo ena. E tla re thusa ho ithuta ka ho eketsehileng ka monahano oa Jehova. Re tla boela re utloisise Bibele haholoanyane, kahoo Paradeiseng re tla ratana le ho hlomphana. (Esaia 26:9) Ak’u nahane hore na ke lintho tse ngata hakaakang tseo re tla ithuta tsona le ho li ruta ba bang, ha re se re tataisoa ke Morena Jesu Kreste!

20 Haeba re latela litaelo “tse ngotsoeng meqolong” ena, ’me re lula re tšepahala ho Jehova nakong ea teko ea ho qetela, o tla ngola mabitso a rōna ka ho sa feleng ‘moqolong oa bophelo.’ Re ka fumana bophelo bo sa feleng! Kahoo, re lokela HO EMA e le hore re iphe nako ea ho bala Bibele, RE SHEBE e le hore re utloisise seo e re bolellang sona, ’me RE MAMELE litaelo tseo Molimo a re fang tsona hona joale. Haeba re etsa lintho tsena, re tla pholoha matšoenyeho a maholo ’me re tla tsoela pele ho ithuta ka ho sa feleng ka Jehova Molimo oa rōna ea bohlale le ea lerato.—Moeklesia 3:11; Baroma 11:33.

TLHALOSO EA MANTSOE

  • “Molao oa Kreste”: Ke litaelo tsohle tseo Jesu a faneng ka tsona, ho akarelletsa ea ho bolela litaba tse molemo lefatšeng lohle le ea ho rata barab’abo rōna. Molao ona o ngotsoe lipelong tsa rōna ’me o re tataisa linthong tsohle. Haeba re o mamela, Jehova o tla re putsa ka bophelo bo sa feleng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela